Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 142

Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

(Baheberu 6:18, 19)

  1. 1. Ke kgale batho ba ntse ba le lefifing

    Ba lelekisa feela la mafeela.

    Ha ho motho ya ka pholosang e mong,

    Kaha bohle ba entse sebe.

    (CHORUS)

    A re ke re bineng re thabile,

    Kaha jwale Mmuso o s’o fihlile!

    Puso’a Jesu e tla re lokolla;

    A re’i tshwarelleng tshepong ka ho tiya.

  2. 2. “Letsatsi la Modimo le atametse!”

    Ke rona ba phatlalatsang taba eo.

    Batho ha ba sa tla hweletsa ho Jah:

    ‘O tla nka kgato neng Morena?’

    (CHORUS)

    A re ke re bineng re thabile,

    Kaha jwale Mmuso o s’o fihlile!

    Puso’a Jesu e tla re lokolla;

    A re’i tshwarelleng tshepong ka ho tiya.