Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 6

“Ke Nako ea Hore le Felisoe”

“Ke Nako ea Hore le Felisoe”

EZEKIELE 7:3

NTLHA-KHOLO: Tsela eo Jehova a phethahalitseng likahlolo tsa hae tsa boprofeta ho Jerusalema

1, 2. (a) Ezekiele o ile a etsa lintho life tse makatsang? (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Liketso tsa hae li ne li emela lintho life tse tla etsahala?

 BOITŠOARO bo makatsang ba moprofeta Ezekiele bo tsebahala kapelenyana ho Baiseraele ba botlamuoeng Babilona. O qetile beke a lutse a ferekane a sa re letho ho bona, eitse ba sa maketse, a re rao! A kena ka tlung a ikoalla. Ha ba ntse ba ipotsa hore na ho etsahala’ng, a hlaha hape, a nka setene a toroea holim’a sona. Ka mor’a moo, Ezekiele a qalella ho kampela setene seo a thotse tu!—Ezek. 3:10, 11, 15, 24-26; 4:1, 2.

2 E tlameha ebe batho ba mo shebeletseng ba neng ba bile ba ntse ba eketseha ba ne ba ipotsa: ‘Lintho tsee kaofela li bolela’ng?’ Bajuda bao ba botlamuoeng, ba ne ba tla utloisisa hantle hore na lintho tseo tse makatsang tseo moprofeta Ezekiele a neng a li etsa li ne li emela’ng. Li ne li emela lintho tse tšosang tse neng li tla etsahala tse bontšang hore Jehova Molimo o halefile. Lintho tsee e ne e le life? Li ne li ama sechaba seo sa Iseraele joang? Li ama barapeli ba ’nete joang kajeno?

‘Nka Setene . . . u Nke Koro . . . u Nke Sabole e Bohale’

3, 4. (a) Ke lintho life tse tharo tseo Ezekiele a ileng a li etsa tse tšoantšetsang kahlolo ea Molimo? (b) Ezekiele o ile a tšoantšisa ho thibelloa ha Jerusalema joang?

3 Hoo e ka bang ka selemo sa 613 pele ho mehla ea Jesu, Jehova o ile a re Ezekiele a etse lintho tse neng li tla tšoantšetsa hore na o tla ahlola Jerusalema joang. Motse oo o ne o tla hlaheloa ke lintho tsena tse tharo: O ne o tla thibelloa, baahi ba hule ka thata le motse o felisoe hammoho le baahi ba oona. a A re ke re bueng ka lintho tsena tse tharo ka botebo.

4 Jerusalema ea thibelloa. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Nka setene u se behe ka pel’a hao. . . . U etse eka oa o hlasela.” (Bala Ezekiele 4:1-3.) Setene se ne se emela motse oa Jerusalema, ha Ezekiele eena a ne a emela lebotho la Babilona le neng le tla sebelisoa ke Jehova. Jehova o ile a boela a re Ezekiele a etse ntho e kampelang, a etse qubu e thibellang hape a etse lintho tse kang libetsa tse lihang marako. Ka mor’a moo, o ne a lokela ho beha lintho tsena ho pota-pota setene seo. Lintho tseo li ne li emela libetsa tsa ntoa tseo lebotho le hlaselang Jerusalema le neng le tla li sebelisa ho thibella motse le ho o hlasela. Ezekiele o ne a lokela ho beha “terei ea tšepe” kapa pane pakeng tsa hae le motse e le ho bontša hore lebotho le hlaselang le ne le tla ba matla joaloka tšepe. Ka mor’a moo, o ne a lokela hore a “shebe motse.” Liketso tsena tse tšoantšetsang ntoa e ne e tla ba “letšoao bakeng sa Baiseraele” ho bontša hore ba ne ba tl’o hlaheloa ke koluoa eo ba sa e lebellang. Jehova o ne a tla sebelisa lira tsa bona ho thibella motse oa Jerusalema e leng motse oa bohlokoa ka ho fetisisa ho batho ba Molimo, moo tempele ea hae e neng e le hona teng.

