Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 136

“Moputso o Phethahetseng” o Tswang ho Jehova

“Moputso o Phethahetseng” o Tswang ho Jehova

(Ruthe 2:12)

  1. 1. Jehova o bona ba tshepahalang

    Ho yena ka pelo yohle.

    O’a tseba hore re ka lahlehelwa

    Ha re iteletse Yena.

    Ke kahoo a re tshepisang malapa,

    Matlo le yona metswalle.

    Leha dintho tseo di o lahlehetse,

    Modimo o tla o putsa.

    (CHORUS)

    Jehova a o hlon’olofatse

    A’o fe moputso o phethahetseng.

    Jehova e be setshabelo,

    Kaha ke Modimo Ya tshepahalang.

  2. 2. Ka nako tse ding re ka iphumana

    Re imetswe ke bophelo.

    Hape re imetswe ke mesebetsi

    le mathat’a tsatsi ka leng.

    Modimo wa matshediso o tseba

    ntho tsohle tseo re di hlokang.

    O tla re tshedisa ka moya wa hae,

    metswalle le Lentswe la hae.

    (CHORUS)

    Jehova a o hlon’olofatse

    A’o fe moputso o phethahetseng.

    Jehova e be setshabelo,

    Kaha ke Modimo Ya tshepahalang.