Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 2

“Molimo o Ile a Amohela” Limpho Tsa Bona

“Molimo o Ile a Amohela” Limpho Tsa Bona

BAHEBERU 11:4

NTLHA-KHOLO: Tsela eo Jehova a ’nileng a hlophisa borapeli ba ’nete ka eona

1-3. (a) Re tl’o araba lipotso life? (b) Re tl’o bua ka lintho life tse ’nè tsa bohlokoa tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete? (Sheba setšoantšo se qalang.)

 ABELE o lisitse mohlape. Haesale a hlokomela liphoofolo tsena ka lerato ho tloha ha li qeta ho hlaha. Joale ke eo o khetha tse ling ka hloko, oa li hlaba ebe o li fa Molimo e le mpho. Na Jehova o tla amohela sehlabelo see seo a se etsetsoang ke motho ea sa phethahalang?

2 Ha moapostola Pauluse a ngola ka Abele o ile a re: “Molimo o ile a amohela limpho tsa hae.” Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a amohela mpho ea Kaine. (Bala Baheberu 11:4.) Taba ena e etsa hore re ipotse lipotso tsena: Ke hobane’ng ha Molimo a ile a amohela mpho ea Abele empa a sa ka a amohela ea Kaine? Re ka ithuta’ng ho Kaine, Abele le ba bang bao ho buuoeng ka bona ho Baheberu khaolo ea 11? Likarabo tsa lipotso tsena li tla re thusa hore re utloisise hore na hantle-ntle ke’ng e hlokahalang borapeling ba ’nete.

3 Ha re ntse re hlahloba kakaretso e khutšoanyane ea lintho tse etsahetseng ho tloha mehleng ea Abele ho tla fihla mehleng ea Ezekiele, hlokomela lintlha tsena tse ’nè tse etsang hore borapeli e be bo amohelehang ho Molimo: (1) Motho ea lokelang ho rapeloa ke Jehova, (2) borapeli e lokela ho ba ba boleng bo phahameng, (3) mokhoa oa borapeli e lokela ho ba o amoheloang ke Molimo, (4) motho o lokela ho ba le sepheo se setle.

Ke Hobane’ng ha Jehova a sa ka a Amohela Borapeli ba Kaine?

4, 5. Ke’ng e entseng hore Kaine a etse qeto ea hore o lokela ho rapela Jehova?

4 Bala Genese 4:2-5. Kaine o ne a tseba hore motho eo a lokelang ho mo rapela ke Jehova. O ne a e-na le menyetla e mengata le nako e ngata ea ho ithuta ka Jehova. Mohlomong eena le ngoan’abo Abele ba ne ba le lilemo li ka bang 100 ha ba fa Jehova limpho. a Le hoja ba hotse ba tseba serapa sena se setle sa Edene, ho ka etsahala hore ebe ba ne ba se bonela hojana. Mohlomong ba ne ba bile ba bona likerubime tse thibileng tsela e kenang ho sona. (Gen. 3:24) Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba bona ba ile ba ba bolella hore Jehova ke eena ea bopileng lintho tsohle le hore morero oa hae ka bophelo o ne o fapane hole le bophelo boo ba bo phelang, e leng bophelo bo lebisang lefung. (Gen. 1:24-28) Ho ka etsahala hore ebe Kaine o ne a batla ho fa Molimo mpho hobane a ne a tseba ka lintho tsena kaofela.

5 E ka ’na eaba ke eng hape e ileng ea etsa hore Kaine a batle ho fa Jehova mpho? Jehova o ne a boletse esale pele hore ho tla hlaha “ngoana” ea tla khoba “noha” hlooho, e leng eona e ileng ea thetsa Eva hore a etse sebe se seholo. (Gen. 3:4-6, 14, 15) Kaha Kaine e ne e le mora oa letsibolo, e ka ’na eaba o ne a nahana hore ke “ngoana” eo. (Gen. 4:1) Ho ekelletsa moo, Jehova o ne a ntse a tsoela pele ho bua le batho bao ba baetsalibe hobane le ka mor’a hore Adama a etse sebe, o ile a ’na a bua le eena a sebelisa lengeloi. (Gen. 3:8-10) Hape Jehova o ile a bua le Kaine ka mor’a hore a fane ka mpho ea hae. (Gen. 4:6) Kaine o ne a tseba hantle hore Jehova ke eena ea lokelang ho rapeloa.

