Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 99

Dimiriade Tsa Barabeso

Dimiriade Tsa Barabeso

(Tšenolo 7:9, 10)

  1. 1. Miriade tsa barabeso,

    Ba dimilione,

    Kaofela ke dipaki,

    Mme di’a tshepahala.

    Ke miriade tse ngata,

    Ke tshwele le matla,

    Le fumanwa ditjhabeng tsohle,

    Re roka Modimo.

  2. 2. Miriade tsa barabeso,

    Re bolela hohle

    “Ditaba tse molemo,”

    Tse tlisang nyakallo.

    Re ntse re di bolela,

    Leha ho le thata,

    Jesu o tla re fa kgathollo;

    A re fe phomolo.

  3. 3. Miriade tsa barabeso,

    Jah o’a re tsotella,

    Mme o’a re sireletsa,

    Tshebeletsong ya hae.

    Re miriade tse ngata,

    Re bolela Mmuso,

    Mme re sebetsa le Modimo,

    Leha re le batho.