Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 95

Leseli Lea Eketseha

Leseli Lea Eketseha

(Liproverbia 4:18)

  1. 1. Baprofeta ba ne ba lakalitse

    Hore ba tsebe ka Mesia,

    Hoba o tla tšelisa batho bohle

    ’Me o se a tla re pholosa

    Hobane joale o lutse teroneng,

    O s’a qalile ho busa.

    Re thabela ho tseba taba tsena,

    Le mangeloi aa li rata.

    (K’HORASE)

    Joale tsel’a rona ea khanya

    ’Me re tsamaea leseling.

    Re bona ketso tsa Molimo

    ’Me o tla re tataisa.

  2. 2. Morena o khethile khoba la hae

    ’Me le re fa lijo ka nako.

    Lentsoe la Molimo lea re hlakela,

    Le ama lipelo tsa batho.

    Tsela tsa rona e ba tse hlakileng,

    ’Me re tsamaea leseling.

    Jah ke mohloli oa thuto ea ’nete,

    Re tla tsamaea tseleng ea hae.

    (K’HORASE)

    Joale tsel’a rona ea khanya

    ’Me re tsamaea leseling.

    Re bona ketso tsa Molimo

    ’Me o tla re tataisa.