Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 3

“Ke Bona Lipono Tse Tsoang ho Molimo”

“Ke Bona Lipono Tse Tsoang ho Molimo”

EZEKIELE 1:1

NTLHA-KHOLO: Kakaretso ea pono eo Ezekiele a e boneng ea koloi ea Molimo

1-3. (a) Hlalosa hore na Ezekiele o bone’ng le ho utloa’ng. (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Ke’ng e ileng ea susumetsa Ezekiele hore a bone pono ee, hona o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a e bone?

 EZEKIELE o eme tlekelele! O lahlela mahlo pele mane thoteng e nammeng. O sesefalitse mahlo o leka ho shebisisa hantle. Empa ha a re mahlo tloha! ha a kholoe seo a se bonang. Pele mane maru a matšo a ntse a teteana, ho bonahala ho tla sefefo se matla. Empa sena ha se sefefo feela se tloaelehileng. O utloa moea o matla, o hlabang o hlahang ka leboea o fefolang moriri le liaparo tsa hae. Ho nyoloha maru a maholo a tšosang. Maru ana a fehloa ke lehalima la mollo ’me ho benya ha ’ona ho mo hopotsa tšepe e phatsimang. a Ha maru ana a ntse a atamela Ezekiele ka sekhahla, ho utloahala molumo o ntseng o phahama o kang oa lebotho le leholo la masole a ntseng a tsamaea.—Ezek. 1:4, 24.

2 Monna enoa ea lilemo li 30 o bona e ’ngoe ea lipono tse ngata tseo a ke keng a li lebala bophelong. O utloa “matla a Jehova” a le holim’a hae, ke matla a tšabehang a moea o halalelang oa Jehova. Lintho tseo moea oo o tla etsa hore a li bone le ho li utloa ke lintho tse hlollang ka ho fetisisa, mehlolo e fetang hole e hlahang lifiliming life kapa life tseo batho ba li etsang mehleng ena. Pono ena eo Ezekiele a e bonang e tl’o etsa hore a khumame fatše a sale a ahlame.—Ezek. 1:3, 28.

3 Jehova o ne a sa bontše Ezekiele pono ena hobane feela a batla ho etsa hore a sale a hloletsoe. Pono ena ea pele eo Ezekiele a e boneng e tšoana le lipono tse ling tse hlahang bukeng ena e monate ea boprofeta. Ponong ena ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa haholo tseo a tla ithuta tsona le tseo bahlanka ba Jehova mehleng ena ba tla ithuta tsona. E-re re ke re hlahlobe lintho tsena tseo Ezekiele a li bonang le ho li utloa.

Maemo

4, 5. Maemo e ne e le afe ha Ezekiele a bona pono ee?

4 Bala Ezekiele 1:1-3. A re ke re nahane ka hore na maemo e ne e le afe ha Ezekiele a tla bona pono ena. Selemo e ne e le sa 613 pele ho mehla ea Jesu. Joalokaha re ithutile khaolong e fetileng, Ezekiele o ne a le Babilona a lula pel’a noka ea Kebare le batho bao a neng a hapiloe le bona. Ho bonahala noka ena e ne e le molatsoana o iketselitsoeng ke batho o khelohang nokeng ea Eufrate ebe o boela o khutlela ho eona hape.

Ezekiele o ne a lula pel’a noka ea Kebare le batho bao a neng a hapiloe le bona (Sheba serapa sa 4)

5 Motse oa batho bana ba hapiloeng e leng Jerusalema o ne o le bohole ba lik’hilomithara tse 800 ho tloha moo ba neng ba le teng. b Tempele e Jerusalema moo ntate oa Ezekiele a neng a kile a sebeletsa teng e le moprista, e ne e se e fetohile sebaka sa borapeli ba litšoantšo le bobolu. Motse ona oo ho oona ho neng ho kile ha busa Davida le Solomone marena a hlomphehang, o ne o se o fetohile mahlabisa-lihlong feela. Morena Jojakine ea neng a sa tšepahale le eena o ne a hapiloe a isitsoe Babilona. Tsedekia e leng morena ea ileng a mo hlahlama boreneng e ne e le morena ea tsoileng tseleng ea neng a luletse ho huloa ka nko ke morena oa Babilona.—2 Mar. 24:8-12, 17, 19.

