Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 112

Jehova ke Modimo wa Kgotso

Jehova ke Modimo wa Kgotso

(Bafilipi 4:9)

  1. 1. Mmopi ya lerato,

    O tshepisitse kgotso.

    Re kopa o re fe moya

    wa hao o halalelang.

    O tla etsa hore

    Re ratehe ho wena.

    Re tla ba metswalle ya hao

    Ha re na le tumelo.

  2. 2. Re fumana thuso

    Ha re bala Ntswe la hao.

    Le a re tataisa hape

    le a sireletsa

    Leha ho le thata

    Re kopa moya wa hao,

    Ho fihlela ha mathata

    A tla be a fedile.

  3. 3. Ba leng lehodimong,

    Hape le ba lefatsheng,

    O ba kopantse hammoho

    Ho bolela ka Mmuso.

    Ke ka moya wa hao

    Ba kopaneng hammoho

    Ho phatlalatsa ditaba

    tse molemo tsa Mmuso.