Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 138

Botle ba ho ba Hlooho Putswa

Botle ba ho ba Hlooho Putswa

(Liproverbia 16:31)

  1. 1. Re na le ba hodileng,

    Bo hlooho putswa.

    Ba ntse ba mameletse;

    Ba tiiseditse

    Ha ba fellwa ke matla,

    Leha ba shwelwa

    Ntate, o ba tiise.

    Ba be le tshepo.

    (CHORUS)

    Ntate hle, hopola

    Tumelo’a bona.

    Mme ba kgodisehe,

    Ba “sebeditse!”

  2. 2. Moriri o moputswa

    Tseleng ya toka

    Ke moqhaka wa botle

    Ho Ntat’a rona.

    A re hopoleng hore

    E bile batjha.

    Ba entse sohle tshimong

    Ba sa le matla.

    (CHORUS)

    Ntate hle, hopola

    Tumelo’a bona.

    Mme ba kgodisehe,

    Ba “sebeditse!”