Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 7

Lichaba li “Tla Tseba Hore ke ’na Jehova”

Lichaba li “Tla Tseba Hore ke ’na Jehova”

EZEKIELE 25:17

NTLHA-KHOLO: Lintho tseo re tl’o ithuta tsona tseleng eo lichaba tse ileng tsa senya Jehova lebitso li ileng tsa tšoara Baiseraele ka eona

1, 2. (a) Baiseraele ba ne ba tšoana joang le nku har’a liphiri? (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Baiseraele le marena a bona ba ile ba etsa’ng?

 KA LILEMO tse ngata, Baiseraele ba ne ba tšoana le nku har’a liphiri. Baamone, Bamoabe le Baedomo e ne e le lira tsa Baiseraele tse ka bochabela. Bafilista bona e ne e le lira tsa Baiseraele tse lulang ka bophirimela ’me e bile lira tsa bona ka nako e telele. Ka leboea teng, e ne e le motse oa Tire o neng o ruile ebile e le sebaka se seholo haholo sa khoebo. Ka boroa e ne e le Egepeta e neng e busoa ke Faro ea neng a nkoa e le molimo.

2 Ha Baiseraele ba ne ba tšepa Jehova, o ne a ba sireletsa lireng tsa bona. Empa ka makhetlo a mangata Baiseraele le marena a bona ba ile ba itumella hore ba susumetsoe ke mekhoa ea lichaba tse haufi le bona. Morena Akabe ke e mong oa marena a ileng a itumella hore a susumetsoe ke lichaba tse ling hoo a ileng a qetella a se a sa sebeletse Jehova. O ne a busa maloko a leshome a Iseraele nakong eo Morena Josafate a neng a busa Juda. O ile a nyala morali oa morena oa Mosidone ea neng a busa naha e ruileng ea Tire. Jezebele mosali oa Morena Akabe, o ile a susumelletsa Baiseraele le monna oa hae hore ba rapele Baale, a ba a etsa hore monna oa hae a silafatse borapeli ba ’nete ka tsela e ke keng ea lekanngoa.—1 Mar. 16:30-33; 18:4, 19.

3, 4. (a) Lekhetlong lee Ezekiele o ile a profeta’ng? (b) Re tl’o araba lipotso life?

3 Jehova o ile a lemosa batho ba hae ka litla-morao tsa ho se mo tšepahalle. Lekhetlong lena mamello ea hae e ile ea fela. (Jer. 21:7, 10; Ezek. 5:7-9) Ka selemo sa 609 pele ho mehla ea Jesu, lebotho la Babilona le ile la khutlela Naheng e Tšepisitsoeng ka lekhetlo la boraro. Ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka bang leshome lebotho la Babilona le sa hlasele Naha e Tšepisitsoeng. Lekhetlong lena, le ne le tl’o liha marako a Jerusalema le ho bolaea ba sa tšehetseng Nebukadnezare. Ha boprofeta bohle boo Molimo a bo boleletseng Ezekiele bo phethahala ’me Bababilona ba qala ho thibella Baiseraele, Ezekiele o ile a qala ho profeta ka hore na ho tla etsahala’ng ka lichaba tse neng li potolohile Baiseraele.

Jehova o tla otla lichaba tse mo sentseng lebitso

4 Jehova o ile a bolella Ezekiele hore lira tsa Baiseraele li ne li tla thaba ha Jerusalema e felisoa li be li hlorise batho ba phonyohileng. Leha ho le joalo, Jehova o ne a tla otla lichaba tse mo sentseng lebitso, tse hlorisitseng batho ba hae le tse entseng hore ba se ke ba mo tšepahalla. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona tseleng eo lichaba tse ling li ileng tsa tšoara Baiseraele ka eona? Lintho tseo Ezekiele a ileng a re li tla etsahalla lichaba tse neng li potolohile Baiseraele li re fa tšepo joang mehleng ee?

Baiseraele ba Tšoaroa Hampe ke Bana ba bo Bona

5, 6. Baamone ba ne ba amana le Baiseraele joang?