5. Hlalosa hore na Ezekiele o ile a etsa’ng ho bontša hore na ho tla etsahala’ng ka baahi ba Jerusalema.

5 Baahi ba Jerusalema ba ne ba tla hula ka thata. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “U nke koro, harese, linaoa, lensisi, nyalothe le koro e ’ngoe ebe . . . u iketsetsa bohobe. . . . U lekanye lijo tseo u tla li ja ka letsatsi hore li etse likramo tse ka bang 230.” Jehova o ile a boela a re: “Ke etsa hore ho se ke ha e-ba le lijo.” (Ezek. 4:9-16) Ponong ena, Ezekiele ha a sa emela lebotho la Babilona empa o se a emela baahi ba Jerusalema. Liketso tsa moprofeta enoa li ne li bontša hore ha motse o se o thibeletsoe ho tla ba le lijo tse nyane. Ka nako eo, ba ne ba tla tsoaka lintho tse sa tloaelehang hore ba etse bohobe, e leng se bontšang hore batho ba ne ba tla lokela ho ja eng kapa eng eo ba e fumanang. Tlala e ne e tla ba mpe hakae? Ezekiele o ile a bua joalokaha eka o bua le baahi ba Jerusalema ka ho toba a re: “Bo-ntate ba har’a lona ba tla ja bara ba bona ’me bara ba tla ja bo-ntate ba bona.” Qetellong ba bangata ba ne ba tla sotloa ke ‘tlala e tla ba bolaea joaloka metsu,’ ’me batho ba ne ba tla ‘ota.’—Ezek. 4:17; 5:10, 16.

6. (a) Ezekiele o ne a emela’ng linthong tse peli tseo a li tšoantšisitseng? (b) Taelo ea Jehova e reng: ‘U behe moriri oo sekaleng ebe oa o arola’ e bolela’ng?

6 Jerusalema e felisoa hammoho le baahi ba eona. Karolong ena ea boraro ea tšoantšiso ea boprofeta, Ezekiele o tšoantšelitse lintho tse peli ka nako e le ’ngoe. Ea pele, Ezekiele o ile a tšoantšisa ntho eo Jehova a neng a tla e etsa. Jehova o ile a re: “Inkele sabole e bohale, u e sebelise joaloka lehare la motho ea kutang moriri.” (Bala Ezekiele 5:1, 2.) Letsoho la Ezekiele le neng le tšoere sabole le ne le emela kahlolo ea Jehova eo a neng a tla fana ka eona a sebelisa lebotho la Babilona. Ea bobeli, Ezekiele o ile a tšoantšisa lintho tse neng li tla etsahalla Baiseraele. Jehova o ile a re ho eena: “U beole hlooho ’me u kute litelu tsa hao.” Ha Ezekiele a beola hlooho o ne a tšoantšisa tsela eo Baiseraele ba neng ba tla hlaseloa le ho bolaoa ka eona. Ho feta moo, taelo e reng “u behe moriri oo sekaleng ebe u o arola ka likarolo tse tharo” e bontša hore Jehova o ne a nahanisisitse kahlolo eo a tla e fa Jerusalema hantle ebile o ne a tla e phetha ka ho feletseng.

7. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Ezekiele a arole moriri likarolo tse tharo a be a etse lintho tse fapaneng ka oona?

 7 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Ezekiele a arole moriri oo a o kutileng likarolo tse tharo le hore a etse lintho tse fapaneng ka oona? (Bala Ezekiele 5:7-12.) Ezekiele o ile a chesetsa karolo e ’ngoe ea moriri “ka har’a motse” e le ho bontša batho ba mo shebileng hore baahi ba bang ba Jerusalema ba tla bolaeloa ka har’a motse. Ezekiele o ile a boela a hlatha karolo e ’ngoe ea moriri ka sabole “ho potoloha motse oohle” e le ho bontša batho ba shebileng hore baahi ba bang ba ne ba tla bolaeloa ka ntle ho motse. Qetellong, o ile a hasanya karolo ea ho qetela ea moriri moeeng e le ho bontša hore baahi ba bang ba tla hasana har’a lichaba tse ling empa “sabole” e ne e tla ba ‘lelekisa.’ E leng hore ho sa tsotellehe hore na bana ba pholohileng ba ne ba tla phela hokae, ba ne ba ke ke ba e-ba le khotso.

8. (a) Tšoantšiso ea boprofeta ea Ezekiele e ne e fana ka tšepo efe? (b) Boprofeta bo buang ka moriri “o fokolang” bo ile ba phethahala joang?

