Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 6

“Ke Nako ya Hore le Fediswe”

“Ke Nako ya Hore le Fediswe”

EZEKIELE 7:3

NTLHAKGOLO: Tsela eo Jehova a phethahaditseng dikahlolo tsa hae tsa boprofeta ho Jerusalema

1, 2. (a) Ezekiele o ile a etsa dintho dife tse makatsang? (Sheba setshwantsho se qalang.) (b) Diketso tsa hae di ne di emela dintho dife tse tla etsahala?

 BOITSHWARO bo makatsang ba moprofeta Ezekiele bo tsebahala kapelenyana ho Baiseraele ba botlamuweng Babilona. O qetile beke a dutse a ferekane a sa re letho ho bona, eitse ba sa maketse, a re rao! A kena ka tlung a ikwalla. Ha ba ntse ba ipotsa hore na ho etsahalang, a hlaha hape, a nka setene a toroya hodima sona. Ka mora moo, Ezekiele a qalella ho kampela setene seo a thotse tu!—Ezek. 3:10, 11, 15, 24-26; 4:1, 2.

2 E tlameha ebe batho ba mo shebeletseng ba neng ba bile ba ntse ba eketseha ba ne ba ipotsa: ‘Dintho tsee kaofela di bolelang?’ Bajuda bao ba botlamuweng, ba ne ba tla utlwisisa hantle hore na dintho tseo tse makatsang tseo moprofeta Ezekiele a neng a di etsa di ne di emelang. Di ne di emela dintho tse tshosang tse neng di tla etsahala tse bontshang hore Jehova Modimo o halefile. Dintho tsee e ne e le dife? Di ne di ama setjhaba seo sa Iseraele jwang? Di ama barapedi ba nnete jwang kajeno?

‘Nka Setene . . . O Nke Koro . . . O Nke Sabole e Bohale’

3, 4. (a) Ke dintho dife tse tharo tseo Ezekiele a ileng a di etsa tse tshwantshetsang kahlolo ya Modimo? (b) Ezekiele o ile a tshwantshisa ho thibellwa ha Jerusalema jwang?

3 Hoo e ka bang ka selemo sa 613 pele ho mehla ya Jesu, Jehova o ile a re Ezekiele a etse dintho tse neng di tla tshwantshetsa hore na o tla ahlola Jerusalema jwang. Motse oo o ne o tla hlahelwa ke dintho tsena tse tharo: O ne o tla thibellwa, baahi ba hule ka thata le motse o fediswe ha mmoho le baahi ba wona. a A re ke re bueng ka dintho tsena tse tharo ka botebo.

4 Jerusalema e a thibellwa. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Nka setene o se behe ka pela hao. . . . o etse eka o a o hlasela.” (Bala Ezekiele 4:1-3.) Setene se ne se emela motse wa Jerusalema, ha Ezekiele yena a ne a emela lebotho la Babilona le neng le tla sebediswa ke Jehova. Jehova o ile a boela a re Ezekiele a etse ntho e kampelang, a etse qubu e thibellang hape a etse dintho tse kang dibetsa tse dihang marako. Ka mora moo, o ne a lokela ho beha dintho tsena ho potapota setene seo. Dintho tseo di ne di emela dibetsa tsa ntwa tseo lebotho le hlaselang Jerusalema le neng le tla di sebedisa ho thibella motse le ho o hlasela. Ezekiele o ne a lokela ho beha “terei ya tshepe” kapa pane pakeng tsa hae le motse e le ho bontsha hore lebotho le hlaselang le ne le tla ba matla jwalo ka tshepe. Ka mora moo, o ne a lokela hore a “shebe motse.” Diketso tsena tse tshwantshetsang ntwa e ne e tla ba “letshwao bakeng sa Baiseraele” ho bontsha hore ba ne ba tlo hlahelwa ke koduwa eo ba sa e lebellang. Jehova o ne a tla sebedisa dira tsa bona ho thibella motse wa Jerusalema e leng motse wa bohlokwa ka ho fetisisa ho batho ba Modimo, moo tempele ya hae e neng e le hona teng.