6, 7. Hlalosa hore na ho ne ho e-na le ntho e phoso ka boleng ba mpho ea Kaine kapa mokhoa oo a faneng ka mpho ea hae ka oona.

6 Joale ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a amohela mpho ea Kaine? Na ho ne ho e-na le ntho e phoso ka boleng ba mpho ea hae? Bibele ha e re bolelle. E re bolella feela hore Kaine o ile a fana ka “lijo tse tsoang masimong.” Molao oo Jehova a ileng a o fa Moshe hamorao o ile oa bontša hore o amohela limpho tsa mofuta oo. (Num. 15:8, 9) Hape hopola hore mehleng eo, batho ba ne ba ja meroho feela. (Gen. 1:29) Kaha Molimo o ne a itse sebaka se ka thoko ho Edene se ke ke sa e-ba le mobu o motle, Kaine o ile a lokela ho sebetsa ka thata pele a fana ka mpho ea hae. (Gen. 3:17-19) Le hoja Kaine a ile a sebetsa ka thata ho hlahisa lijo tse ntle, Jehova ha aa ka a amohela mpho ea hae.

7 Na ho ne ho e-na le ntho e phoso ka mokhoa oo Kaine a faneng ka mpho ea hae ka oona? Ha ho bonahale eka Kaine o ile a fana ka mpho ka tsela eo Jehova a sa e amoheleng. Re cho joalo hobane ha Jehova a sa amohele mpho ea Kaine, ha aa ka a nyatsa mokhoa oo mpho e neng e fanoe ka oona. Ha e le hantle, ha ho na moo ho buuoang ka hore na Kaine le Abele ba ile ba fana ka limpho tsa bona joang. Joale bothata bo ne bo le hokae?

Sepheo sa Kaine se ne se le sebe (Sheba serapa sa 8 le 9)

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a amohela Kaine kapa mpho ea hae? (b) Ke’ng e ikhethang ka boitsebiso boo Bibele e faneng ka bona ka Kaine le Abele?

8 Mantsoe ao Pauluse a a ngoletseng Baheberu a bontša hore sepheo sa Kaine se ne se se setle. Kaine o ne a se na tumelo. (Baheb. 11:4; 1 Joh. 3:11, 12) Ke lona lebaka le entseng hore Jehova a se ke a amohela Kaine ka boeena, eseng mpho ea hae feela. (Gen. 4:5-8) Jehova o ile a leka ho thusa mora enoa oa hae hobane ke Ntate ea lerato. Empa Kaine ha aa ka a amohela thuso eo ea Jehova. Kaha Kaine ha aa ka a mamela ha Jehova a mo thusa ho fetola mekhoa ena ea hae e mebe, o ile a fetella. (Bagal. 5:19, 20) Pelo e mpe ea Kaine e entse hore le mahlabelo ao a neng a a etselitse Jehova e be a lefeela. Mohlaleng oa Kaine re ithuta hore Jehova ha a khahloe feela ke seo re se etsang empa o batla hore re se etse ka pelo eohle.

9 Bibele e re bolella lintho tse ngata ka Kaine. Re bona ha Jehova a bua le eena, re bala likarabo tsa hae, re ithuta mabitso a bana ba hae le lintho tse ling tseo ba li entseng. (Gen. 4:17-24) Ha e le Abele eena, ha ho na moo Bibele e reng o ile a ba le bana ebile ha e re bolelle lintho tseo a ileng a li bua. Leha ho le joalo, le mehleng ena re ntse re ithuta linthong tseo Abele a ileng a li etsa. Ka tsela efe?