5 Baamone, Bamoabe le Baedomo ba ne ba amana le Baiseraele. Le hoja bona le baholo-holo ba bona ba ne ba amana, ba ile ba hloea batho ba Molimo ka nako e telele, ba ba tšoara hampe le ho ba “soma.”—Ezek. 25:6.

6 A re ke re bueng ka Baamone. E ne e le litloholo tsa Lota ngoana oa ngoan’abo Abrahama ka morali oa Lota oa ho fela. (Gen. 19:38) Ba ne ba bua puo e batlileng e tšoana le Seheberu ’me ho ka etsahala hore ebe Baiseraele ba ne ba e utloisisa. Jehova o ile a re Baiseraele ba se ke ba loantša Baamone hobane ba ne ba amana le bona. (Deut. 2:19) Empa mehleng ea Baahloli, Baamone ba ile ba ikopanya le Morena Eglone oa Moabe ho hatella Baiseraele. (Baahl. 3:12-15, 27-30) Hamorao ha Saule e se e le morena, Baamone ba ile ba hlasela Baiseraele. (1 Sam. 11:1-4) Le mehleng ea Morena Josafate, ba ile ba ikopanya le Bamoabe ho hlasela Baiseraele.—2 Likron. 20:1, 2.

7. Bamoabe ba ile ba tšoara bana ba bo bona joang?

7 Bamoabe le bona e ne e le litloholo tsa Lota ka morali oa hae e moholo. (Gen. 19:36, 37) Jehova o ile a re Baiseraele ba se ke ba loantša Bamoabe. (Deut. 2:9) Empa Bamoabe bona ha baa ka ba tšoara Baiseraele hantle. Ho e-na le hore ba thuse bana ba bo bona ha ba ne ba baleha Baegepeta ba neng ba ba entse makhoba, ba ile ba ba sitisa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Balake morena oa Bamoabe o ile a hira Balame hore a bitsetse Baiseraele bomalimabe. Balame le eena o ile a bolella Balake hore na a ka etsa’ng ho chehela banna ba Baiseraele leraba e le hore ba rapele litšoantšo le ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Num. 22:1-8; 25:1-9; Tšen. 2:14) Bamoabe ba ile ba hatella Baiseraele ka lilemo tse ngata ho tla fihlela mehleng ea Ezekiele.—2 Mar. 24:1, 2.

8. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Baedomo le Baiseraele ke bana ba motho? Baedomo ba ile ba tšoara Baiseraele joang?

8 Baedomo e ne e le litloholo tsa Esau lefahla la Jakobo. Baiseraele le Baedomo ba ne ba amana haholo hoo Jehova a ileng a re ke bana ba motho. (Deut. 2:1-5; 23:7, 8) Leha ho le joalo, Baedomo e ile ea e-ba lira tsa Baiseraele ho tloha ha ba tsoa Egepeta ho fihlela ha Jerusalema e felisoa ka selemo sa 607 pele ho mehla ea Jesu. (Num. 20:14, 18; Ezek. 25:12) Ka nako eo, Baedomo ba ile ba thaba ha Baiseraele ba le mathateng ba ba ba khothaletsa Bababilona hore ba timetse Jerusalema. Ha baa ka ba fella moo feela, ba ile ba thibella Baiseraele ba neng ba baleha, ba fana ka bona ho Bababilona.—Pes. 137:7; Obad. 11, 14.

9, 10. (a) Ho etsahetse’ng ka Baamone, Bamoabe le Baedomo? (b) Ke’ng e bontšang hore ha se batho bohle ba lichaba tseo ba neng ba hloile Baiseraele?