5. Hlalosa hore na Ezekiele o ile a etsang ho bontsha hore na ho tla etsahalang ka baahi ba Jerusalema.

5 Baahi ba Jerusalema ba ne ba tla hula ka thata. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “O nke koro, harese, dinawa, lensisi, nyalothe le koro e nngwe ebe . . . o iketsetsa bohobe. . . . o lekanye dijo tseo o tla di ja ka letsatsi hore di etse dikramo tse ka bang 230.” Jehova o ile a boela a re: “Ke etsa hore ho se ke ha eba le dijo.” (Ezek. 4:9-16) Ponong ena, Ezekiele ha a sa emela lebotho la Babilona empa o se a emela baahi ba Jerusalema. Diketso tsa moprofeta enwa di ne di bontsha hore ha motse o se o thibeletswe ho tla ba le dijo tse nyane. Ka nako eo, ba ne ba tla tswaka dintho tse sa tlwaelehang hore ba etse bohobe, e leng se bontshang hore batho ba ne ba tla lokela ho ja eng kapa eng eo ba e fumanang. Tlala e ne e tla ba mpe hakae? Ezekiele o ile a bua jwalo ka ha eka o bua le baahi ba Jerusalema ka ho toba a re: “Bontate ba hara lona ba tla ja bara ba bona mme bara ba tla ja bontate ba bona.” Qetellong ba bangata ba ne ba tla sotlwa ke ‘tlala e tla ba bolaya jwalo ka metsu,’ mme batho ba ne ba tla ‘ota.’—Ezek. 4:17; 5:10, 16.

6. (a) Ezekiele o ne a emelang dinthong tse pedi tseo a di tshwantshisitseng? (b) Taelo ya Jehova e reng: ‘O behe moriri oo sekaleng ebe o a o arola’ e bolelang?

6 Jerusalema e fediswa ha mmoho le baahi ba yona. Karolong ena ya boraro ya tshwantshiso ya boprofeta, Ezekiele o tshwantsheditse dintho tse pedi ka nako e le nngwe. Ya pele, Ezekiele o ile a tshwantshisa ntho eo Jehova a neng a tla e etsa. Jehova o ile a re: “Inkele sabole e bohale, o e sebedise jwalo ka lehare la motho ya kutang moriri.” (Bala Ezekiele 5:1, 2.) Letsoho la Ezekiele le neng le tshwere sabole le ne le emela kahlolo ya Jehova eo a neng a tla fana ka yona a sebedisa lebotho la Babilona. Ya bobedi, Ezekiele o ile a tshwantshisa dintho tse neng di tla etsahalla Baiseraele. Jehova o ile a re ho yena: “O beole hlooho mme o kute ditedu tsa hao.” Ha Ezekiele a beola hlooho o ne a tshwantshisa tsela eo Baiseraele ba neng ba tla hlaselwa le ho bolawa ka yona. Ho feta moo, taelo e reng “o behe moriri oo sekaleng ebe o o arola ka dikarolo tse tharo” e bontsha hore Jehova o ne a nahanisisitse kahlolo eo a tla e fa Jerusalema hantle ebile o ne a tla e phetha ka ho felletseng.

7. Ke hobaneng ha Jehova a ile a re Ezekiele a arole moriri dikarolo tse tharo a be a etse dintho tse fapaneng ka wona?

 7 Ke hobaneng ha Jehova a ile a re Ezekiele a arole moriri oo a o kutileng dikarolo tse tharo le hore a etse dintho tse fapaneng ka wona? (Bala Ezekiele 5:7-12.) Ezekiele o ile a tjhesetsa karolo e nngwe ya moriri “ka hara motse” e le ho bontsha batho ba mo shebileng hore baahi ba bang ba Jerusalema ba tla bolaelwa ka hara motse. Ezekiele o ile a boela a hlatha karolo e nngwe ya moriri ka sabole “ho potoloha motse wohle” e le ho bontsha batho ba shebileng hore baahi ba bang ba ne ba tla bolaelwa ka ntle ho motse. Qetellong, o ile a hasanya karolo ya ho qetela ya moriri moyeng e le ho bontsha hore baahi ba bang ba tla hasana hara ditjhaba tse ding empa “sabole” e ne e tla ba ‘lelekisa.’ E leng hore ho sa tsotellehe hore na bana ba pholohileng ba ne ba tla phela hokae, ba ne ba ke ke ba eba le kgotso.

8. (a) Tshwantshiso ya boprofeta ya Ezekiele e ne e fana ka tshepo efe? (b) Boprofeta bo buang ka moriri “o fokolang” bo ile ba phethahala jwang?