6, 7. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Ezekiele o ile a utloa eka o phela linakong tse boima ka ho fetisisa bophelong ba hae?

6 Kaha Ezekiele o ne a rata Molimo, e tlameha ebe nako ena e ne e le e boima ka ho fetisisa bophelong ba hae. E ka ’na eaba ba bang ba Baiseraele ba neng ba hapuoe le eena ba ne ba ipotsa: ‘Na ebe Jehova o re lahletse ruri? Na ebe ’muso oo o khopo oa Babilona ka melimo ea oona e mengata ea bohata o tla hle o felise borapeli ba ’nete le puso ea Jehova lefatšeng?’

7 Joale u sa ntse u nahanne ka litaba tseo, ak’u ithute haholoanyane ka taba ena ka hore u bale tlhaloso e qaqileng ea pono ena ea pele eo Ezekiele a e boneng. (Ezek. 1:4-28) Ha u ntse u e bala, leka ho ikenya lieteng tsa Ezekiele, u bone lintho tseo a li boneng u be u utloe le lintho tseo a li utloileng.

Noka ea Eufrate sebakeng se pel’a Karkemishe (Sheba serapa sa 5-7)

Koloi ea Mabonoa

8. Ezekiele o ile a bona’ng ponong? Ntho eo a e boneng e ne e emela’ng?

8 Ha re akaretsa pono ena, re ka re Ezekiele o bone’ng? O bone koloi e boholo bo makatsang. E ne e e-na le mabili a mane a maholo ’me pel’a ’ona ho eme mangeloi a mane a neng a shebahala ka tsela e sa tloaelehang a hlalosoang e le likerubime. (Ezek. 10:1) Ka holim’a ’ona ho ne ho e-na le sepaka-paka se seholo se kang leqhoa. Ka holim’a sepaka-paka seo ho ne ho e-na le terone e khanyang ea Molimo eo ho eona ho neng ho lutse Jehova ka boeena. Empa ha e le hantle koloi ee e emela’ng? E emela ntho e le ’ngoe feela e leng karolo e leholimong ea mokhatlo o moholo oa Jehova oa bokahohleng bohle. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Bona lintlha tsena tse tharo tse etsang hore re lumele seo.

9. Jehova o amana joang le mangeloi, hona taba eo re ka e tšoantša joang le koloi?

9 Kamano ea Jehova le mangeloi. Ponong ena, terone ea Jehova e lutse holim’a likerubime. Litemaneng tse ling tsa Bibele, Jehova o hlalosoa ka tsela e tšoanang. O hlalosoa a lutse teroneng ka holim’a likerubime kapa pakeng tsa tsona. (Bala 2 Marena 19:15; Ex. 25:22; Pes. 80:1) Ha se hore ehlile Jehova o lutse holim’a likerubime tseo joalokaha eka o hloka hore li mo kakase kapa hona hore o hloka ho palama koloi eo. Taba ea hore o lutse ka holim’a tsona e bontša hore likerubime tsena li tšehetsa bobusi ba hae kaha a ka li roma hohle ho phetha thato ea hae. Joaloka mangeloi a mang kaofela, le tsona li sebeletsa Jehova ka ho etsa thato ea hae. (Pes. 104:4) Ka kutloisiso eo, Jehova o lutse holim’a tsona kaofela, oa li laola joalokaha eka ke koloi e le ’ngoe e kholo e kopaneng.