9 Jehova o ile a ahlola lichaba tseo tse amanang le Baiseraele ka lebaka la tsela eo li neng li ba tšoere ka eona. O ile a re: “Ke tla nehelana ka Baamone . . . e le hore batho ba ka bochabela ba ba hape. Baamone ba ke ke ba hlola ba hopoloa har’a lichaba.” A boela a re: “Ke tla ahlola Bamoabe ’me ba tla tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezek. 25:10, 11) Lilemo tse ka bang hlano ka mor’a hore Jerusalema e felisoe, boprofeta boo bo ile ba phethahala ha Bababilona ba hapa Baamone le Bamoabe. Hape Jehova o ile a re: “Ke tla ahlola Baedomo ka hore ke felise naha ea bona, liphoofolo le batho.” (Ezek. 25:13) Feela joalokaha ho boletsoe, Baamone, Bamoabe le Baedomo ba ile ba felisoa.—Jer. 9:25, 26; 48:42; 49:17, 18.

10 Leha ho le joalo, ha se batho bohle ba lichaba tseo ba neng ba hloile batho ba Molimo. Ka mohlala, Zeleke oa Moamone le Ithma oa Momoabe e ne e le ba bang ba masole a Morena Davida a matla. (1 Likron. 11:26, 39, 46; 12:1) Ruthe oa Momoabe le eena e ile ea e-ba mohlanka oa Jehova.—Ruthe 1:4, 16, 17.

U se ke oa khaotsa ho tšepahalla Jehova esita le hanyenyane feela

11. Re ka ithuta’ng tlalehong ea Baiseraele le lichaba tse neng li ba potolohile?

11 Re ka ithuta’ng tlalehong ee ea Baiseraele le lichaba tse neng li ba potolohile? Re ithuta hore Baiseraele ba ile ba itumella ho susumetsoa ke lichaba tse ba potolohileng. Ntho eo e ile ea etsa hore ba qetelle ba rapela melimo ea bohata e kang Baale oa Peore ea neng a rapeloa ke Bamoabe le Moloke molimo oa Baamone. (Num. 25:1-3; 1 Mar. 11:7) Re ka etsahalloa ke ntho e tšoanang. Batho bao re amanang le bona bao e seng Lipaki ba ka re susumelletsa hore re se ke ra tšepahalla Jehova. Ka mohlala, ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha re sa keteke Paseka, re sa fanane limpho ka Keresemese kapa re sa etse lintho tse ling tse tloaelehileng tse amanang le litumelo tsa malumeli a bohata. Le haeba ba se na merero e mebe, ba ka leka ho re susumelletsa hore re se ke ra mamela Jehova leha e le ka ntho e nyenyane feela. Ho bohlokoa haholo hore re se ke ra itumella ho isoa hosele leha e ka ba hanyenyane feela. Pale ea Baiseraele ea bontša hore ha re ka khaotsa ho tšepahalla Jehova esita le hanyenyane feela, re ka hlaheloa ke mathata a tšabehang.

12, 13. Re ka hlorisoa joang empa ho tla etsahala’ng haeba re lula re tšepahala?

12 Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re ka ithutang eona tseleng eo Baamone, Bamoabe le Baedomo ba ileng ba tšoara Baiseraele ka eona. Beng ka rona bao e seng Lipaki ba ka re hlorisa haholo. Jesu o ile a cho hore molaetsa oo re o bolellang batho kajeno o tla “baka karohano.” O ile a re ka lebaka la molaetsa oo, “mora o tla loantša ntate, morali a loantše ’mè.” (Mat. 10:35, 36) Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba loantša lichaba tse amanang le bona. Le rona ha re loantše beng ka rona bao e seng Lipaki. Empa re se ke ra makala ha ba re hlorisa.—2 Tim. 3:12.

13 Le haeba beng ka rona ba sa hanyetse tumelo ea rona, ha rea lokela ho ba lumella hore ba re susumelletse ho mamela bona ho feta Jehova. Hobane’ng? Hobane Jehova ke eena eo re lokelang ho mo rata ho feta motho e mong le e mong. (Bala Matheu 10:37.) Ho feta moo, haeba re lula re tšepahalla Jehova, batho ba bang bao re amanang le bona ba ka tšoana le Zeleke, Ithma le Ruthe eaba ba qetella e le barapeli ba ’nete. (1 Tim. 4:16) Le bona ba tla utloa monate oa ho sebeletsa Molimo a le mong feela oa ’nete, ba utloe monate oa ho ratoa le ho sireletsoa ke eena.