8 Leha ho le joalo, litšoantšiso tsa boprofeta tsa Ezekiele li ne li boetse li fana ka tšepo. Jehova o ile a re ka moriri oane oo Ezekiele a neng a o kuta: “U nke . . . o fokolang ’me u o phuthele seaparong sa hao.” (Ezek. 5:3) Taelo eo e ne e bontša hore Baiseraele ba fokolang ho ba neng ba tla hasana har’a lichaba ba ne ba tla sireletsoa. Ba bang ba neng ba emela moriri oo “o fokolang” ba ne ba tla khutlela Jerusalema ka mor’a ho qeta lilemo tse 70 ba le botlamuoeng Babilona. (Ezek. 6:8, 9; 11:17) Na boprofeta boo bo ile ba phethahala? E, bo ile ba phethahala. Lilemo tse itseng ka mor’a hore Baiseraele ba khutle botlamuoeng Babilona, moprofeta Hagai o ile a ngola hore Baiseraele ba bang ba neng ba hasane ba ile ba fela ba khutlela Jerusalema. E ne e le “banna ba baholo ba boneng ntlo ea pele,” e leng tempele e neng e hahiloe ke Solomone. (Esdr. 3:12; Hag. 2:1-3) Jehova o ile a etsa bonnete ba hore borapeli ba ’nete boa sireletsoa feela joalokaha a ne a tšepisitse. Khaolong ea 9 ea buka ena, re tla bua haholoanyane ka taba ea ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete.—Ezek. 11:17-20.

Boprofeta Boo bo re Bolella’ng ka Liketsahalo Tse Tlang?

9, 10. Lintho tseo Ezekiele a li tšoantšisitseng li re hopotsa liketsahalo life tsa bohlokoa tse tla etsahala ka moso?

9 Lintho tseo Ezekiele a li tšoantšisitseng, li re hopotsa liketsahalo tsa bohlokoa tseo Lentsoe la Molimo le reng li tla etsahala ka moso. Tse ling tsa tsona ke life? Joalokaha ho ile ha etsahala ka motse oa Jerusalema, Jehova o tla etsa ntho eo batho ba sa e lebellang ka hore a sebelise mebuso ea lipolotiki ho hlasela mekhatlo eohle ea bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:16-18) Joalokaha ho felisoa ha Jerusalema e bile “tlokotsi e sa tloaelehang,” “mahlomola a maholo” le ntoa ea ’ona ea Armagedone e tla ba ketsahalo e “e-s’o be teng.”—Ezek. 5:9; 7:5; Mat. 24:21.

10 Lentsoe la Molimo le bontša hore batho ba bang ba tšehetsang bolumeli ba bohata ba tla pholoha ha bo felisoa. Kaha batho bao ba tla be ba tšohile, ba tla ikopanya le batho ba bang ba maemo a fapaneng ba ntseng ba batla hore na ba ka ipata hokae. (Zak. 13:4-6; Tšen. 6:15-17) Boemo ba bona bo re hopotsa baahi ba Jerusalema ba ileng ba pholoha ha e felisoa eaba ba hasana “moeeng.” Joalokaha re ithutile  serapeng sa bosupa, le hoja ba ile ba pholoha ka nakoana, Jehova o ile a ‘ntša sabole a ba lelekisa.’ (Ezek. 5:2) Ka tsela e tšoanang, batho ba pholohileng ha ho hlaseloa bolumeli ba bohata ba ke ke ba pholoha sabole ea Jehova ho sa tsotellehe hore na ba ipata hokae. Ka ntoa ea Armagedone, ba tl’o bolaoa kaofela hammoho le bohle ba tla ahloloa e le lipoli.—Ezek. 7:4; Mat. 25:33, 41, 46; Tšen. 19:15, 18.

Re ke ke ra bua letho le amanang le litaba tse monate

11, 12. (a) Ho utloisisa boprofeta ba Ezekiele bo buang ka ho hlaseloa ha Jerusalema ho etsa hore re ikutloe joang ka mosebetsi oa ho ruta batho Bibele? (b) Mosebetsi oa ho ruta batho Bibele le molaetsa oo re tla o bolela o tla fetoha joang?