10. Ke’ng e bontšang hore koloi ea Molimo ha e tšoantšetse likerubime tse ’nè feela?

10 Koloi ea Molimo ha e tšoantšetse likerubime feela. Ezekiele o bone likerubime tse ’nѐ. Hangata ka Bibeleng palo ’nѐ e hlalosa ntho e feletseng kapa e koetseng. Ho hlakile hore likerubime tse ’nѐ li emela mangeloi ’ohle a tšepahalang. Hlokomela hore mabili le likerubime tsena li tletse mahlo hohle e leng se bolelang hore mangeloi ’ohle a lula a le chatsi ebile a falimehile, eseng likerubime tsena tse ’nѐ feela. Ha Ezekiele a hlalosa boholo ba koloi ena, re hlokomela hore e ne e le kholo hoo le likerubime li neng li le nyenyane haholo ha li bapisoa le eona. (Ezek. 1:18, 22; 10:12) Ka tsela e tšoanang, karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova e kholo haholo, e feta hole likerubime tsena tse ’nѐ.

Ezekiele o ne a hloletsoe ke pono ea koloi ea Jehova (Sheba serapa sa 8 ho ea ho sa 10)

11. Pono ea Daniele e tšoana joang le ea Ezekiele, hona re ka etsa qeto efe?

11 Daniele o ile a bona pono e tšoanang ea leholimo. Moprofeta Daniele o qetile lilemo tse ngata a le botlamuoeng Babilona ’me le eena o ile a bona pono ea leholimo. Ntho e makatsang ke hore ponong ea hae terone ea Jehova e ntse e e-na le mabili. Pono ea Daniele e bua haholo ka lelapa le leholo la Jehova le leholimong. Daniele o ile a bona “likete tsa likete le limilione tse ngata” tsa mangeloi a Jehova a eme ka pel’a hae. A ne a lutse ka pel’a Molimo e le lekhotla, le leng le le leng sebakeng sa lona. (Dan. 7:9, 10, 13-18) Na ha se ntho e utloahalang ho lumela hore pono ea Ezekiele e emela lekhotla le tšoanang la leholimo?

12. Ho ithuta boprofeta bo kang boo ba Ezekiele ba pono ea koloi ea Molimo ho tla re sireletsa joang?

12 Jehova oa tseba hore re tla sireletseha hafeela re lula re nahana ka lintho tsa leholimo tseo moapostola Pauluse a reng ke “lintho tseo re sa li boneng.” Hobane’ng? Kaha re batho ba nama le mali, re tloaetse ho nahana haholo ka “lintho tseo re li bonang” e leng litlhoko tsa rona tsa nakoana (Bala 2 Bakorinthe 4:18.) Satane o tseba bofokoli boo ba rona ’me o re tšoara hona moo. O etsa hore re qetelle re le batho ba lulang ba nahana ka lintho tseo re li bonang. E le hore re hlole maqiti ana a Satane, Jehova o re file lintho tse ka re thusang tse kang boprofeta bona ba Ezekiele bo re thusang ho tseba lelapa la Jehova le leholo le leholimong.

“Mabili Tsamaeang!”

13, 14. (a) Ezekiele o ile a hlalosa mabili ao a a boneng joang? (b) Ke hobane’ng ha ho nepahetse hore ebe koloi ea Jehova e na le mabili?

13 Qalong Ezekiele o ile a shebisisa likerubime tsane tse ’nѐ. Khaolong ea 4 ea buka ena, re tla ithuta hore na likerubime tseo le chebahalo ea tsona e sa tloaelehang e re ruta’ng ka Jehova. Leha ho le joalo, Ezekiele o ile a bona mabili a mane a le pel’a likerubime, ho bonahala a ne a le mahlakoreng a mane. (Bala Ezekiele 1:16-18.) A ne a bonahala a entsoe ka lejoe la bohlokoa la krisolite leo e ka ’nang eaba le ne le bonaletsa hape le le lesehla kapa le le bosehla bo botala. Le ne le le letle ebile le phatsima.