Abele o Bontšitse Hore na Jehova o Lokela ho Rapeloa Joang

10. Re ithuta’ng ho Abele ka borapeli ba ’nete?

10 Ha Abele a etsetsa Jehova mpho, o ne a tseba hore motho ea lokelang ho amohela mpho eo ke Jehova feela. Boleng ba mpho ea Abele e ne e le bo ikhethang, o ne a khethile “matsibolo a liphoofolo tsa hae.” Ha ho na moo ho buuoang ka hore na o ile a fana ka mpho ea hae aletareng kapa che empa Jehova o ne a se na bothata le mokhoa oo ka oona a ileng a fana ka eona. Ntho e ikhethang ka mpho ea Abele ke sepheo sa hae sa ho fana ka eona. Le hoja ho se ho fetile lilemo tse likete tse tšeletseng a fane ka mpho eo ea hae, re ntse re ithuta mohlaleng oa hae le kajeno. Abele o fane ka mpho ea hae hobane a ne a e-na le tumelo ho Molimo ebile a rata melao ea hae e lokileng. Re tseba joang?

Abele o ile a etsa lintho tse ’nè tsa bohlokoa tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete (Sheba serapa sa 10)

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re Abele o lokile?

11 A re ke re bueng pele ka hore na Jesu o ile a re’ng ha a bua ka Abele, monna eo a neng a mo tseba hantle. Ha Abele a phela, Jesu o ne a se a ntse a le teng leholimong ’me o ne a rata mora enoa oa Adama haholo. (Liprov. 8:22, 30, 31; Joh. 8:58; Bakol. 1:15, 16) Ha Jesu a ne a hlalosa hore Abele ke monna ea lokileng, o ne a bua ka ntho eo a e tsebang hantle hobane o ne a mo tseba. (Mat. 23:35) Motho ea lokileng ke ea lumelang hore ke Jehova ea lokelang ho beha melao ea hore na ke lintho life tse nepahetseng le tse fosahetseng. Ha a felle moo feela. Lintho tseo a li etsang le tseo a li buang lia bontša hore o rata melao eo. (Bapisa le Luka 1:5, 6.) Ho nka nako hore motho a nkoe a lokile. E leng hore le pele Abele a fa Molimo mpho ea hae, e tlameha ebe o ne a phela ka tsela e bontšang hore o rata melao ea Jehova. Ho hlakile hore ho phela ka tsela eo ho ne ho se bonolo. Kaine o ne a se a le khopo haholo, kahoo ho ka etsahala hore ebe o ne a sa thuse ngoan’abo hore a rate Jehova. (1 Joh. 3:12) ’Mè oa Abele ha aa ka a mamela taelo e tobileng ea Molimo. Ntate oa hae le eena o ile a itaola a batla ho iketsetsa qeto ea hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng. (Gen. 2:16, 17; 3:6) Sebete sa Abele sea tsoteha hobane o ile a batla ho phela bophelo bo fapaneng hole le boo ba lelapa labo ba neng ba bo khethile!

12. Ntho ea bohlokoa e neng e etsa hore Kaine le Abele ba fapane ke efe?

12 Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a amahanya tumelo le ho loka joang. O ile a re: “Kaha Abele o ne a e-na le tumelo, o ile a etsetsa Molimo sehlabelo sa boleng bo phahameng ho feta sa Kaine. Ka lebaka la tumelo eo, o ile a fuoa bopaki ba hore o lokile.” (Baheb. 11:4) Mantsoe a Pauluse a ne a bontša hore ho fapana le Kaine, haesale Abele a e-na le tumelo e matla ho Jehova bophelo bohle ba hae ebile a rata tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona.

13. Re ithuta’ng ho Abele?

13 Mohlaleng oa Abele re ithuta hore re lokela ho rapela Jehova ka sepheo se setle, e leng hore re lokela ho lumela ho Jehova ka pelo eohle le hore re rate melao ea hae. Ho ekelletsa moo, ha hoa lekana ho rapela Jehova ka tsela e nepahetseng hanngoe feela empa re lokela ho mo rapela ka tsela e nepahetseng bophelo bohle ba rona.

Lihlooho Tsa Malapa li Etsisa Abele

14. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amohela limpho tse fanoeng ke Noe, Abrahama le Jakobo?