11 Ho utloisisa boprofeta boo ho etsa hore re ikutloe joang ka mosebetsi oa ho ruta batho Bibele le ka taba ea hore mosebetsi oo o potlakile? Ho re thusa ho bona hore re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa batho hore e be bahlanka ba Jehova. Hobane’ng? Hobane nako ea ho etsa “batho ba lichaba tsohle barutuoa” e fokotsehile. (Mat. 28:19, 20; Ezek. 33:14-16) Ha “thupa” (e leng mebuso ea lipolotiki) e qala ho hlasela bolumeli, ha re sa tla hlola re bolella batho molaetsa o pholosang. (Ezek. 7:10) Feela joalokaha Ezekiele a ile a khaotsa ho bolella batho melaetsa e tsoang ho Molimo ka nakoana, le rona ka nako eo re ke ke ra bua letho le amanang le litaba tse monate. E tla ka ‘ha re khone ho bua.’ (Ezek. 3:26, 27; 33:21, 22) Ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe, kaha batho ba tla be ba le tsietsing, “ba tla batla pono ho moprofeta” empa ba ke ke ba fuoa likeletso tse tla ba pholosa. (Ezek. 7:26) Nako ea hore motho a fumane likeletso tseo le hore e be morutuoa oa Kreste e tla be e fetile.

12 Leha ho le joalo, mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o ke ke oa emisa. Hobane’ng? Nakong ea mahlomola a maholo, re ka ’na ra qala ho bolella batho molaetsa oa kahlolo o tla beng o tšoana le sefako. Molaetsa oo o tla bontša batho hantle hore lefatše lena le khopo le tl’o fela.—Tšen. 16:21.

“Boa Tla!”

13. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Ezekiele a paqame ka lehlakore le letšehali ebe hamorao o paqama ka le letona?

13 Ezekiele ha aa ka a bolela feela hore na Jerusalema e tla felisoa joang empa o ile a boela a etsa ntho e bontšang hore na e tla felisoa neng. Jehova o ile a re Ezekiele a qete matsatsi a 390 a paqame ka lehlakore le letšehali ebe o qeta a mang a 40 a paqame ka le letona. Letsatsi ka leng le ne le emela selemo. (Bala Ezekiele 4:4-6; Num. 14:34) E tlameha ebe Ezekiele o ne a qeta nako e itseng ka letsatsi a paqame joalo. Ntho ena e ne e le tšoantšiso e bontšang hantle hore na Jerusalema e ne e tla felisoa ka selemo sefe. E ka ’na eaba lilemo tse 390 tseo Baiseraele ba li qetileng ba siteloa Molimo li qalile ka selemo sa 997 pele ho mehla ea Jesu, e leng selemo seo ka sona ’muso oa Iseraele oa maloko a 12 o ileng oa aroha likoto tse peli. (1 Mar. 12:12-20) Ho ka etsahala hore ebe lilemo tse 40 tseo Baiseraele ba li qetileng ba siteloa Molimo li qalile ka selemo sa 647, e leng selemo seo ka sona Jeremia a ileng a khethoa hore e be moprofeta hore a lemose marena a Bajuda a sa pota-pote hore ’muso oa ’ona o tl’o oa. (Jer. 1:1, 2, 17-19; 19:3, 4) E leng hore matsatsi a 390 le a 40 a ne a tla fela ka selemo sa 607. Ke sona hantle selemo seo Jerusalema e ileng ea felisoa ka sona feela joalokaha Jehova a ne a boletse. b

Ezekiele o ile a etsa tšoantšiso efe e bontšang hore na Jerusalema e tla felisoa ka selemo sefe? (Sheba serapa sa 13

14. (a) Ezekiele o ile a bontša joang hore o kholisehile hore Jehova o tla tšepahalla nako ea hae? (b) Ke’ng e neng e tla etsahala pele Jerusalema e felisoa?

14 Nakong eo Ezekiele a neng a bolelloa boprofeta ba matsatsi a 390 le a 40, e ka ’na eaba o ne a sa tsebe hantle selemo seo Jerusalema e neng e tla felisoa ka sona. Empa ha e le haufi le ho felisoa, o ile a lemosa Baiseraele ka makhetlo ka kahlolo ea Jehova e tlang. O ile a re: “Ke nako ea hore le felisoe.” (Bala Ezekiele 7:3, 5-10.) Ezekiele o ne a kholisehile hore Jehova o tla fela a tšepahalle nako ea hae. (Esa. 46:10) Hape Ezekiele o ile a profeta hore na ho tla etsahala’ng pele Jerusalema e felisoa. O ile a re: “Ho tla tla tlokotsi ka mor’a tlokotsi.” Ka lebaka la tlokotsi eo, maemo a sechaba a ne a tla mpefala, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba ke ke ba etella sechaba pele borapeling ba Molimo, le marena a ne a ke ke a hlola a khona ho busa sechaba.—Ezek. 7:11-13, 25-27.