14 Ntho e neng e hlile e hlahelletse haholo ponong ena ea Ezekiele ke mabili a koloi. Kannete e ne e le ntho e sa tloaelehang haholo hore ebe terone e na le mabili. Terone ke ntho eo re tloaetseng e lula nģa e le ’ngoe hobane ho na le moo matla a marena a lefatše a fellang teng. Empa ’Muso oa Jehova o fapane hole le mebuso ea batho. Joalokaha Ezekiele a ne a tla ithuta ha pono ena e ntse e tsoela pele, Jehova o na le matla a ho busa lintho tsohle. (Neh. 9:6) ’Muso oa hae o ka busa kae kapa kae.

15. Ezekiele o ile a bona mabili a le maholo hakae ebile a bopehile joang?

15 Ezekiele o ne a sa kholoe boholo ba mabili a koloi ena. O ile a re: “Lirimi tsa mabili ao a mane li ne li phahame ka tsela e makatsang.” Re se re ka inahanela Ezekiele e le eo a sheba holimo e le hore a bone lirimi tsena tse phatsimang tse boholo bo fihlang maholimong. O ile a boela a bua ntho ena e makatsang: “Lirimi tsa mabili ao a mane li ne li . . . tletse mahlo ka hohle.” Mohlomong ntho e neng e makatsa ka ho fetisisa ke tsela e sa tloaelehang eo mabili ana a neng a entsoe ka eona. Ezekiele o ile a hlalosa mabili ao tjena: “A ne a bonahala a entsoe joalokaha eka lebili le ka har’a lebili le leng.” Mantsoe aa a bolela’ng?

16, 17. (a) Ho boleloa’ng ha ho thoe lebili le ka har’a lebili le leng? (b) Mabili aa a re ruta’ng ka bokhoni ba koloi ea Jehova ba ho tjeka?

16 Ho bonahala lebili ka leng leo Ezekiele a le boneng e ne e le mabili a mabeli a kopaneng, le leng le shebile koana, le leng le shebile koana. Ke kahoo a neng a khona ho etsa ntho ena eo Ezekiele a e hlalosang: “Ha a tsamaea, a ne a khona ho ea mahlakoreng a ’ona a mane a sa tjeke.” Mabili aa a re ruta’ng ka koloi eo Ezekiele a e boneng?

17 Mabili a boholo bo makatsang tjena a ka tsamaea sebaka se selelele a bilikile hanngoe feela. Ha e le hantle, ponong ena ho bonahala hore koloi eo e ne e fofa ka lebelo le kang la lehalima. (Ezek. 1:14) Mabili ana a ikhetha ka ntho e ’ngoe hape. Ha ho na moenjiniere ofe kapa ofe lefatšeng ea ka khonang ho etsa mabili a tšoanang le ana. Koloi ena e khona ho ea mahlakoreng ’ohle e sa hloke ho fokotsa lebelo kapa ho tjeka. Empa ha se hore e tjeka feela e sa shebe hore na e ea hokae. Kaha e na le mahlo liriming, e khona ho bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e e pota-potileng.

Mabili a ne a le boholo bo makatsang ebile lebelo la ’ona le tšabeha (Sheba serapa sa 17)

18. Re ka ithuta’ng ka boholo ba mabili a koloi eo le ka mahlo a eona a mangata?

18 Ke’ng eo Jehova a neng a e ruta Ezekiele le bahlanka bohle ba hae ka karolo e leholimong ea mokhatlo oa hae? Nahana ka seo re seng re ithutile sona ho fihlela hona joale. Mabili ao a phatsimang a maholo aa bontša hore karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova e kholo ebile e lokela ho hlomphuoa. Taba ea hore ebe mabili a tletse mahlo ka hohle ea bontša hore karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova e bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Esita le Jehova ka boeena o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe. (Liprov. 15:3; Jer. 23:24) Hape o na le mangeloi a limilione a mo sebeletsang ao a ka a romang kae kapa kae moo a batlang. Mangeloi ana a sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka hloko ebe a khutlisetsa tlaleho ho ’Musi oa ’ona.—Bala Baheberu 1:13, 14.

