Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 106

A re Beng le Lerato

A re Beng le Lerato

(1 Bakorinthe 13:1-8)

  1. 1. Re rapele Modimo’a rona,

    Re bontshe makgabane a hae.

    Ke lerato le fetang tsohle

    E bile ke tholwan’a moya.

    Leha re ka ba le bokgoni,

    Ha re letho ntle ho lerato.

    Re rapella hore re bontshe

    Ba bang lerato la sebele.

  2. 2. A re batleng ditsela tsohle

    Tsa ho tswela pele re fana.

    Re hopole hore lerato

    Ha le jare batho ka pelo.

    Lerato le mamella bobe,

    Le bile le jara boima.

    Mathateng ohle re hopole,

    Lerato le ke ke la fela.