Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 1

“Ke Jehova Modimo wa Hao eo o Lokelang ho mo Rapela”

“Ke Jehova Modimo wa Hao eo o Lokelang ho mo Rapela”

MATHEU 4:10

NTLHAKGOLO: Lebaka la hore borapedi ba nnete bo tsosoloswe

1, 2. Ho tlile jwang hore Jesu a be lefeelleng la Judea ka hwetla selemong sa 29? Ho ile ha etsahalang ka yena ha a le moo? (Sheba setshwantsho se qalang.)

 KE HWETLA selemong sa 29. Jesu o lefeelleng la Judea ka leboya ho Lewatle le Shweleng. O isitswe moo ke moya o halalelang ka mora hore a kolobetswe le hore a tlotswe ka moya o halalelang. Jesu o qetile matsatsi a 40 a le mong sebakeng seo se nang le mafika le dikgohlo, a itima dijo, a rapela a bile a thuisa. E ka nna yaba nakong eo, Jehova o ne a buisana le yena a mo lokisetsa dintho tse tlo etsahala.

2 Nakong eo Jesu a seng a shwele ke tlala, Satane o tla ho yena. Ntho e tlo etsahala ka mora mona e hlahisa taba ya bohlokwa e amang wena le batho bohle ba ratang borapedi ba nnete.

“Haeba o Mora wa Modimo . . . ”

3, 4. (a) Ha Satane a leka Jesu ka makgetlo a mabedi a qalang, o ile a reng? Ha a tjho jwalo o ne a batla ho kenya Jesu maikutlo afe? (b) Satane o sebedisa maqheka a tshwanang le ao jwang mehleng ee?

3 Bala Matheu 4:1-7. Ha Satane a leka Jesu ka makgetlo a mabedi a qalang, ka bohlale o ile a bua mantswe ana: “Haeba o mora wa Modimo.” Na ke hobane a ne a belaela hore Jesu ke Mora wa Modimo? Ho hang. Satane o ne a tseba hantle hore Jesu ke Mora wa Modimo wa matsibolo hobane le yena e ne e kile ya eba mora wa Modimo. (Bakol. 1:15) Hape o ne a tseba hantle mantswe ao Jehova a ileng a a bua a le lehodimong ha Jesu a ne a kolobetswa, a reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.” (Mat. 3:17) Mohlomong Satane o ne a batla ho kenya Jesu maikutlo a hore Ntate wa hae ha a tshepahale le hore ha a mo tsotelle. Ha a ne a leka Jesu ka lekgetlo la pele ka hore a re a fetole majwe bohobe, ha e le hantle Satane o ne a re: ‘Haeba o Mora wa Modimo, ke hobaneng ha a sa o fepe lefeelleng lee le se nang letho?’ Ha a ne a mo leka ka lekgetlo la bobedi ka hore a re a itihele fatshe a le hodima tora ya tempele, ho ne ho tshwana le ha eka o re ho Jesu: ‘Ka ha o Mora wa Modimo, na o fela o mo tshepa hore o tla o sireletsa?’

4 Le mehleng ena Satane o sebedisa maqheka a tshwanang. (2 Bakor. 2:11) O lalla barapedi ba nnete ha ba nyahame kapa ba se na matla ebe o a ba hlasela, hangata a bile a ikgakantse. (2 Bakor. 11:14) O leka ho re qhekella ka ho re kenya maikutlo a hore ha ho mohla Jehova a tla re rata kapa ho re amohela. Hape Satane o batla hore re dumele hore Jehova ha a tshepahale le hore a ke ke a phethahatsa ditshepiso tsa hae tse ka Bibeleng. Ao ke mashano a matala! (Joh. 8:44) Keng e tla re thusa hore re se ke ra a kgolwa?

5. Jesu o ile a araba Satane jwang ditekong tse pedi tsa pele?

5 Hlokomela hore na Jesu o ile a araba Satane jwang ditekong tse pedi tsa pele. Jesu o ne a sa belaele hore Ntate wa hae o a mo rata ebile o ne a mo tshepa ka ho felletseng. O ile a hanyetsa Satane a sa hlathe kwana le kwana a sebedisa Lentswe la Ntate wa hae. Ke ntho e utlwahalang hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a qotsa mangolo a nang le lebitso la Jehova. (Deut. 6:16; 8:3) Taba ya hore ebe Jesu o ile a sebedisa lebitso la Ntate wa hae e ne e bontsha hore o a mo tshepa hobane lebitso leo le bolela hore Jehova o tla phethahatsa ditshepiso tsohle tsa hae. a

6, 7. Re ka hlola maqheka a Satane jwang?

