Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 148

Jehova ke Mopholosi

Jehova ke Mopholosi

(2 Samuele 22:1-8)

  1. 1. Jehova, o re bontshitse hore o teng;

    O entse ntho tsohle

    tseo re di bonang.

    Ha ho modimo ya ka o etsisang—ha a yo.

    Dira di tla qetwa.

    (CHORUS)

    Jehova o pholosa ba tshepehang.

    Lefika le dulang le le teng kamehla.

    Ka sebete le ka tumelo,

    re rorisa Jah Modimo

    ya re pholosang,

    re’a mo roka.

  2. 2. Le haeba ke le makgatheng a lefu,

    Ke kopa o nthuse,

    ‘Ako mmatlafatse.

    O be o ntshireletse’ ka lerato

    kamehla. ‘O mpholose Ntate.’

    (CHORUS)

    Jehova o pholosa ba tshepehang.

    Lefika le dulang le le teng kamehla.

    Ka sebete le ka tumelo,

    re rorisa Jah Modimo

    ya re pholosang,

    re’a mo roka.

  3. 3. Ha o bua ntswe la hao le’a utlwahala

    Dira tsa hao tsona

    Di tla thothomela.

    Bahlanka ba hao bona

    Ba tla thaba

    kamehla.

    Ruri o’a pholosa.

    (CHORUS)

    Jehova o pholosa ba tshepehang.

    Lefika le dulang le le teng kamehla.

    Ka sebete le ka tumelo,

    re rorisa Jah Modimo

    ya re pholosang,

    re’a mo roka.