Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 115

Molimo o na le Mamello

Molimo o na le Mamello

(2 Petrose 3:15)

  1. 1. Ntat’a rona ea Matla ’Ohle,

    U Molimo ea lokileng.

    Fatše le tletse bokhopo

    Bo re utloisang bohloko.

    Batho ba bona u lieha,

    Empa ho hang ha u liehe.

    (K’HORASE)

    Re tšepile uena Ntate.

    Re rorisa lebitso la hao.

  2. 2. Ho uena lemo tse sekete

    Li lekana le letsatsi.

    Tsatsi la hao le haufi

    ’Me le ke ke la lieha.

    Ha u rate bobe ebile

    Oa thaba ha batho ba baka.

    (K’HORASE)

    Re tšepile uena Ntate.

    Re rorisa lebitso la hao.