6 Re ka hlola maqheka a Satane ka hore re tshepe Lentswe la Jehova le ka hore re dule re nahana ka hore na lebitso leo le bolelang. Mangolo a re bolella hore Jehova o rata barapedi ba hae, ho akareletsa le ba nyahameng. Haeba re ikgodisa hore Mangolo ao a bua le rona, re tla hlokomela hore Satane o leshano ha a re ha ho mohla Jehova a tla re rata le ho re amohela. (Pes. 34:18; 1 Pet. 5:8) Ha re dula re hopola hore Jehova o dula a etsa dintho tse dumellanang le hore na lebitso la hae le bolelang, re tla mo tshepa ka hohlehohle hobane re kgodisehile hore o phethahatsa ditshepiso tsa hae.—Diprov. 3:5, 6.

7 Ha e le hantle, morero o ka sehloohong wa Satane ke ofe? Hantlentle ke eng eo a e batlang ho rona? Teko ya boraro eo Satane a ileng a leka Jesu ka yona e araba dipotso tsena.

‘Kgumama o Nthapele’

8. Ha Satane a leka Jesu ka lekgetlo la boraro, o ile a bontsha jwang hore na hantlentle o batlang?

8 Bala Matheu 4:8-11. Ha Satane a leka Jesu ka lekgetlo la boraro, o ile a tlohela ho potapota, a hlakisa hore na hantlentle o batlang. Ho ka etsahala hore ebe Satane o ile a bontsha Jesu pono ya “mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona” empa a se ke a mo bontsha bobodu ba yona. Ka mora moo, a re ho Jesu: “Ke tla o fa dintho tsena kaofela ha o ka kgumama wa nthapela.” b Ntho eo Satane a neng a hlile a e batla ke ho rapelwa. Satane o ne a batla hore Jesu a lahle Ntate wa hae ebe o nka yena e le modimo wa hae. Ho ka bonahala eka Satane o ne a nolofalletsa Jesu bophelo. O ne a fana ka maikutlo a hore Jesu a ka busa lefatshe a ba a inkela maruo a lona ho sa hlokahale hore a utlwe bohloko pele. Ho ne ho ke ke ha hlokahala hore a rweswe korone ya meutlwa, a shapuwe le ho kgokgothelwa palong. Teko ena e ne e se mmantlwane. Jesu ha a ka a hana hore Satane o laola mebuso ya lefatshe. (Joh. 12:31; 1 Joh. 5:19) Ho hlakile hore Satane o ne a ikemiseditse ho tela eng kapa eng hore a kgelose Jesu e le hore a kgaotse ho rapela Ntate wa hae.

9. (a) Hantlentle Satane o batla hore barapedi ba nnete ba etseng, hona o etsang ho re tjheha? (b) Borapedi ba rona bo akareletsang? (Sheba lebokose le reng “Borapedi ke Eng?”)

9 Le mehleng ena, ha ho na letho leo Satane a le batlang haese hore re rapele yena, ebang re a hlokomela kapa ha re hlokomele. Satane ke “modimo wa lefatshe lena.” Ka lebaka leo, batho bohle ba madumeding a bohata ao e leng karolo ya Babilona e Moholo ba rapela yena. (2 Bakor. 4:4) Empa ka ha ha a kgotsofalla batho ba dibilione ba mo rapelang ba le madumeding a bohata, o kgelosa barapedi ba nnete hore ba etse dintho tse kgahlanong le thato ya Modimo. O leka ho re tjheha ka ho etsa hore re batle ho rua le ho ba matla lefatsheng lena, ho ena le hore re phele ka tsela e kgahlisang Modimo e ka nnang ya etsa hore re utlwe bohloko ‘hobane re etsa dintho tse lokileng.’ (1 Pet. 3:14) Haeba re ne re ka mo dumella hore a re pitle ebe re ba karolo ya lefatshe la hae yaba re tlohela borapedi ba nnete, ho ne ho tla tshwana le ha eka re kgumamela Satane, re a mo rapela ebile re mo etsa modimo wa rona. Re ka hlola teko eo jwang?