Tsela eo mabili a entsoeng ka eona e thusa koloi hore e khone ho tjekela hohle (Sheba serapa sa 17 le 19)

19. Lebelo la koloi ea Jehova le taba ea hore e khona ho tjekela hohle li re ruta’ng ka Jehova le ka karolo e leholimong ea mokhatlo oa hae?

19 Hape rea ithuta hore lebelo la koloi ena lea tšabeha ebile e khona ho tjekela hohle. Nahana ka phapang e teng lipakeng tsa karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova le mebuso ea batho le mekhatlo ea bona. Mebuso le mekhatlo ea batho ha e tsebe ho rarolla mathata a lefatše ebile ha e khone ho fetoha le maemo. Ka lebaka leo, e ke ke ea atleha ebile e tla fela. Empa koloi ea Jehova eona e bontša hantle hore e khannoa ke Molimo ea bohlale le ea fetohang le maemo. Lebitso la hae ka bolona lea bontša hore e ka ba eng kapa eng e hlokahalang e le hore a phethahatse morero oa hae. (Ex. 3:13, 14) Mohlala, a ka fetoha ka ho panya ha leihlo hore e be Mohlabani ea matla ea loanelang batho ba hae. A ka boela a fetoha kapele, ea e-ba Molimo ea mohau ea tšoarelang libe tsa rona le ea thobang lipelo tsa baetsalibe ba bakileng.—Pes. 30:5; Esa. 66:13.

20. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha koloi ea Jehova?

20 Boemong bona pono ea Ezekiele e ka etsa hore e mong le e mong oa rona a ipotse: ‘Na kannete ke hlompha koloi ee ea Jehova?’ Re lokela ho hopola hore koloi ena e emela lintho tse etsahalang hona joale. Le ka mohla re se ke ra nahana hore Jehova, Mora oa hae le mangeloi ’ohle ha ba bone mathata a re nyahamisang. Hape re se ke ra tšoenyeha hobane re nahana hore Jehova o tla lieha ho re fa lintho tseo re li hlokang kapa ra nahana hore mokhatlo oa hae o tla hloleha ho fetoha le maemo lefatšeng lena leo re sa tsebeng hore na ho tla etsahala’ng hosane. Re lokela ho hopola hore mokhatlo oa Jehova o sebetsa ka thata ebile o lula o hatela pele. Ezekiele o ile a utloa lentsoe le hlahang leholimong le reng: “Mabili tsamaeang!” (Ezek. 10:13) Ha re nahana ka tsela eo Jehova a tsamaisang mokhatlo oa hae ka eona, na ha re utloe re hloletsoe? Empa re utloa re hlolloa le ho feta ha re nahana ka Jehova ka boeena.

Mokhanni oa Koloi

21, 22. U ka hlalosa joang hore na ke’ng e tšoereng koloi?

21 Ezekiele o ile a sheba ka holim’a mabili ao eaba o bona “ntho e kang sepaka-paka se benyang joaloka leqhoa ebile se hlolla.” (Ezek. 1:22) Sepaka-paka seo se ne se le holimo haholo le lihlooho tsa likerubime, se khanya ebile se benya. Boemong bona motho ea nang le litsebo tsa mechine a ka ’na a ipotsa lipotso li hana ho fela ka koloi ena. Mohlala, a ka ’na a re: ‘Ke’ng e tšoereng sepaka-paka see hore se lule se le ka holim’a mabili? Mabili aa a khona joang ho ea pele empa a sa kopanngoa ka liase?’ U hopole hore koloi ena ke koloi ea tšoantšetso e bontšang lintho tse etsahalang leholimong. Kahoo ha e sebetse ka tsela e tšoanang le eo likoloi tse entsoeng ke batho li sebetsang ka eona. Hape hlokomela ntlha ena ea bohlokoa: “Moea o neng o tataisa mangeloi ao o ne o boetse o le mabiling.” (Ezek. 1:20, 21) Ke moea ofe oo o neng o tataisa likerubime ebile o le mabiling?