14 Abele e ne e le motho oa pele oa moetsalibe ea ileng a rapela Jehova ka tsela e nepahetseng empa e ne e se oa ho qetela. Moapostola Pauluse o bua ka batho ba bang ba ileng ba rapela Jehova ka tsela e nepahetseng, e leng Noe, Abrahama le Jakobo. (Bala Baheberu 11:7, 8, 17-21.) E mong le e mong oa bona o kile a etsetsa Jehova sehlabelo se amohelehang. Jehova o ile a amohela limpho tsa bona hobane ba ile ba etsa lintho tsohle tsa bohlokoa tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete eseng hanngoe feela. A re bueng ka hore na ba ile ba etsa’ng.

Mahlabelo a Noe a ne a bontša hantle hore na o sebeletsa mang (Sheba serapa sa 15 le 16)

15, 16. Noe o ile a etsa lintho life tsa bohlokoa tse ’nè tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete?

15 Noe o phetse lilemo tse 126 ka mor’a hore Adama a shoe. Leha ho le joalo, lefatše le ne le se le senyehile ke borapeli ba bohata. b (Gen. 6:11) Pele ho Moroallo, har’a batho bohle ba neng ba phela lefatšeng, ke Noe le lelapa la hae feela ba neng ba sebeletsa Jehova ka tsela eo a e amohelang. (2 Pet. 2:5) Ka mor’a hore Noe a pholohe Moroallo, o ile a ikutloa a tlameha ho hahela Jehova aletare e le hore a mo etsetse mahlabelo ’me ke eona aletare ea pele eo ho buuoeng ka eona ka Bibeleng. Ntho eo Noe a ileng a e etsa e ile ea bontša lelapa la hae le batho bohle ba neng ba tla tsoaloa ke eena hore ke Jehova feela ea lokelang ho rapeloa. Ha a ne a khetha liphoofolo tseo a neng a tl’o etsetsa Jehova mpho ka tsona, o ile a “nka liphoofolo tse ling ho tsohle tse hloekileng le libopuoa tse ling ho tsohle tse fofang tse hloekileng.” (Gen. 8:20) Liphoofolo tsena e ne e le tsa boleng bo holimo haholo hobane Jehova ke eena ea neng a itse li hloekile.—Gen. 7:2.

16 Noe o ile a nyehela mahlabelo ana holim’a aletare eo a e hahileng. Jehova o ile a amohela mokhoa ona oa borapeli. Bibele e re Jehova o ile a utloa monko o monate oa nyehelo ea Noe ’me o ile a mo hlohonolofatsa le bara ba hae. (Gen. 8:21; 9:1) Leha ho le joalo, ntho e ka sehloohong e entseng hore Jehova a amohele mpho ea Noe ke sepheo sa hae sa ho e fana. Linyehelo tseo Noe a ileng a li etsa li ne li bontša hore o lumela ho Jehova ka pelo eohle ebile o rata melao ea hae. Bibele e re “Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete” hobane o ne a lula a mamela Jehova a bile a hlompha melao ea hae. Ka lebaka leo, Noe o ile a tuma ka hore ke monna ea lokileng.—Gen. 6:9; Ezek. 14:14; Baheb. 11:7.

17, 18. Abrahama o ile a etsa lintho life tsa bohlokoa tse ’nè tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete?

17 Abrahama o ne a lula sebakeng seo ho nang le batho ba rapelang melimo ea bohata. Motseng oa Abrahama oa Ure ho ne ho e-na le tempele e hlaheletseng moo ho neng ho rapeloa molingoana oa khoeli ea bitsoang Nanna. c Le ntate oa Abrahama ho na le nako eo a neng a rapela melingoana ena ea bohata. (Josh. 24:2) Leha ho le joalo, Abrahama o ile a khetha ho sebeletsa Jehova. Ho ka etsahala hore ebe o ile a ithuta ka Molimo oa ’nete ho mora e mong oa Noe ea bitsoang Sema. Abrahama o ne a e-na le lilemo tse 150 ha Sema a hlokahala.