10. Jesu o ile a reng ha Satane a mo leka ka lekgetlo la boraro, hona hobaneng?

10 Hlokomela hore na Jesu o ile a reng ha Satane a mo leka ka lekgetlo la boraro. O ile a bontsha hore o tshepahalla Jehova ka hore hanghang a re: “Tloha Satane!” O ile a boela a etsa ntho e tshwanang le eo a ileng a e etsa ditekong tse pedi tse fetileng, a qotsa lengolo la Deuteronoma le nang le lebitso la Modimo a re: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.’” (Mat. 4:10; Deut. 6:13) Mantswe ana ao Jesu a a buileng a bontsha hore ha a ka a kgalla bophelo bo se nang mathata le botumo empa botumo boo e le ba nakwana. Jesu o ne a utlwisisa hore ke Ntate wa hae feela ya lokelang ho rapelwa le hore haeba a ne a ka rapela Satane esita le hanngwe feela, ho ne ho tla tshwana le ha a etsa Satane modimo wa hae. Jesu o ile a ema a tiile, a hana ho etsa Satane modimo wa hae. Ka ha Jesu o ile a hana ho mo mamela, Diabolose o ile “a mo tlohela.” c

“TLOHA SATANE!” (Sheba serapa sa 10)

11. Re ka etsang ho hanyetsa Satane le ho qoba ho wela melekong ya hae?

11 Re ka kgona ho hanyetsa Satane le ho qoba ho wela melekong ya lefatshe la hae le senyehileng hobane re tshwana le Jesu ka hore re kgona ho iketsetsa diqeto. Jehova o re file monyetla o ikgethang e leng bolokolohi ba ho iketsetsa diqeto. Ha ho motho le ya mong ya ka re qobellang ho tlohela borapedi ba nnete ho akareletsa le modemona ya matla ya kang Satane. Ha re tshepahalla Jehova mme re ‘hanyetsa [Satane] ka hore re be le tumelo e matla,’ ho tshwana le ha le rona re re: “Tloha Satane!” (1 Pet. 5:9) O hopole hore ka mora hore Jesu a hanyetse Satane ka matla, Satane o ile a mo tlohela. Le rona Bibele e a re tshepisa e re: “Le hanyetse Diabolose mme o tla le baleha.”—Jak. 4:7.

Re ka hlola diteko tsa lefatshe la Satane (Sheba serapa sa 11 le 19)

Motho ya Hloileng Borapedi ba Nnete

12. Satane o ile a bontsha jwang hore o hloile borapedi ba nnete ha a le serapeng sa Edene?

12 Teko ya boraro eo Satane a ileng a leka Jesu ka yona e ile ya bontsha hore ke yena wa pele wa ho hloya borapedi ba nnete. Dilemo tse dikete le pele a leka Jesu, ha a le serapeng sa Edene o ile a bontsha ka lekgetlo la pele hore o hloile borapedi ba Jehova. O ile a thetsa Eva yaba Eva o susumeletsa Adama ho tlola molao wa Jehova. Ka ho etsa jwalo, o ne a ba busa le ho ba laola. (Bala Genese 3:1-5; 2 Bakor. 11:3; Tshen. 12:9) Ho bua nnete feela, Satane e ile ya eba modimo wa bona mme bona ya eba barapedi ba hae, le hoja e ka nna yaba ba ne ba sa tsebe hore na ke mang ya ba kgelosang. Hape taba ya hore Satane o qadile borabele Edene e ne e bontsha hore o kgahlanong le puso ya Jehova le hore o nka Jehova a se na tokelo ya ho busa. E boetse e bontsha hore o hlasela borapedi ba nnete. Jwang?

13. Borapedi ba nnete bo kenella jwang tabeng ya puso?

13 Taba ya puso e ama borapedi ba nnete. Jehova Morena wa nnete ya ‘bopileng dintho tsohle’ ke yena feela eo re tshwanelang ho mo rapela. (Tshen. 4:11) Ha Jehova a qeta ho bopa Adama le Eva ba phethahetse, o ile a ba beha serapeng sa Edene. Morero wa Hae e ne e le hore lefatshe le tlale batho ba phethahetseng ba mo sebeletsang ka ho rata ebile ba mo rapela ka dipelo tsohle. (Gen. 1:28) Satane o ile a lwantsha puso ya Jehova hobane a ne a kgaletse borapedi bo lokelang ho lebiswa ho Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle feela.—Jak. 1:14, 15.