22 Ha re hloke le ho ipotsa, e ne e le moea o halalelang oa Jehova, moea o matla ka ho fetisisa bokahohleng bohle. Moea oo ke oona o tšoereng koloi ena. O e fa matla ebile oa e laola hore e tsamaee ka tsela e hlophisehileng hantle. Re sa ntse re nahanne ka taba ena, a re ke re bueng ka hore na Ezekiele o re’ng ka ea ntseng a khanna koloi ena.

Ezekiele o ne a bona ntho e mo makatsang hoo a sitoang ho fumana mantsoe a nepahetseng a ho e hlalosa

23. Ezekiele o sebelisa lipoleloana life ho leka ho hlalosa Jehova? Hobane’ng?

23 Bala Ezekiele 1:26-28. Ha Ezekiele a hlalosa pono ena, ka makhetlo a ’maloa o sebelisa lipoleloana tse kang “ntho e shebahalang joaloka,” “ho bonahala eka” le “ntho e kang.” Empa litemaneng tsena o li sebelisa hangata le ho feta. Ntho eo Ezekiele a e bonang e mo makatsa hoo a sitoang ho fumana mantsoe a nepahetseng a ho e hlalosa. O bona “ntho e shebahalang joaloka terone e entsoeng ka lejoe la safire.” Nahana feela terone e entsoeng ka lejoe le leholo le boputsoa bo tebileng la safire! Holim’a eona “ho ne ho bonahala eka ho lutse motho.”

24, 25. (a) Mookoli o pota-potileng terone ea Jehova o re hopotsa’ng? (b) Lipono tse kang ee li ile tsa etsa hore bahlanka ba bang ba Jehova ba ikutloe joang?

24 Ezekiele o ne a bona hore ho na le motho teroneng feela a sa mo bone hantle hobane ho tloha thekeng ho ea tlase le ho tloha thekeng ho ea holimo, Jehova o ne a ntša malakabe a khanyang. Re se re ka inahanela Ezekiele a tlameha ho penya mahlo le ho theha meriti ha a ntse a shebile ntho eo e khanyang e kang motho. Ka mor’a moo, Ezekiele a bona ntho ena e ileng ea mo qetela: “Ho ne ho e-na le khanya e mo potolohileng e joaloka ’mookoli o bang teng marung ha pula e na.” Na ha u thabe ha u bona mookoli? Mookoli oo o re hopotsa kamoo Jehova a khanyang kateng. Hape o ka re hopotsa selekane sa khotso seo Jehova a ileng a se etsa ka mor’a hore a felise lefatše ka moroallo. (Gen. 9:11-16) Le hoja Jehova a le matla ’ohle, ke Molimo oa khotso. (Baheb. 13:20) Ka pelong ea hae ho rena khotso ’me o e fa batho bohle ba mo rapelang ka botšepehi.

Mookoli o khanyang o pota-potileng terone ea Jehova o re hopotsa hore re sebeletsa Molimo oa khotso (Sheba serapa sa 24)

25 Ezekiele o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a bone khanya ea Jehova Molimo ponong ee? O re: “Ha ke e bona ke ile ka khumama.” Ka lebaka la ho hlolloa le ho tšoha, Ezekiele o ile a khumama. Ho na le baprofeta ba bang ba ileng ba ikutloa ka tsela e tšoanang ha ba bona lipono tse tsoang ho Jehova hobane lintho tseo ba li bonang li ne li hlolla ka tsela e tšosang. (Esa. 6:1-5; Dan. 10:8, 9; Tšen. 1:12-17) Hamorao tumelo ea bona e ile ea matlafala haholo ka lebaka la seo Jehova a ileng a ba senolela sona. Re kholisehile hore ho ile ha e-ba joalo le ka Ezekiele. Joale rona re lokela ho ikutloa joang ha re bala boprofeta bo kang boo?

