PINA YA 140
Bophelo bo sa Feleng—Qetellong!
-
1. Ka mahlo a kelello,
Na o bona kutlwano?
Ke bophelo bo se nang
Lefu le maswabi!
(CHORUS)
Bina o thabile!
Le wena o menngwe.
O tla kgotsa mme o re:
“Re fumane kgotso!”
-
2. Bohle ba tla ntjhafala,
Ba be kgotsong le Mmopi.
Dikgathatso le tshabo,
Di ke ke tsa ba teng.
(CHORUS)
Bina o thabile!
Le wena o menngwe.
O tla kgotsa mme o re:
“Re fumane kgotso!”
-
3. Bohle ba Paradeiseng
Ba tla roka Modimo.
Mme re tla mo rorisa
Ka matsatsi ohle.
(CHORUS)
Bina o thabile!
Le wena o menngwe.
O tla kgotsa mme o re:
“Re fumane kgotso!”
(Sheba le Jobo 33:25; Pes. 72:7; Tšen. 21:4.)