18 Ha Abrahama a ntse a phela o entse mahlabelo ka makhetlo a mangata. Empa mahlabelo ana kaofela ao a neng a a etsa o ne a a etsetsa Jehova e leng eena feela ea lokelang ho rapeloa. (Gen. 12:8; 13:18; 15:8-10) Na Abrahama o ne a ikemiselitse ho fa Jehova mpho ea boleng bo holimo? Ho joalo hobane o ile a ba a ea boholeng ba hore a ikemisetse ho fana ka mora oa hae eo a mo ratang, Isaka. Nakong eo Abrahama a neng a e’o etsa sehlabelo ka mora oa hae, Jehova o ile a mo bolella hantle hore na a etse sehlabelo sa hae ka mokhoa ofe. (Gen. 22:1, 2) Abrahama o ne a ikemiselitse ho latela taelo eo ea Jehova hantle e le joalo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a thiba Abrahama hore a se ke a bolaea mora oa hae. (Gen. 22:9-12) Jehova o ile a amohela borapeli ba Abrahama hobane bo ne bo etsoa ke motho ea nang le sepheo se setle. Pauluse o ile a ngola a re: “Abrahama o ile a bontša tumelo ho Jehova ’me a nkoa e le motho ea lokileng.”—Bar. 4:3.

Jakobo o bontšitse lelapa la hae hore na Jehova o lokela ho rapeloa joang (Sheba serapa sa 19 le 20)

19, 20. Jakobo o ile a etsa lintho life tsa bohlokoa tse ’nè tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete?

19 Jakobo o ile a qeta nako e ngata a phela Kanana, e leng naha eo Jehova a ileng a e tšepisa Abrahama le litloholo tsa hae. (Gen. 17:1, 8) Naha ea Kanana e ne e tletse bolumeli ba bohata hoo Jehova a ileng a re batho ba teng “ba tla lelekoa naheng ea bona.” (Lev. 18:24, 25) Jakobo o ile a tloha Kanana ha a le lilemo li 77, a nyala eaba hamorao o khutla a se a e-na le lelapa le leholo. (Gen. 28:1, 2; 33:18) Empa ba bang lelapeng la hae moo, ba ne ba khaolitse ho rapela Molimo oa ’nete. Leha ho le joalo, ha Jehova a re Jakobo a ee Bethele a e’o mo hahela aletare, Jakobo ha aa ka a tsila-tsila empa o ile a ea. Ntho ea pele eo a ileng a e joetsa lelapa la hae ke ho re: “Lahlang melimo ea litšoantšo e ho lona, le itlhoekise.” Ka mor’a moo, ka botšepehi bohle o ile a latela litaelo tsohle tseo Jehova a neng a mo file tsona mabapi le ho ea Bethele hore a e’o mo hahela aletare.—Gen. 35:1-7.

20 Jakobo o ile a haha lialetare tse ngata Naheng e Tšepisitsoeng empa kamehla o ne a rapela Jehova e leng eena ea lokelang ho rapeloa. (Gen. 35:14; 46:1) Ha Bibele e bua ka Jakobo e re ke “monna ea se nang molato,” e leng poleloana e sebelisoang ha ho buuoa ka motho ea amoheloang ke Molimo. E mo hlalosa joalo hobane boleng ba mahlabelo a hae, mokhoa oo a neng a rapela Jehova ka oona le sepheo seo a neng a etsa mahlabelo ka sona li ne li khahlisa Jehova. (Gen. 25:27) Tsela eo Jakobo a neng a phela ka eona, e ile ea behela sechaba sohle sa Iseraele mohlala e leng sechaba se neng se tla hlaha ho eena.—Gen. 35:9-12.

21. Re ithuta’ng ka borapeli ba ’nete ho banna bao e neng e le lihlooho tsa malapa?

21 Re ithuta’ng ka borapeli ba ’nete ho banna baa bao e neng e le lihlooho tsa malapa? Joaloka bona, le rona re phela har’a batho ba ka re sitisang ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle. Mohlomong batho bao ba ka akareletsa beng ka rona. E le hore re se ke ra iphumana re tlohetse ho sebeletsa Jehova, re lokela ho ba le tumelo e matla ho eena le hore re ikholise hore melao ea hae e lula e lokile. Re bontša hore re na le tumelo ka hore re mamele Jehova, re mo fe nako ea rona, matla le lintho tseo re nang le tsona e le hore re mo sebeletse. (Mat. 22:37-40; 1 Bakor. 10:31) Ke ntho e thabisang ho tseba hore haeba re sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang ebile e le ka tsela eo a e thabelang le sepheo sa rona se le setle, o nka re lokile.—Bala Jakobo 2:18-24.