Ha Jerusalema e ntse e thibeletsoe, e ne e tšoana le ‘pitsa e mollong’ (Sheba serapa sa 15)

15. Ke likarolo life tsa boprofeta ba Ezekiele tse ileng tsa qala ho phethahala ho tloha ka selemo sa 609 pele ho mehla ea Jesu ho ea pele?

15 Boprofeta boo bo ile ba phethahala lilemo tse seng kae ka mor’a hore Ezekiele a profete hore Jerusalema e tla felisoa. Ka selemo sa 609, Ezekiele o ile a utloa hore Bababilona ba se ba qalile ho hlasela Jerusalema. Ka nako eo, terompeta e ile ea lla e le hore sechaba se ka itokisetsa ho ea ntoeng empa joalokaha Ezekiele a ne a boletse, ‘ha ho na motho ea ileng a ea.’ (Ezek. 7:14) Baahi ba Jerusalema ha baa ka ba leka le ho loanela motse oa bona ka hore ba loantše Bababilona. E ka ’na eaba Baiseraele ba bang ba ne ba nahanne hore Jehova o tla ba thusa. Jehova o ne a kile a ba pholosa a sebelisa lengeloi le ileng la bolaea boholo ba masole a Baasiria ha a ne a batla ho hlasela Jerusalema. (2 Mar. 19:32) Empa lekhetlong lena ha ho na lengeloi le ileng la tla. Le pele ho feta nako e telele, Jerusalema e ne e se e tšoana le ‘pitsa e mollong’ ’me baahi ba eona ba tšoana le “maqa . . . a nama” a ka har’a eona. (Ezek. 24:1-10) Ka mor’a likhoeli tse 18 tse boima Jerusalema e thibeletsoe, e ile ea felisoa.

“Le Ipolokele Matlotlo Leholimong”

16. Re lokela ho etsa’ng ho bontša hore re kholisehile hore Jehova o tla tšepahalla nako ea hae?

16 Re ka ithuta’ng karolong ee ea boprofeta ba Ezekiele? Na ho na le moo bo amanang teng le molaetsa oa Bibele oo re o bolellang batho le tsela eo ba itšoarang ka eona ha ba o utloa? Jehova o se a behile nako eo ka eona a tla felisa bolumeli ba bohata. Le lekhetlong lena o tla e tšepahalla nako eo. (2 Pet. 3:9, 10; Tšen. 7:1-3) Ha re tsebe hantle hore na nako eo ke efe. Empa joaloka Ezekiele re mamela taelo ea Jehova ka hore re lemose batho ka ho pheta-pheta re re: “Ke nako ea hore le felisoe.” Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re pheta molaetsa oo? Lebaka la rona le tšoana hantle le la Ezekiele. c Batho ba bangata ha baa ka ba mo kholoa ha a ba bolella boprofeta ba Molimo bo buang ka ho felisoa ha Jerusalema. (Ezek. 12:27, 28) Empa hamorao Baiseraele ba bang ba neng ba le botlamuoeng Babilona ba ile ba bontša hore ba bakile eaba ba khona ho khutlela habo bona. (Esa. 49:8) Le mehleng ena, batho ba bangata ha ba lumele hore lefatše lena le tla fela. (2 Pet. 3:3, 4) Ho ntse ho le joalo, re lokela ho tsoela pele re thusa batho ba batlang ho tseba Molimo, e le hore ba fumane tsela e isang bophelong pele nako eo Molimo a faneng ka eona e fela.—Mat. 7:13, 14; 2 Bakor. 6:2.

