Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 111

Mabaka a ho Thaba

Mabaka a ho Thaba

(Matheu 5:12)

  1. 1. Mabaka a thabo’a mangata,

    Re nyakalletse haholo.

    Re bona ditjhaba tse ngata

    Di hlaha lefatsheng lohle.

    Pelo tsa rona di thabile,

    Ebile di nyakalletse.

    Re ithuta Ntswe la Modimo

    Hore re be le tumelo.

    Mabaka a thabo a matla

    Jwalo ka rato le tukang.

    Leha re e na le mathata,

    Jehova o tla re thusa.

    (CHORUS)

    Jehova o re fa thabo,

    Re thabela popo ya hae.

    E’a babatseha hape e’a hlolla.

    O kgabane mme o matla!

  2. 2. Re ananela popo ya hae,

    Lefatsheng le mahodimong.

    Re nyakalla ha re di bona,

    Re thoholetsa Modimo.

    A re mo pakeleng ka thabo,

    Re phatlalatseng ka Mmuso.

    Ditaba tsa tswalo ya wona,

    A re dihaseng ka thabo,

    Jwale nyakallo e haufi,

    Tsatsi leo le atametse.

    O tshepisa fatshe le letjha,

    Moo bohle re tla nyakalla.

    (CHORUS)

    Jehova o re fa thabo,

    Re thabela popo ya hae.

    E’a babatseha hape e’a hlolla.

    O kgabane mme o matla!