Sechaba se Rapelang Jehova ka Tsela e Nepahetseng

22-24. Molao o ile oa hatisa joang hore na mpho e lokela ho fuoa mang, e be ea boleng bofe le hore na e lokela ho fanoa ka mokhoa ofe?

22 Jehova o ile a fa litloholo tsa Jakobo Molao e le hore li se ke tsa ipotsa hore na o rata ha li etsa’ng. Haeba li ne li mamela Jehova, e ne e tla ba ‘thepa ea hae e khethehileng’ le ‘sechaba sa hae se halalelang.’ (Ex. 19:5, 6) Hlokomela hore na Molao o hatisa lintlha tse ’nè tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete joang.

23 Jehova o ile a hlakisetsa sechaba sa Iseraele hore na ke mang ea lokelang ho rapeloa. O ile a re ho sona: “U se ke oa rapela melimo e meng ntle ho ’na.” (Ex. 20:3-5) Mahlabelo a sona a ne a lokela ho ba a boleng bo holimo ka ho fetisisa. Mohlala, liphoofolo tseo se neng se etsa mahlabelo ka tsona e ne e lokela ho ba tse phetseng hantle. (Lev. 1:3; Deut. 15:21; bapisa le Malakia 1:6-8.) Le hoja Balevi ba ne ba fumana molemo limphong tse neng li fuoa Jehova, le bona ba ne ba lokela ho fana ka limpho. Ba ne ba lokela ho fana ka “limpho tsohle tse ntlehali” ho tseo ba neng ba li filoe. (Num. 18:29) Baiseraele ba ile ba bolelloa mokhoa oo ba lokelang ho rapela Jehova ka oona. Ba ile ba bolelloa hore na ha ba etsa mahlabelo ba etse mahlabelo a eng, ba a etsetse hokae le hore na ba a etse joang. Ba ne ba fuoe melao e ka holimo ho 600 e neng e ba thusa ho bona hore na ba lokela ho etsa lintho joang. Ho ile ha thoe ho bona: “Le etse bonnete ba hore le mamela litaelo tsa Jehova Molimo oa lona. Le se ke la khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.”—Deut. 5:32.

24 Na ho ne ho le bohlokoa hore na Baiseraele ba etsetsa mahlabelo a bona hokae? E. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba hahe tabernakele. Ke hona moo ba neng ba rapella Jehova teng. (Ex. 40:1-3, 29, 34) Baiseraele ba ne ba lokela ho isa mahlabelo a bona tabernakeleng haeba ba ne ba batla hore Molimo a a amohele. dDeut. 12:17, 18.

25. Hlalosa hore na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le eng ha ho etsoa mahlabelo.

25 Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa le ho feta e ne e le sepheo seo Baiseraele ba neng ba etsa linyehelo ka sona. Ba ne ba lokela ho etsa linyehelo hobane ba rata Jehova le melao ea hae ka lipelo tsohle. (Bala Deuteronoma 6:4-6.) Ha Baiseraele ba ne ba rapela Jehova hobane feela ba tlamehile, o ne a sa amohele mahlabelo a bona. (Esa. 1:10-13) Jehova o ile a sebelisa moprofeta Esaia ho bolella Baiseraele hore o khona ho bona ha batho ba etsa eka baa mo rata. O ile a re: “Batho bana . . . ba ntlhompha ka melomo feela empa lipelo tsa bona li suthetse hole le ’na.”—Esa. 29:13.