Jehova o “Halefela” Lira Tsa Hae

14, 15. Bafilista ba ile ba tšoara Baiseraele joang?

14 Bafilista ba ile ba falla sehlekehlekeng sa Kreta eaba ba e’o lula naheng eo Jehova a e tšepisitseng Abrahama le litloholo tsa hae. Abrahama le Isaka ba ne ba kile ba sebelisana le Bafilista. (Gen. 21:29-32; 26:1) Nakong eo Baiseraele ba fihlang Naheng e Tšepisitsoeng, Bafilista e ne e se e le sechaba se seholo se nang le lebotho le matla la sesole. Ba ne ba rapela melimo ea bohata e kang Baale-zebube le Dagone. (1 Sam. 5:1-4; 2 Mar. 1:2, 3) Ka linako tse ling Baiseraele ba ne ba rapela melimo eona ena.—Baahl. 10:6.

15 Jehova o ile a lumella Bafilista hore ba hatelle Baiseraele ka lilemo tse ngata hobane ba sa ka ba mo tšepahalla. (Baahl. 10:7, 8; Ezek. 25:15) Ba ile ba fa Baiseraele melao e boima a le ho ba bolaea ka bongata. (1 Sam. 4:10) Leha ho le joalo, ha Baiseraele ba ne ba baka ’me ba khutlela ho Jehova, o ne a ba pholosa. O ile a sebelisa banna ba kang Samsone, Saule le Davida hore a ba pholose. (Baahl. 13:5, 24; 1 Sam. 9:15-17; 18:6, 7) Ezekiele o ne a profetile hore Jehova o tla “halefela” Bafilista ka “ho ba fa kotlo.” Mantsoe ao a ile a phethahala ha Bababilona le Bagerike ba hlasela naha ea bona.—Ezek. 25:15-17.

16, 17. Re ka ithuta’ng tseleng eo Bafilista ba ileng ba tšoara Baiseraele ka eona?

16 Re ka ithuta’ng tseleng eo Bafilista ba ileng ba tšoara Baiseraele ka eona? Batho ba Jehova mehleng ena ba hlorisitsoe ke e meng ea mebuso e matla ka ho fetisisa e kileng ea busa batho. Rona re fapana le Baiseraele ka hore haesale re tšepahalla Jehova ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ka bonahala eka batho ba hloileng borapeli ba ’nete ba atleha ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, lilemong tse ka bang lekholo tse fetileng, ’muso oa United States o ile oa leka ho emisa mosebetsi oa batho ba Jehova ka hore o tšoare bana ba bo rona ba neng ba etella mokhatlo pele le ho ba ahlolela lilemo tse ngata teronkong. Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, mokha oa Manazi oa Jeremane o ile oa leka ho felisa batho ba Molimo. O ile oa ba koalla literonkong le ho ba bolaea ka bongata. Ka mor’a hore ntoa eo e lale, mokhatlo oa Soviet Union o ile oa tsoa letšolo ka lilemo tse ngata ka sepheo sa ho hlorisa Lipaki Tsa Jehova. O ne o isa Lipaki tse ngata likampong tseo ho tsona ho neng ho etsoa mosebetsi o boima kapa o li tlosa mahaeng a tsona ka nkane o li isa libakeng tse hole haholo.

17 Mehleng ena mebuso e ntse e ka tsoela pele ho leka ho emisa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele, ea re tšoara kapa ea bolaea ba bang ba rona. Na lintho tsee li lokela ho etsa hore re tšohe kapa re felloe ke tumelo? Le letho! Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae. (Bala Matheu 10:28-31.) Mebuso ena e matla e hlorisitseng batho ba Jehova e hlahile ea ba ea nyamela empa batho ba Jehova bona ba ntse ba tsoela pele ho eketseha. Haufinyane mebuso eohle e teng lefatšeng e tla etsahalloa ke ntho e tšoanang le e etsahaletseng Bafilista, e tla tseba Jehova! Hape joaloka Bafilista, le eona e tla felisoa.

