PINA YA 105
“Modimo ke Lerato”
-
1. Jah Modimo ke lerato;
Re tsamaye le yena.
Rata Mmopi le wa heno,
Hore tsohle di loke.
Boo ke ’phelo ba sebele;
Boo ke ’phelo ba nnete.
Re phele jwaloka Kreste,
Re phele ka lerato.
-
2. Ha re rata Jah Modimo;
Re tla rata le ba bang.
Ha re wela o’a re thusa;
Mme o’a re phahamisa.
Rato la nnete le mosa;
Le mamella ntho tsohle.
A re rataneng haholo;
Ka lerato la nnete.
-
3. Kgalefo e se o buse,
Mme e se o laole.
Kopa thuso ho Modimo,
O tla o tataisa.
Rata Mmopi le wa heno,
Ka pelo ya hao yohle.
Re rate ba bang haholo,
Re etsise Jehova.
(Sheba le Mar. 12:30, 31; 1 Bakor. 12:31–13:8; 1 Joh. 3:23.)