Le hoja batho ba bangata ba sa re mamele, re lula re batla batho ba thabelang ho tseba Molimo (Sheba serapa sa 16)

Ke hobane’ng ha baahi ba Jerusalema ba ile ba “lahlela silevera ea bona literateng”? (Sheba serapa sa 17)

17. Ho tla etsahala’ng nakong ea mahlomola a maholo?

17 Boprofeta ba Ezekiele bo boetse boa re hopotsa hore ha bolumeli ba bohata bo felisoa, batho ba likerekeng tsa bohata ba ke ke “ba ea ntoeng” ho loanela likereke tsa bona. “Matsoho . . . a bona a tla khathala” ebile ba tla be “ba tšohile haholo” hobane ba tla be ba bona hore ha ho motho ea ba arabang ha ba ntse ba rapela ba re: “Morena, Morena.” (Ezek. 7:3, 14, 17, 18; Mat. 7:21-23) Ba tla etsa’ng hape? (Bala Ezekiele 7:19-21.) Jehova o re: “Ba tla lahlela silevera ea bona literateng.” Mantsoe ao a buang ka baahi ba Jerusalema a bontša hantle hore na ho tla etsahala’ng nakong ea mahlomola a maholo. Ka nako eo, batho ba tla hlokomela hore chelete e ke ke ea ba pholosa mahlomoleng a tlang.

18. Boprofeta ba Ezekiele bo re ruta’ng ka ho beha lintho tsa bohlokoa pele bophelong ba rona?

18 Na ho na le ntho eo re ithutang eona karolong ee ea boprofeta ba Ezekiele? Boprofeta bona boa re ruta hore na ke lintho life tseo re lokelang ho li beha pele bophelong ba rona. Nahana ka taba ena: Baahi ba Jerusalema ba ne ba sa behe lintho tsa bohlokoa pele bophelong ba bona. Empa eitse ka mor’a hore ba hlokomele hore ba tl’o shoa, hore motse oa bona o tl’o felisoa le hore matlotlo a bona a ke ke a ba pholosa, e ile ea e-ba hona ba etsang liphetoho tse kholo. Ba ile ba lahla lintho tseo ba nang le tsona eaba ba “batla pono ho moprofeta” empa ba ne ba se ba siiloe ke nako. (Ezek. 7:26) Re fapana le bona ka hore rona re bona hantle hore lefatše lena le se le ntse le tl’o felisoa. Ka lebaka leo, tumelo eo re nang le eona ea hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala e re susumelelitse ho etsa hore lintho tsa bohlokoa li tle pele bophelong ba rona. Kahoo, re sebetsa ka thata ho fumana maruo a tsoang ho Molimo a sa senyeheng ebile ho se mohla a tla lahleloa “literateng.”—Bala Matheu 6:19-21, 24.

19. Boprofeta ba Ezekiele bo re ama joang mehleng ee?

19 Re ka re boprofeta ba Ezekiele bo buang ka ho felisoa ha Jerusalema bo re ama ka litsela life mehleng ee? Bo re hopotsa hore re na le nako e nyenyane ea ho thusa batho ba bang hore e be bahlanka ba Molimo. Ke lona lebaka le etsang hore re batle ho ruta batho Bibele ka potlako. Re thaba haholo ha batho ba ratang Jehova ba qala ho mo sebeletsa. Leha batho ba bang ba sa mamele molaetsa oa rona, re tsoela pele ho ba fa molaetsa o tšoanang le oo Ezekiele a ileng a o fa batho ba mehleng ea hae o reng: “Ke nako ea hore le felisoe.” (Ezek. 3:19, 21; 7:3) Ha re ntse re etsa lintho tsena kaofela, re ikemisetsa le ho feta ho tšepa Jehova le ho etsa hore borapeli ba ’nete e be bona bo tlang pele bophelong ba rona.—Pes. 52:7, 8; Liprov. 11:28; Mat. 6:33.

a Ke ntho e utloahalang hore re ka re Ezekiele o ile a etsa lintho tsena batho ba mo shebile. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Ke hobane lintho tseo a li entseng tse kang ho pheha bohobe le ho nka thoto, e ne e le Jehova ea mo laetseng ka ho khetheha hore a li etse batho “ba shebile.”Ezek. 4:12; 12:7.

b Ha Jehova a ne a tlohela Jerusalema hore e felisoe, o ne a bontša hore ha a ahlole ’muso oa Juda oa maloko a mabeli feela empa o ne a boetse a ahlola ’muso oa Iseraele oa maloko a leshome. (Jer. 11:17; Ezek. 9:9, 10) Sheba buka ea Insight on the Scriptures, Vol. 1, leq. 462, sehloohong se reng Chronology—From 997 B.C.E. to Desolation of Jerusalem.”

c Hlokomela hore lengolong la Ezekiele 7:5-7, Jehova o sebelisa lipoleloana “ea tla,” “boa tla” le “bo tla tla” ho hatisa molaetsa.