‘Maruo a Mangata’ a ke ke a re Sireletsa

18. Tire e ne e le motse o joang?

18 Motse oa Tire b e ne e le o mong oa metse e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng mehleng ea khale o bile o li hula pele litabeng tsa khoebo. Tire e ne e e-na le likepe tsa khoebo tse neng li tsamaela Leoatleng la Mediterranean ho ea fihla libakeng tse ngata ka bophirimela. Ka bochabela teng, e ne e e-na le litsela tse ngata tseo bo-rakhoebo ba neng ba tsamaea ho tsona tse neng li ba fihlisa libakeng tse hole. Ka lilemo tse ngata Tire e ne e hoeba le linaha tse hole ’me maruo a eona a ntse a eketseha. Bo-rakhoebo ba Tire ba ne ba ruile hoo ba neng ba inka e le likhosana.—Esa. 23:8.

19, 20. Baahi ba Tire le baahi ba Gibeone ba ne ba fapane joang?

19 Nakong ea puso ea Davida le Solomone, Iseraele e ne e sebetsa haholo le batho ba Tire litabeng tsa khoebo. Batho ba Tire ba ile ba fana ka thepa le banna ba etsang mosebetsi oa matsoho e le hore ho hahoe phaleisi ea Davida le tempele e ileng ea hahoa ha Solomone a ne a busa. (2 Likron. 2:1, 3, 7-16) Batho ba Tire ba sebelitse le Baiseraele nakong eo lintho li neng li tsamaela Baiseraele hantle. (1 Mar. 3:10-12; 10:4-9) Nahana feela hore na batho ba bangata ba Tire ba ne ba e-na le monyetla o motle hakaakang oa hore ba ithute ka borapeli ba ’nete, ba tsebe Jehova le hore ba iponele melemo e tlisoang ke ho sebeletsa Molimo oa ’nete!

20 Le hoja batho ba Tire ba ne ba e-na le monyetla o motle hakaalo, ba ile ba ’na ba itsoella pele ka bophelo ba bona ba ho lelekisa maruo. Ha baa ka ba etsisa Bakanana ba motse o moholo oa Gibeone, ba ileng ba utloela feela ka mesebetsi e meholo eo Jehova a e entseng eaba ba qetella ba mo sebeletsa. (Josh. 9:2, 3, 22–10:2) Ho e-na le hore batho ba Tire ba etse joalo, ba ile ba qetella ba se ba hlorisa batho ba Molimo le ho rekisa ba bang ba bona hore e be makhoba.—Pes. 83:2, 7; Joele 3:4, 6; Amose 1:9.

Le ka mohla re se ke ra nka hore maruo a ka re sireletsa

21, 22. Ho etsahetse’ng ka Tire hona hobane’ng?

21 Jehova o ile a sebelisa Ezekiele hore a re ho batho ba Tire: “Uena Tire, ke tla u ahlola ke etse hore lichaba tse ngata li u loantše feela joalokaha leoatle le nyolla maqhubu a lona. Li tla liha mabota le litora tsa hao. Ke tla tlosa mobu o ho uena, u be joaloka lefika le benyang.” (Ezek. 26:1-5) Batho ba Tire ba ne ba tšepile maruo a bona, ba utloa a ba sirelelitse joaloka lerako le neng le pota-potile motse oa bona o sehlekehlekeng le neng le le bophahamo ba limithara tse 46. Hoja ba ile ba mamela Solomone ha a ne a re: “Maruo a morui ke motse oa hae o matla. Monahanong oa hae, a joaloka lerako le sireletsang.”—Liprov. 18:11.

