Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 128

Mamella ho Isa Bofelong

Mamella ho Isa Bofelong

(Matheu 24:13)

  1. 1. Ka baka la ditshepiso

    Tsohle tsa Modimo.

    Re tla dula re mamella

    Ho fihlela qetellong.

    Ntho tseo Jah a di tshepisang,

    O tla di phethahatsa.

    Leha ho hlaha diteko,

    Dula o tshepahala.

  2. 2. Boloka lerato la hao,

    Le se ke la fela.

    Leha ho hlaha diteko,

    O mamelle ka thabo.

    Leha e ba o ka lekwa,

    O se ke wa kgeloha.

    Jah o tla re sireletsa,

    A be haufi le rona.

  3. 3. Re tla dula re mamella,

    Hore re pholoswe.

    Bitso la hao le tla hlaha

    Ka bukeng ya bophelo.

    Kahoo dula o tiile,

    O mamelle kamehla.

    Jah o tla o amohela;

    O dule o thabile.