14. Hlalosa hore na Satane o ile a atleha ha a ne a leka ho hlasela borapedi ba nnete.

14 Na Satane o ile a atleha ha a ne a leka ho hlasela borapedi ba nnete? O kgonne ho etsa hore Adama le Eva ba furalle Modimo. Ho tloha ka nako eo, esale Satane a hlasela borapedi ba nnete, a leka ka hohlehohle ho etsa hore batho ba bangata ba furalle Jehova Modimo. Haesale Satane a leka barapedi ba Jehova le pele ho mehla ya Bakreste. Ka mora hore baapostola ba shwe, Satane ka bokgopo bohle o ile a etsa hore ho be le bakwenehi ba ileng ba senya phutheho ya Bokreste yaba qetellong ho bonahala eka ho fedile ka borapedi ba nnete. (Mat. 13:24-30, 36-43; Dik. 20:29, 30) Ka mora selemo sa 100, Bakreste ba nnete ba ile ba qeta nako e telele e le makgoba a Babilona e Moholo, mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. Le ha ho le jwalo, Satane ha a atleha ho thibela Modimo ho tlatsa lefatshe lohle ka borapedi ba nnete ebile ha ho na letho le ka sitisang Modimo hore a phethahatse morero oo wa hae. (Esa. 46:10; 55:8-11) Jehova o etsa dintho tse dumellanang le seo lebitso la hae le se bolelang hobane lebitso la hae le a ameha tabeng ena. Ha ho le ka mohla Jehova a hlolehang ho phethahatsa merero ya hae.

Motho ya Emelang Borapedi ba Nnete

15. Jehova o ile a ahlola marabele a Edene jwang le ho etsa bonnete ba hore morero wa hae o a atleha?

15 Jehova o ile a nkela marabele a Edene kgato hanghang e le hore a etse bonnete ba hore morero wa hae o a phethahala. (Bala Genese 3:14-19.) Nakong eo Adama le Eva ba ntseng ba le serapeng sa Edene, Jehova o ile a ahlola marabele ao a mararo a qala ka hore na ke mang ya entseng sebe pele. O ile a qala ka Satane, a ya ho Eva yaba o qetella ka Adama. Ha Jehova a ne a bua le Satane enwa eo Adama le Eva ba neng ba sa mo bone le ho mo bona, o ile a profeta hore ho tla ba le “ngwana” ya tla fedisa mathata ohle a borabele boo Satane a bo qadileng. “Ngwana” eo o ne a tla phetha karolo ya bohlokwa ya ho etsa hore morero wa Jehova ka borapedi ba nnete o phethahale.

16. Jehova o ile a etsang hore morero wa hae o phethahale le ka mora borabele ba Edene?

16 Haesale Jehova a sebetsa ka thata hore morero wa hae o phethahale le ka mora hore ho be le borabele Edene. Ho na le dintho tseo a ileng a di etsa e le hore batho ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang jwalo ka ha re tla bona kgaolong e latelang. (Baheb. 11:4–12:1) O ile a boela a susumetsa bangodi ba Bibele ba kang Esaia, Jeremia le Ezekiele hore ba ngole boprofeta bo thabisang bo bontshang hore na borapedi ba nnete bo tla tsosoloswa jwang. Ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete ke yona ntlhakgolo ya molaetsa wa Bibele. Boprofeta boo bo ne bo tla phethahatswa ke “ngwana,” e leng Jesu Kreste. (Bagal. 3:16) Jesu o ile a bontsha ka ho hlaka hore o emela borapedi ba nnete ha a ne a araba Satane ha a mo leka ka lekgetlo la boraro. Jesu ke yena eo Jehova a mo kgethileng ho phethahatsa boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete. (Tshen. 19:10) O ne a tla lopolla batho ba Modimo hore e se ke ya hlola e eba makgoba a borapedi ba bohata ebe o kgutlisetsa borapedi ba nnete madulong.

O Tla Etsang?