8 Le ha ho le jwalo, ditshwantshiso tsa boprofeta tsa Ezekiele di ne di boetse di fana ka tshepo. Jehova o ile a re ka moriri wane oo Ezekiele a neng a o kuta: “O nke . . . o fokolang mme o o phuthele seaparong sa hao.” (Ezek. 5:3) Taelo eo e ne e bontsha hore Baiseraele ba fokolang ho ba neng ba tla hasana hara ditjhaba ba ne ba tla sireletswa. Ba bang ba neng ba emela moriri oo “o fokolang” ba ne ba tla kgutlela Jerusalema ka mora ho qeta dilemo tse 70 ba le botlamuweng Babilona. (Ezek. 6:8, 9; 11:17) Na boprofeta boo bo ile ba phethahala? E, bo ile ba phethahala. Dilemo tse itseng ka mora hore Baiseraele ba kgutle botlamuweng Babilona, moprofeta Hagai o ile a ngola hore Baiseraele ba bang ba neng ba hasane ba ile ba fela ba kgutlela Jerusalema. E ne e le “banna ba baholo ba boneng ntlo ya pele,” e leng tempele e neng e hahilwe ke Solomone. (Esdr. 3:12; Hag. 2:1-3) Jehova o ile a etsa bonnete ba hore borapedi ba nnete bo a sireletswa feela jwalo ka ha a ne a tshepisitse. Kgaolong ya 9 ya buka ena, re tla bua haholwanyane ka taba ya ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete.—Ezek. 11:17-20.

Boprofeta Boo bo re Bolellang ka Diketsahalo Tse Tlang?

9, 10. Dintho tseo Ezekiele a di tshwantshisitseng di re hopotsa diketsahalo dife tsa bohlokwa tse tla etsahala ka moso?

9 Dintho tseo Ezekiele a di tshwantshisitseng, di re hopotsa diketsahalo tsa bohlokwa tseo Lentswe la Modimo le reng di tla etsahala ka moso. Tse ding tsa tsona ke dife? Jwalo ka ha ho ile ha etsahala ka motse wa Jerusalema, Jehova o tla etsa ntho eo batho ba sa e lebellang ka hore a sebedise mebuso ya dipolotiki ho hlasela mekgatlo yohle ya bodumedi ba bohata. (Tshen. 17:16-18) Jwalo ka ha ho fediswa ha Jerusalema e bile “tlokotsi e sa tlwaelehang,” “mahlomola a maholo” le ntwa ya ona ya Armagedone e tla ba ketsahalo e “eso be teng.”—Ezek. 5:9; 7:5; Mat. 24:21.

10 Lentswe la Modimo le bontsha hore batho ba bang ba tshehetsang bodumedi ba bohata ba tla pholoha ha bo fediswa. Ka ha batho bao ba tla be ba tshohile, ba tla ikopanya le batho ba bang ba maemo a fapaneng ba ntseng ba batla hore na ba ka ipata hokae. (Zak. 13:4-6; Tshen. 6:15-17) Boemo ba bona bo re hopotsa baahi ba Jerusalema ba ileng ba pholoha ha e fediswa yaba ba hasana “moyeng.” Jwalo ka ha re ithutile  serapeng sa bosupa, le hoja ba ile ba pholoha ka nakwana, Jehova o ile a ‘ntsha sabole a ba lelekisa.’ (Ezek. 5:2) Ka tsela e tshwanang, batho ba pholohileng ha ho hlaselwa bodumedi ba bohata ba ke ke ba pholoha sabole ya Jehova ho sa tsotellehe hore na ba ipata hokae. Ka ntwa ya Armagedone, ba tlo bolawa kaofela ha mmoho le bohle ba tla ahlolwa e le dipodi.—Ezek. 7:4; Mat. 25:33, 41, 46; Tshen. 19:15, 18.

Re ke ke ra bua letho le amanang le ditaba tse monate

11, 12. (a) Ho utlwisisa boprofeta ba Ezekiele bo buang ka ho hlaselwa ha Jerusalema ho etsa hore re ikutlwe jwang ka mosebetsi wa ho ruta batho Bibele? (b) Mosebetsi wa ho ruta batho Bibele le molaetsa oo re tla o bolela o tla fetoha jwang?