22 Ha Bababilona le Bagerike ba phethahatsa boprofeta ba Ezekiele, baahi ba Tire ba ile ba bona hore maruo a bona le marako a bona ao ba neng ba nahana hore a ba sirelelitse ha a na thuso. Ka mor’a hore Bababilona ba felise Jerusalema, ba ile ba nka lilemo tse 13 ba tsoile letšolo ho hlasela Tire. (Ezek. 29:17, 18) Eaba ka selemo sa 332, Morena Alexandere e Moholo o etsa ntho e kholo e ileng ea phethahatsa boprofeta ba Ezekiele. c Lebotho la hae le ile la bokella mesaletsa ea motse o moholo oa Tire ka mor’a hore o felisoe. Ka mor’a moo, la lahlela majoe, mobu le lintho tse entsoeng ka patsi ka metsing e le hore le etse tsela e tla le fihlisa motseng o sehlekehlekeng oa Tire. (Ezek. 26:4, 12) Alexandere o ile a thuha marako, a nka sohle se motseng, a bolaea baahi le masole a likete a ba a rekisa ba bang ba mashome a likete hore e be makhoba. Baahi ba Tire ba ile ba tseba Jehova ’me ba ithuta habohloko hore ‘maruo a mangata’ a ke ke a ba sireletsa.—Ezek. 27:33, 34.

Le hoja ho ne ho bonahala eka Tire e sireletsehile kahohle-hohle, e ile ea felisoa feela joalokaha Ezekiele a ne a profetile (Sheba serapa sa 22)

23. Re ithuta’ng ho baahi ba Tire?

23 Re ithuta’ng ho baahi ba Tire? Le ka mohla re se ke ra lumella “tabatabelo ea ho rua” hore e etse hore re tšepe maruo kapa re nke hore aa re sireletsa. (Mat. 13:22) Re ke ke ra “sebeletsa Molimo le Maruo.” (Bala Matheu 6:24.) Batho ba sebeletsang Jehova ka moea ’ohle ke bona feela ba sireletsehileng e le kannete. (Mat. 6:31-33; Joh. 10:27-29) Boprofeta bo buang ka ho felisoa ha lefatše lena bo tla phethahala kaofela feela joalokaha boprofeta bo buang ka Tire le bona bo ile ba phethahala. Ka nako eo, ha Jehova a felisa maruo a lefatše lena le beng ba ’ona ba meharo le ba ichebileng bobona, batho ba tšepileng maruo ba tla tseba Jehova hantle.

Mebuso ea Lipolotiki e Tšoana le “Lehlaka le sa Tieang”

24-26. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Egepeta ke “lehlaka le sa tieang”? (b) Morena Tsedekia o ile a etsa’ng ho bontša hore ha a mamele Jehova, hona o ile a fumana litla-morao life?

24 Ho tloha pele ho mehla ea Josefa ho fihlela ha Bababilona ba hlasela Jerusalema, ’muso oa Egepeta o ne o laola karolo e kholo ea naha eo Baiseraele ba ileng ba lula ho eona. Kaha puso ea Egepeta e ne e e-na le lilemo tse ngata e le teng, ho ne ho ka bonahala eka e tsitsitse joaloka sefate seo e leng khale se le teng. Empa ha Egepeta e bapisoa le Jehova, e ne e fokola joaloka “lehlaka le sa tieang.”—Ezek. 29:6.

25 Morena Tsedekia oa lerabele ha aa ka a hlokomela hore na Egepeta e fokola hakae. Jehova o ile a roma moprofeta Jeremia hore a bolelle Tsedekia hore a ikokobeletse morena oa Babilona. (Jer. 27:12) Tsedekia o ile a ba a ikana ka lebitso la Jehova hore a ke ke a fetohela Nebukadnezare. Empa o ile a khetha ho se mamele Jehova, a fetohela kano eo a e etselitseng Nebukadnezare a ba a kopa Baegepeta hore ba mo thuse ho loantša Bababilona. (2 Likron. 36:13; Ezek. 17:12-20) Baiseraele ba ileng ba tšepa matla a Egepeta ba ile ba ipitsetsa bomalimabe. (Ezek. 29:7) Ho ne ho ka bonahala eka Egepeta e matla joaloka “phoofolo e kholohali ea leoatle.” (Ezek. 29:3, 4) Empa Jehova o ile a re o tla e etsa ntho e tšoanang le eo litsomi li e etsang ha li tšoasa likoena Nokeng ea Nile. O ne a tla e kenya lihakisi mehlahareng a e hule a e’o e felisa. O ile a phethahatsa mantsoe a hae ka ho roma Bababilona hore ba hape Egepeta.—Ezek. 29:9-12, 19.

