Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 133

Sebeletsa Jehova Botjheng

Sebeletsa Jehova Botjheng

(Moeklesia 12:1)

  1. 1. Re batjha ba ratehang ho Mmopi,

    Re fa Jehova matla a rona.

    O tla re hlokomela ka tsohle,

    A re hlon’olofatse kamehla.

  2. 2. Ha re hlompha batswadi ba rona

    Ba tla bona kamoo re ikutlwang.

    Re tla ratwa ke Mmopi le batho,

    Mme re be metswalle ya Jehova.

  3. 3. A re hopoleng Modimo botjheng,

    Mme re hole leratong le nneteng.

    Ka ho sebetsa ka matla ohle

    Re tla thabisa Jehova Mmopi.

(Sheba le Pes. 71:17; Lillo 3:27; Baef. 6:1-3.)