11 Ho utlwisisa boprofeta boo ho etsa hore re ikutlwe jwang ka mosebetsi wa ho ruta batho Bibele le ka taba ya hore mosebetsi oo o potlakile? Ho re thusa ho bona hore re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho thusa batho hore e be bahlanka ba Jehova. Hobaneng? Hobane nako ya ho etsa “batho ba ditjhaba tsohle barutuwa” e fokotsehile. (Mat. 28:19, 20; Ezek. 33:14-16) Ha “thupa” (e leng mebuso ya dipolotiki) e qala ho hlasela bodumedi, ha re sa tla hlola re bolella batho molaetsa o pholosang. (Ezek. 7:10) Feela jwalo ka ha Ezekiele a ile a kgaotsa ho bolella batho melaetsa e tswang ho Modimo ka nakwana, le rona ka nako eo re ke ke ra bua letho le amanang le ditaba tse monate. E tla ka ‘ha re kgone ho bua.’ (Ezek. 3:26, 27; 33:21, 22) Ka mora hore bodumedi ba bohata bo fediswe, ka ha batho ba tla be ba le tsietsing, “ba tla batla pono ho moprofeta” empa ba ke ke ba fuwa dikeletso tse tla ba pholosa. (Ezek. 7:26) Nako ya hore motho a fumane dikeletso tseo le hore e be morutuwa wa Kreste e tla be e fetile.

12 Le ha ho le jwalo, mosebetsi wa ho ruta batho Bibele o ke ke wa emisa. Hobaneng? Nakong ya mahlomola a maholo, re ka nna ra qala ho bolella batho molaetsa wa kahlolo o tla beng o tshwana le sefako. Molaetsa oo o tla bontsha batho hantle hore lefatshe lena le kgopo le tlo fela.—Tshen. 16:21.

“Bo a Tla!”

13. Ke hobaneng ha Jehova a ile a re Ezekiele a paqame ka lehlakore le letshehadi ebe ha morao o paqama ka le letona?

13 Ezekiele ha a ka a bolela feela hore na Jerusalema e tla fediswa jwang empa o ile a boela a etsa ntho e bontshang hore na e tla fediswa neng. Jehova o ile a re Ezekiele a qete matsatsi a 390 a paqame ka lehlakore le letshehadi ebe o qeta a mang a 40 a paqame ka le letona. Letsatsi ka leng le ne le emela selemo. (Bala Ezekiele 4:4-6; Num. 14:34) E tlameha ebe Ezekiele o ne a qeta nako e itseng ka letsatsi a paqame jwalo. Ntho ena e ne e le tshwantshiso e bontshang hantle hore na Jerusalema e ne e tla fediswa ka selemo sefe. E ka nna yaba dilemo tse 390 tseo Baiseraele ba di qetileng ba sitelwa Modimo di qadile ka selemo sa 997 pele ho mehla ya Jesu, e leng selemo seo ka sona mmuso wa Iseraele wa maloko a 12 o ileng wa aroha dikoto tse pedi. (1 Mar. 12:12-20) Ho ka etsahala hore ebe dilemo tse 40 tseo Baiseraele ba di qetileng ba sitelwa Modimo di qadile ka selemo sa 647, e leng selemo seo ka sona Jeremia a ileng a kgethwa hore e be moprofeta hore a lemose marena a Bajuda a sa potapote hore mmuso wa ona o tlo wa. (Jer. 1:1, 2, 17-19; 19:3, 4) E leng hore matsatsi a 390 le a 40 a ne a tla fela ka selemo sa 607. Ke sona hantle selemo seo Jerusalema e ileng ya fediswa ka sona feela jwalo ka ha Jehova a ne a boletse. b

Ezekiele o ile a etsa tshwantshiso efe e bontshang hore na Jerusalema e tla fediswa ka selemo sefe? (Sheba serapa sa 13)

14. (a) Ezekiele o ile a bontsha jwang hore o kgodisehile hore Jehova o tla tshepahalla nako ya hae? (b) Keng e neng e tla etsahala pele Jerusalema e fediswa?

14 Nakong eo Ezekiele a neng a bolellwa boprofeta ba matsatsi a 390 le a 40, e ka nna yaba o ne a sa tsebe hantle selemo seo Jerusalema e neng e tla fediswa ka sona. Empa ha e le haufi le ho fediswa, o ile a lemosa Baiseraele ka makgetlo ka kahlolo ya Jehova e tlang. O ile a re: “Ke nako ya hore le fediswe.” (Bala Ezekiele 7:3, 5-10.) Ezekiele o ne a kgodisehile hore Jehova o tla fela a tshepahalle nako ya hae. (Esa. 46:10) Hape Ezekiele o ile a profeta hore na ho tla etsahalang pele Jerusalema e fediswa. O ile a re: “Ho tla tla tlokotsi ka mora tlokotsi.” Ka lebaka la tlokotsi eo, maemo a setjhaba a ne a tla mpefala, baetapele ba bodumedi ba ne ba ke ke ba etella setjhaba pele borapeding ba Modimo, le marena a ne a ke ke a hlola a kgona ho busa setjhaba.—Ezek. 7:11-13, 25-27.