Ho Rapelloa Tempeleng

26. Ke lintho life tse amanang le borapeli ba ’nete tse neng li etsetsoa tempeleng e hahiloeng ke Solomone?

26 Lilemo tse ngata ka mor’a hore Baiseraele ba lule Naheng e Tšepisitsoeng, Morena Solomone o ile a haha tempele e neng e tla sebelisoa bakeng sa borapeli ba ’nete. Tempele eo e ne e le kholo ebile e le ntle ho feta tabernakele. (1 Mar. 7:51; 2 Likron. 3:1, 6, 7) Kaha Jehova ke eena feela ea lokelang ho rapeloa, qalong mahlabelo a neng a etsetsoa tempeleng ena a ne a etsetsoa eena feela. Solomone le Baiseraele ba ile ba etsa mahlabelo a mangata a boleng bo holimo ebile e le ka mokhoa oo Molao oa Molimo o laetseng kateng. (1 Mar. 8:63) Leha ho le joalo, boleng ba mohaho le palo ea mahlabelo a entsoeng e ne e se tsona tse neng li etsa hore Jehova a amohele mahlabelo a etsetsoang tempeleng eo. Ntho ea bohlokoa e ne e le sepheo seo mahlabelo a neng a etsoa ka sona. Solomone o ile a hatisa taba ena ha ho ne ho khakoloa tempele a re: “Sebeletsang Jehova Molimo oa rona ka lipelo tsa lona tsohle ka hore le mamele litaelo tsa hae le melao ea hae letsatsing lena.”—1 Mar. 8:57-61.

27. Baiseraele le marena a bona ba ile ba etsa’ng, hona Jehova o ile a etsa’ng?

27 Ka bomalimabe, Baiseraele ba ile ba khaotsa ho mamela keletso eo e bohlale ea morena. Baiseraele ba ile ba hloleha ho phetha lintho tse ling tsa bohlokoa tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete. Marena a Iseraele le sechaba sa ’ona ba ile ba itumella hore ba siteloe Jehova, ba khaotsa ho lumela ho eena hape ba tlohela melao ea hae. Kahobane Jehova o ne a rata sechaba sa hae, ka makhetlo a mangata o ile a romela baprofeta e le hore a se khalemele le ho se hopotsa hore se tla kotula lintho tse bohloko ka lebaka la liketso tsa sona. (Jer. 7:13-15, 23-26) E mong oa baprofeta bao ba tšepahalang e ne e le Ezekiele. O phetse nakong eo batho ba neng ba sa nkele borapeli ba ’nete hloohong.

Ezekiele o Bona ha Borapeli ba ’Nete bo Silafatsoa

28, 29. Re tseba’ng ka Ezekiele? (Sheba lebokose le reng “Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng.”)

28 Ezekiele o ne a tseba hantle hore na ho hlokahala’ng bakeng sa borapeli ba ’nete tempeleng e hahiloeng ke Solomone. Ntate oa hae e ne e le moprista. Kahoo, e tlameha ebe ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona a neng a sebeletsa tempeleng. (Ezek. 1:3) Ho ka etsahala hore ebe Ezekiele o hotse hamonate. Ntate oa hae o ile a mo ruta ka Jehova le ka Molao oa hae. Nakoana pele Ezekiele a hlaha, “buka ea Molao” e ile ea fumanoa ka tempeleng. e Morena ea neng a busa ka nako eo e leng Morena Josiase, o ile a ikemisetsa le ho feta ho etsa hore pusong ea hae batho ba bangata ba rapele Molimo ka tsela eo a e amohelang ka mor’a hore a utloe lintho tse neng li ngotsoe ka bukeng ea Molao.—2 Mar. 22:8-13.

Ntate oa Ezekiele o mo rutile ka Jehova le ka Molao oa hae (Sheba serapa sa 28)

29 Ezekiele o ile a etsisa banna ba tšepahalang ba phetseng pele ho eena ka hore a etse lintho tse ’nè tsa bohlokoa tse hlokahalang bakeng sa borapeli ba ’nete. Ha re bala buka ea Ezekiele, rea ithuta hore o ne a sebeletsa Jehova feela, a lula a mo sebeletsa ka pelo eohle, a mamela melao ea hae ebile a mo sebeletsa ka tsela eo a neng a e batla. Ezekiele o ile a etsa lintho tsena tsohle hobane a ne a lumela ho Jehova ka pelo eohle ea hae. Lithaka tsa hae tsona li ne li fapane hole le eena. Ezekiele o hotse a mamela lintho tseo Jeremia a neng a li profeta. Jeremia o qalile mosebetsi oa hae oa ho profeta ka selemo sa 647 pele ho mehla ea Jesu. Ka mafolofolo Jeremia o ile a bolella sechaba ka kahlolo ea Jehova e tlang.

30. (a) Re ithuta’ng boprofeteng ba Ezekiele? (b) Boprofeta ke eng? Re lokela ho utloisisa boprofeta ba Ezekiele joang? (Sheba lebokose le reng “Utloisisa Boprofeta ba Ezekiele.”)

