Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 100

Ba Amoheleng ka Mofuthu

Ba Amoheleng ka Mofuthu

(Liketso 17:7)

  1. 1. Jehova o re amohela bohle.

    O hlokomela batho a sa kgethe.

    O ba fa letsatsi,

    hammoho le pula;

    O re kgotsofatsa dipelo.

    A re etsiseng Modimo wa rona,

    Ka hore re hlokomele ba hlokang.

    O tla buseletsa

    molemo wa rona,

    Le mosa wa rona wa nnete.

  2. 2. Ha re tsebe molemo o ka hlahang

    Ha re thusa batho ba se nang letho.

    Le bona basele,

    re ba bontshe mosa,

    Re ba bontshe rato la nnete.

    Jwaloka Lydia, ba amoheleng.

    Ba tla fumana kgotso le phomolo.

    Modimo wa rona

    o a hlokomela,

    Ha re etsisa mosa wa hae.