Ha Jerusalema e ntse e thibeletswe, e ne e tshwana le ‘pitsa e mollong’ (Sheba serapa sa 15)

15. Ke dikarolo dife tsa boprofeta ba Ezekiele tse ileng tsa qala ho phethahala ho tloha ka selemo sa 609 pele ho mehla ya Jesu ho ya pele?

15 Boprofeta boo bo ile ba phethahala dilemo tse seng kae ka mora hore Ezekiele a profete hore Jerusalema e tla fediswa. Ka selemo sa 609, Ezekiele o ile a utlwa hore Bababilona ba se ba qadile ho hlasela Jerusalema. Ka nako eo, terompeta e ile ya lla e le hore setjhaba se ka itokisetsa ho ya ntweng empa jwalo ka ha Ezekiele a ne a boletse, ‘ha ho na motho ya ileng a ya.’ (Ezek. 7:14) Baahi ba Jerusalema ha ba a ka ba leka le ho lwanela motse wa bona ka hore ba lwantshe Bababilona. E ka nna yaba Baiseraele ba bang ba ne ba nahanne hore Jehova o tla ba thusa. Jehova o ne a kile a ba pholosa a sebedisa lengeloi le ileng la bolaya boholo ba masole a Baasiria ha a ne a batla ho hlasela Jerusalema. (2 Mar. 19:32) Empa lekgetlong lena ha ho na lengeloi le ileng la tla. Le pele ho feta nako e telele, Jerusalema e ne e se e tshwana le ‘pitsa e mollong’ mme baahi ba yona ba tshwana le “maqa . . . a nama” a ka hara yona. (Ezek. 24:1-10) Ka mora dikgwedi tse 18 tse boima Jerusalema e thibeletswe, e ile ya fediswa.

“Le Ipolokele Matlotlo Lehodimong”

16. Re lokela ho etsang ho bontsha hore re kgodisehile hore Jehova o tla tshepahalla nako ya hae?

16 Re ka ithutang karolong ee ya boprofeta ba Ezekiele? Na ho na le moo bo amanang teng le molaetsa wa Bibele oo re o bolellang batho le tsela eo ba itshwarang ka yona ha ba o utlwa? Jehova o se a behile nako eo ka yona a tla fedisa bodumedi ba bohata. Le lekgetlong lena o tla e tshepahalla nako eo. (2 Pet. 3:9, 10; Tshen. 7:1-3) Ha re tsebe hantle hore na nako eo ke efe. Empa jwalo ka Ezekiele re mamela taelo ya Jehova ka hore re lemose batho ka ho phetapheta re re: “Ke nako ya hore le fediswe.” Ke hobaneng ha re lokela ho dula re pheta molaetsa oo? Lebaka la rona le tshwana hantle le la Ezekiele. c Batho ba bangata ha ba a ka ba mo kgolwa ha a ba bolella boprofeta ba Modimo bo buang ka ho fediswa ha Jerusalema. (Ezek. 12:27, 28) Empa ha morao Baiseraele ba bang ba neng ba le botlamuweng Babilona ba ile ba bontsha hore ba bakile yaba ba kgona ho kgutlela habo bona. (Esa. 49:8) Le mehleng ena, batho ba bangata ha ba dumele hore lefatshe lena le tla fela. (2 Pet. 3:3, 4) Ho ntse ho le jwalo, re lokela ho tswela pele re thusa batho ba batlang ho tseba Modimo, e le hore ba fumane tsela e isang bophelong pele nako eo Modimo a faneng ka yona e fela.—Mat. 7:13, 14; 2 Bakor. 6:2.

