Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 125

“Ho Thaba ba Mohau!”

“Ho Thaba ba Mohau!”

(Matheu 5:7)

  1. 1. Ntata rona Jah o mohau,

    Mohau wa hae o moholo.

    O thabiswa ke diketso

    Tse bontshang hore re mosa.

    O hauhela ba bakileng,

    O utlwa kopo tsa bona.

    O’a hopola re lerole,

    Ke ka hona a leng mohau.

  2. 2. Jesu Morena wa rona

    O itse ha re rapela

    Re re: “Re kopa tshwarelo,

    Hoba re tshwarela ba bang.”

    Ha re sa be le sekgopi,

    Re tla dula re thabile.

    Hape re tla imoloha.

    Re tla ba le kgotso pelong.

  3. 3. Ha re bontsha ba bang mohau,

    Re hopole le ho fana.

    Re se ke ra ipatlela

    Botumo kapa thoriso.

    Modimo o bona tsohle,

    Ke Yena ya tla re putsa.

    Ruri ho thaba ba mohau,

    Mahlong a Mmopi ba batle.

(Sheba le Mat. 6:​2-4, 12-14.)