Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 99

Bakreste-’moho le ’na ba Limilione

Bakreste-’moho le ’na ba Limilione

(Tšenolo 7:9, 10)

  1. 1. Bana beso ba bangata.

    Ba limilione.

    Kaofela ke Lipaki

    ’Me baa tšepahala.

    Re bangata haholo,

    Letšoele le matla

    Le fumanoang lichabeng tsohle.

    Re roka Jehova.

  2. 2. Re sebeletsa Jehova.

    Re bolela hohle

    “Litaba tse molemo,”

    Tse re nyakallisang.

    Re ntse re li bolela

    Leha ho le thata.

    Mora oa Jah oa re khatholla

    ’Me rea khotsofala.

  3. 3. Jehova oa re tsotella

    Hape oa re rata.

    Ha re mo sebeletsa,

    Oa re sireletsa.

    Re milione tse ngata,

    Ke tlotla e kholo

    Ha re sebetsa le Jehova

    Mosebetsing oa hae.