30 Buka ea Ezekiele e bontša kamoo batho ba Molimo ba neng ba se ba furaletse borapeli ba ’nete kateng. (Bala Ezekiele 8:6.) Ka mor’a hore Jehova a lumelle Babilona hore e hlole Juda, Ezekiele e ne e le e mong oa ba ileng ba isoa botlamuoeng Babilona. (2 Mar. 24:11-17) Ezekiele o ne a se botlamuoeng Babilona hobane Jehova a ne a mo file kotlo. O ne a le moo hobane Jehova a ne a mo file mosebetsi oa ho thusa batho ba hae ba moo. Lipono tse hlollang le boprofeta bo hlahang ka bukeng ea Ezekiele li bontša kamoo borapeli ba ’nete bo neng bo tla tsosolosoa kateng Jerusalema. Re ithuta lintho tse ngata boprofeteng bona. Boa re bolella hore na borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa joang Jerusalema le hore na bo tla tsosolosoa joang bakeng sa batho bohle ba ratang Jehova.

31. Buka ee e tl’o re thusa ho etsa’ng?

31 Likarolong tse latelang tsa buka ena, re tl’o ithuta ka maholimo ao Jehova a lulang ho ’ona re be re bone kamoo borapeli ba ’nete bo ileng ba silafatsoa kateng. Re tla boela re ithute hore na Jehova o ile a tsosolosa borapeli ba ’nete joang le kamoo a sireletsang batho ba hae kateng. Qetellong re tl’o bona hore na ho tla ba joang lefatšeng ha batho bohle ba se ba sebeletsa Jehova. Khaolong e latelang, re tl’o bua ka pono ea pele eo Ezekiele a ngotseng ka eona. Khaolo ena e tl’o re thusa hore re iketsetse setšoantšo sa hore na Jehova o joang le hore na ha ho buuoa ka karolo e leholimong ea mokhatlo oa hae ho buuoa ka’ng. Hape re tla ithuta hore na ke hobane’ng ha e le eena feela ea lokelang ho rapeloa.

a Ho ka etsahala hore ebe Abele o hlahile nako e khutšoanyane ka mor’a hore Adama le Eva ba tebeloe serapeng sa Edene. (Gen. 4:1, 2) Genese 4:25 e re Molimo o fane ka Setha “bakeng sa Abele.” Ka mor’a hore Abele a bolaoe ka sehloho, Setha o ile a hlaha ha Adama a le lilemo li 130. (Gen. 5:3) E ka ’na eaba Abele o ne a le lilemo li 100 ha Kaine a mo bolaea.

b Genese 4:26 e re mehleng ea Enoshe setloholo sa Adama, “batho ba qala ho bitsa lebitso la Jehova.” Leha ho le joalo, ho bonahala ba ne ba etsa joalo ka mokhoa o sa hlompheng Jehova hobane mohlomong ba ne ba sebelisa lebitso la Jehova empa ba rapela melimo ea litšoantšo.

c Lebitso le leng la molingoana Nanna e ne e le Sine. Le hoja batho ba bangata ba Ure ba ne ba rapela melimo e mengata, litempele tsa teng le lialetare e ne e le tsa molingoana enoa.

d Ka mor’a hore Areka ea Molimo e tlosoe tabernakeleng, ho bonahala eka Jehova o ile a lumella batho hore ba etsetse mahlabelo libakeng tse ling ntle le tabernakeleng.—1 Sam. 4:3, 11; 7:7-9; 10:8; 11:14, 15; 16:4, 5; 1 Likron. 21:26-30.

e Ho ka etsahala hore ebe Ezekiele o ne a le lilemo li 30 ha a qala ho profeta ka selemo sa 613 pele ho mehla ea Jesu. Mohlomong o hlahile ka selemo sa 643. (Ezek. 1:1) Josiase o qalile ho busa ka selemo sa 659. Kahoo ho ka etsahala hore ebe buka ea Molao ea pele e ile ea fumanoa ka selemo sa bo18 a busa kapa hoo e ka bang lipakeng tsa selemo sa 642 le 641.