PINA EA 117
Jehova o Molemo
-
1. Jehova Ntate oa rona,
U molemo hakaakang!
Ebile oa halalela.
Re ka u tšepa, Ntate.
U molemo linthong tsohle,
Hape oa re hauhela.
Re tla lula re’u rapela
Re be re u rorise.
-
2. Re etsa lintho tse bontšang
Kamoo u leng molemo.
Re ruta batho Bibele
’Me re itšoara hantle.
Ntho tseo u re rutang tsona
Li thusa batho bohle.
Re rapella moea oa hao
Hore re be molemo.
-
3. Ka kopo hlo’nolofatsa
Ntho tseo re li etsetsang
Bakreste-’moho le rona.
U re fe moea oa hao
’Me re ’ne re etse lintho
Tse molemo ho bohle
Ka lapeng le ka phuthehong
Le hohle moo re leng teng.
(Sheba le Pes. 103:10; Mar. 10:18; Bagal. 5:22; Baef. 5:9.)