Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 97

Lentswe la Modimo le a Phedisa

Lentswe la Modimo le a Phedisa

(Matheu 4:4)

  1. 1. Lentswe la Jah le’a phedisa,

    Re tseba nnete eo.

    Ha re hloke dijo feela,

    Re hloka le Lentswe.

    Le hona jwale re kgotsong

    Hape re thabile.

    (CHORUS)

    Ha re hloke dijo feela;

    Re hloka le Lentswe.

    Tsatsi ka leng le’a re fepa.

    Lentswe le’a phedisa.

  2. 2. Lentswe la Jah le bua ka

    Banna le basadi

    Ba tsamaileng ka tumelo

    Le ka botshepehi.

    Re’a kgothala ha re bala

    Ka mamello’a bona.

    (CHORUS)

    Ha re hloke dijo feela;

    Re hloka le Lentswe.

    Tsatsi ka leng le’a re fepa.

    Lentswe le’a phedisa.

  3. 3. Ha re bala Lentswe la Jah,

    Re tla ba le tshepo.

    O re fa bohlale ba ho

    Mamella diteko.

    Re amoheleng ’Ntswe la hae

    Mme re hole tsebong.

    (CHORUS)

    Ha re hloke dijo feela;

    Re hloka le Lentswe.

    Tsatsi ka leng le’a re fepa.

    Lentswe le’a phedisa.

(Sheba le Josh. 1:8; Bar. 15:4.)