Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 87

Tloong le Kgathollwe

Tloong le Kgathollwe

(Baheberu 10:24, 25)

  1. 1. Re phela lefatsheng le kgelohileng;

    Le sa tsebeng tsela ya Jah.

    Re hloka tataiso ya Modimo;

    Re itshetleheng ka yena.

    Diboka tsa rona di’a re kgatholla;

    Di matlafatsa tumelo.

    Di re susumelletsa ketsong tse ntle,

    Mme di matlafatsa tshepo.

    Re se tlohele taelo tsa Jehova;

    Re batla ho mo kgahlisa.

    Re fumana thupelo ya bohlokwa;

    Re tla nne re rate nnete.

  2. 2. Jehova o tseba ketso tsa rona.

    Re utlwe keletso ya hae.

    Re reke nako ya ho tla dibokeng

    Mme re tshepe lentswe la Jah.

    Banna ba tshabang Modimo wa nnete,

    Ba re ruta tsela tsa hae.

    Ka tshehetso ya barababo rona,

    Re tla nne re be tumelong.

    Re lebeletse nako tse monate,

    Moo re tla bona metswalle.

    Dibokeng tsa rona re tla fumana

    Bohlale bo tswang hodimo.