PINA EA 143
Sebetsang le Ntse le Letile
-
1. Jehova o matla ’ohle.
O se a tla halaletsa
Bitso la hae haufinyane.
Nako eo e haufi.
(K’HORASE)
Lulang le sebetsa le thabile,
Le lule le lebeletse
Bophelo bo sa feleng.
-
2. Joale nako e fihlile
Ea hore Mor’a Molimo,
Jesu Kreste a felise
Bohle ba mo hanyetsang.
(K’HORASE)
Lulang le sebetsa le thabile,
Le lule le lebeletse
Bophelo bo sa feleng.
-
3. Re tla lula re letile
Leha phelo bo le thata,
Hoba tsatsi la Jehova
Le se le atametse.
(K’HORASE)
Lulang le sebetsa le thabile,
Le lule le lebeletse
Bophelo bo sa feleng.
(Sheba le Mat. 25:13; Luka 12:36.)