Le hoja batho ba bangata ba sa re mamele, re dula re batla batho ba thabelang ho tseba Modimo (Sheba serapa sa 16)

Ke hobaneng ha baahi ba Jerusalema ba ile ba “lahlela silevera ya bona diterateng”? (Sheba serapa sa 17)

17. Ho tla etsahalang nakong ya mahlomola a maholo?

17 Boprofeta ba Ezekiele bo boetse bo a re hopotsa hore ha bodumedi ba bohata bo fediswa, batho ba dikerekeng tsa bohata ba ke ke “ba ya ntweng” ho lwanela dikereke tsa bona. “Matsoho . . . a bona a tla kgathala” ebile ba tla be “ba tshohile haholo” hobane ba tla be ba bona hore ha ho motho ya ba arabang ha ba ntse ba rapela ba re: “Morena, Morena.” (Ezek. 7:3, 14, 17, 18; Mat. 7:21-23) Ba tla etsang hape? (Bala Ezekiele 7:19-21.) Jehova o re: “Ba tla lahlela silevera ya bona diterateng.” Mantswe ao a buang ka baahi ba Jerusalema a bontsha hantle hore na ho tla etsahalang nakong ya mahlomola a maholo. Ka nako eo, batho ba tla hlokomela hore tjhelete e ke ke ya ba pholosa mahlomoleng a tlang.

18. Boprofeta ba Ezekiele bo re rutang ka ho beha dintho tsa bohlokwa pele bophelong ba rona?

18 Na ho na le ntho eo re ithutang yona karolong ee ya boprofeta ba Ezekiele? Boprofeta bona bo a re ruta hore na ke dintho dife tseo re lokelang ho di beha pele bophelong ba rona. Nahana ka taba ena: Baahi ba Jerusalema ba ne ba sa behe dintho tsa bohlokwa pele bophelong ba bona. Empa eitse ka mora hore ba hlokomele hore ba tlo shwa, hore motse wa bona o tlo fediswa le hore matlotlo a bona a ke ke a ba pholosa, e ile ya eba hona ba etsang diphetoho tse kgolo. Ba ile ba lahla dintho tseo ba nang le tsona yaba ba “batla pono ho moprofeta” empa ba ne ba se ba siilwe ke nako. (Ezek. 7:26) Re fapana le bona ka hore rona re bona hantle hore lefatshe lena le se le ntse le tlo fediswa. Ka lebaka leo, tumelo eo re nang le yona ya hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala e re susumeleditse ho etsa hore dintho tsa bohlokwa di tle pele bophelong ba rona. Ka hoo, re sebetsa ka thata ho fumana maruo a tswang ho Modimo a sa senyeheng ebile ho se mohla a tla lahlelwa “diterateng.”—Bala Matheu 6:19-21, 24.

19. Boprofeta ba Ezekiele bo re ama jwang mehleng ee?

19 Re ka re boprofeta ba Ezekiele bo buang ka ho fediswa ha Jerusalema bo re ama ka ditsela dife mehleng ee? Bo re hopotsa hore re na le nako e nyenyane ya ho thusa batho ba bang hore e be bahlanka ba Modimo. Ke lona lebaka le etsang hore re batle ho ruta batho Bibele ka potlako. Re thaba haholo ha batho ba ratang Jehova ba qala ho mo sebeletsa. Le ha batho ba bang ba sa mamele molaetsa wa rona, re tswela pele ho ba fa molaetsa o tshwanang le oo Ezekiele a ileng a o fa batho ba mehleng ya hae o reng: “Ke nako ya hore le fediswe.” (Ezek. 3:19, 21; 7:3) Ha re ntse re etsa dintho tsena kaofela, re ikemisetsa le ho feta ho tshepa Jehova le ho etsa hore borapedi ba nnete e be bona bo tlang pele bophelong ba rona.—Pes. 52:7, 8; Diprov. 11:28; Mat. 6:33.

a Ke ntho e utlwahalang hore re ka re Ezekiele o ile a etsa dintho tsena batho ba mo shebile. Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo? Ke hobane dintho tseo a di entseng tse kang ho pheha bohobe le ho nka thoto, e ne e le Jehova ya mo laetseng ka ho kgetheha hore a di etse batho “ba shebile.”Ezek. 4:12; 12:7.

b Ha Jehova a ne a tlohela Jerusalema hore e fediswe, o ne a bontsha hore ha a ahlole mmuso wa Juda wa maloko a mabedi feela empa o ne a boetse a ahlola mmuso wa Iseraele wa maloko a leshome. (Jer. 11:17; Ezek. 9:9, 10) Sheba buka ya Insight on the Scriptures, Vol. 1, leq. 462, sehloohong se reng Chronology—From 997 B.C.E. to Desolation of Jerusalem.”

c Hlokomela hore lengolong la Ezekiele 7:5-7, Jehova o sebedisa dipolelwana “ya tla,” “bo a tla” le “bo tla tla” ho hatisa molaetsa.