17. Ke hobaneng ha re rata boprofeta bo ka Bibeleng bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete?

17 Ho hlahloba boprofeta bo ka Bibeleng bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete ho a thabisa ebile ho re matlafatsa tumelo. Re rata boprofeta boo haholo hobane re labalabela nako eo ka yona bohle ba lehodimong le lefatsheng ba tla be ba rapela Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle feela. Ntle ho moo, boprofeta bona bo re fa tshepo hobane bo na le tse ding tsa ditshepiso tse thabisang tse ka Lentsweng la Modimo. Na ho na le motho ya ka reng ha a tatela ho bona ha ditshepiso tsa Jehova di phethahala, tse kang ho tsoswa ha batho bao re ba ratang, ho bona ha lefatshe e se e le paradeise ebile re phela ka ho sa feleng re sa kule?—Esa. 33:24; 35:5, 6; Tshen. 20:12, 13; 21:3, 4.

18. Re tlo hlahloba eng bukeng ee?

18 Bukeng ena re tlo hlahloba boprofeta bo monate bo hlahang bukeng ya Ezekiele. Boholo ba boprofeta boo bo bua ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete. Re tlo bua ka hore na boprofeta ba Ezekiele bo amana jwang le boprofeta bo bong bo ka Bibeleng, hore na Kreste o tla sebediswa jwang ho bo phethahatsa le hore na bo re ama jwang.—Sheba lebokose le reng “Kakaretso ya Ezekiele.”

19. O ikemiseditse ho etsang, hona hobaneng?

19 Ha Jesu a le lefeelleng la Judea ka selemo sa 29, Satane o ile a hloleha ho etsa hore a tlohele borapedi ba nnete. Empa na rona o tla re tlohela? Satane o ikemiseditse le ho feta ho re suthisetsa hole le borapedi ba nnete. (Tshen. 12:12, 17) E se eka buka ena e ka etsa hore re ikemisetse ho hanyetsa Diabolose Moleki ya kgopo. Hape e se eka re ka bontsha ka mantswe le ka diketso hore re dumellana ka botlalo le mantswe a reng: “Ke Jehova Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela.” Ha re etsa jwalo, re tla ba le monyetla wa ho bona ha morero wa Jehova o moholo o phethahala. Re tla bona ha bohle lehodimong le lefatsheng ba rapela Jehova ha mmoho ka tsela e nepahetseng ebile e le ka dipelo tsohle, e leng yona ntho e mo tshwanelang.

a Batho ba bang ba dumela hore lebitso Jehova le bolela “O Etsa Hore ho Be.” Tlhaloso eo e tshwanela Jehova hobane ke Mmopi ebile o phethahatsa merero yohle ya hae.

b Ha buka e nngwe e hlalosang ditaba tsa Bibele e bua ka mantswe a Satane, e re: “Boemong bona ntho e amehang ke hore na motho o kgetha ho etsa thato ya Modimo kapa ya Satane. Kgetho eo a tla e etsa e a bontsha hore na o batla ho rapela Modimo kapa Satane. Taba ena e ne e ntse e ameha le tekong ya pele e hlahang ka Bibeleng e ileng ya hlola Adama le Eva. Ho hlakile hore Satane o iketsa modimo ebile o batla ho nkela Modimo wa nnete sebaka.”

c Kosepeleng ya Luka, diteko tse tharo tsa Satane ha di a ngolwa ka tatellano empa bukeng ya Matheu teng ho bonahala di ngotswe ka tatellano. Ho entswe jwalo ka mabaka ana a mararo: (1) Bukeng ya Matheu moo ho buuwang ka teko ya bobedi, ho qadilwe ka lentswe la Segerike le bolelang “yaba” e leng ntho e bontshang hore teko ena e ne e tla ka mora ya pele. (2) Makgetlong a mabedi a pele ha Satane a leka Jesu, o ile a tla ho yena a ikgakantse a qala ka mantswe a reng, “Haeba o mora wa Modimo.” Ka hoo, ho a utlwahala hore diteko tsena tse pedi di ne di ka hlahlangwa ke ena ya boraro moo Satane a seng a mo toba ka ho mo leka hore a tlole molao wa Modimo. (Ex. 20:2, 3) (3) Ka mora hore Satane a leke Jesu ka lekgetlo la boraro, Jesu o ile a re: “Tloha Satane!” Ke ntho e utlwahalang hore Jesu o ne a ka bua mantswe ao hobane e ne e se e le lekgetlo la ho qetela Satane a mo leka.—Mat. 4:5, 10, 11.