26. Pono eo Ezekiele a e boneng e ile ea mo matlafatsa joang?

26 Haeba Ezekiele o ne a e-na le lipelaelo, a tšoenyehile ka boemo ba batho ba Molimo ba Babilona, e tlameha ebe pono ena e ile ea mo matlafatsa. Ho hlakile hore ho ne ho sa tsotellehe hore na bahlanka ba Molimo ba hokae, hore na ba Jerusalema kapa ba Babilona, koloi e hlollang ea Jehova e ne e ka fihla hohle moo ba leng teng. Satane ha a na matla a ho sitisa Molimo ea laolang karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo. (Bala Pesaleme ea 118:6.) Ezekiele o ile a bona hore koloi ea leholimo ha e hole le batho hobane mabili a eona a ne a thetsitse lefatšeng. (Ezek. 1:19) Taba ena e bontša hore Jehova o ne a ntse a tsotella batho ba hae ba tšepahalang ba botlamuoeng. Ntate oa bona ea lerato o ne a tla lula a ba tsotella ho sa tsotellehe hore na ba hokae.

Koloi ea Leholimo e u Ama Joang?

27. Pono ea Ezekiele e ka re tsoela molemo joang mehleng ee?

27 Le rona mehleng ena, pono ea Ezekiele e ka re tsoela molemo. Hopola hore Satane o lula a batla ho hlasela borapeli ba ’nete ba Jehova. O batla hore re ikutloe eka re bang, ha re na mang-oe re be re utloe eka re hole le Ntate oa rona ea leholimong le mokhatlo oa hae. Le ka mohla u se ke be oa lumela mashano ao a Satane. (Pes. 139:7-12) Le hoja re ke ke ra oa fatše joaloka Ezekiele, le rona re lokela ho ikutloa re hloletsoe ke tsela eo karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova oa bokahohleng bohle o leng matla, o leng lebelo, o khemang le linako le kamoo o feto-fetohang le maemo kateng.

28, 29. Ke’ng e bontšang hore haesale koloi ea Jehova e ntse e tsamaea lilemong tse lekholo tse fetileng?

28 Mokhatlo oa Jehova o boetse o na le karolo e lefatšeng. Karolo ena e lefatšeng e entsoe ka batho ba sa phethahalang empa Jehova o e sebelisitse ho etsa lintho tse kholo. Lefatšeng lohle, o thusitse batho hore ba etse lintho tseo ba neng ba ke ke ba khona ho li etsa ka matla a bona. (Joh. 14:12) Ha re sheba bukeng ea ’Muso oa Molimo oa Busa! re bona mosebetsi o tsoileng matsoho oa ho ruta batho ka Molimo o entsoeng lilemong tse lekholo tse fetileng. Re ka boela ra hopola hore mokhatlo oa Jehova o sebelitse ka thata ho ruta Bakreste ba pele, ho hlola linyeoe le ho sebelisa marang-rang a morao-rao bakeng sa ho phetha thato ea Molimo.

29 Ha re sheba lintho tseo mokhatlo oa Jehova o seng o li entse ho tsosolosa borapeli ba ’nete mehleng ena ea bofelo, eo ho eona re busoang ke mebuso e khopo, ho hlakile hore haesale koloi ea Molimo e ntse e tsamaea. Kannete ke tlotla e kholo hore ebe re karolo ea mokhatlo ona le hore re sebeletsa ’Musi ea tšoanang le Jehova.—Pes. 84:10.

Karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova e lula e ea pele (Sheba serapa sa 28 le 29

30. Re tl’o bua ka’ng khaolong e latelang?

30 Leha ho le joalo, ho sa na le lintho tse ngata tseo re tl’o ithuta tsona ponong ena ea Ezekiele. Khaolong e latelang, re tl’o ithuta haholoanyane ka “mangeloi” a mane kapa likerubime le hore na a re ruta’ng ka ’Musi oa rona Jehova Molimo.

a Ezekiele o buile ka motsoako oa khauta le silevera.

b Lik’hilomithara tseo tse 800 e ne e le tsa tsela e tobileng e eang Babilona empa ho ka etsahala hore ebe bona ba tsamaile ka tsela e bolelele ba lik’hilomithara tse 1 600.