26 Ho ile ha etsahala’ng ka Tsedekia oa molotsana? Kaha o ile a fetohela Jehova, Ezekiele o ile a profeta hore “khosana” ena e khopo e ne e tla rola korone le hore borena ba eona bo ne bo tla fela. Empa Ezekiele o ile a profeta ntho e ’ngoe e fanang ka tšepo. (Ezek. 21:25-27) Jehova o ile a re a profete hore motho ea tsoang lelokong la borena, ea nang le “tokelo ea molao” o ne a tla nka marapo a puso. Khaolong e latelang ea buka ena re tl’o bona hore na motho eo ke mang.

27. Litšebelisano tseo Iseraele e ileng ea e-ba le tsona le Egepeta li re ruta’ng?

27 Litšebelisano tseo Iseraele e ileng ea e-ba le tsona le Egepeta li re ruta’ng? Batho ba Jehova mehleng ena ba lokela ho qoba ho tšepa mebuso ea lefatše ebe ba nahana hore mebuso eo e tla ba sireletsa. Le lintho tseo re li nahanang li lokela ho bontša hore ‘ha re ba lefatše.’ (Joh. 15:19; Jak. 4:4) Mebuso ea lefatše e ka bonahala eka e matla empa e itšoanela le Egepeta ka hore e fokola joaloka lehlaka le sa tieang. Haeba re ka tšepa motho ea ka ichoellang neng kapa neng ho e-na le hore re tšepe Molimo ea matla ’ohle ea busang lintho tsohle, e tla ba ha re bohlale.—Bala Pesaleme ea 146:3-6.

Re lokela ho qoba ho kenella litabeng tsa lipolotiki le moo re leng bang (Sheba serapa sa 27)

Lichaba ‘li Tla Tseba’

28-30. Lichaba ‘li tla tseba’ Jehova joang? Ho fapana le lichaba, rona re tseba Jehova joang?

28 Bukeng ea Ezekiele Jehova o pheta mantsoe a reng “ba tla tseba hore ke ’na Jehova” ka makhetlo a mangata. (Ezek. 25:17) Mantsoe ana a ile a fela a phethahala mehleng ea khale ha Jehova a ne a otla lira tsa batho ba hae. Empa mantsoe ao a tla phethahala ka tsela e kholoanyane mehleng ena. Joang?

29 Joaloka batho ba Molimo ba mehleng ea khale, re pota-potiloe ke lichaba tse bonang re tšoana le nku e tsamaeang e le ’ngoe e ke keng ea khona ho itšireletsa. (Ezek. 38:10-13) Joalokaha re tla bona Khaolong ea 17 le 18 ea buka ena, haufinyane lichaba tsohle tsa lefatše li tla tsoa letšolo ho hlasela batho ba Molimo ka bokhopo bohle. Empa mohla li ba hlaselang, li tla tseba hantle hore na ke mang ea matla. Mohla Jehova a li felisang ka ntoa ea Armagedone li tla mo tseba hantle, li bone hore ke eena ea nang le matla a ho busa.—Tšen. 16:16; 19:17-21.

30 Empa rona Jehova o tla re sireletsa a be a re hlohonolofatse. Hobane’ng? Hobane re bontšitse esale hona joale hore re tseba Jehova ka hore re mo tšepe, re mo mamele re be re mo rapele ka tsela eo a e amohelang kaha ke eona ntho e mo tšoanelang.—Bala Ezekiele 28:26.

a Ka mohlala, Bafilista ba ne ba thibetse Baiseraele hore ba se ke ba e-ba le batho ba etsang lintho tsa tšepe. Baiseraele ba ne ba tlameha ho ea ho Bafilista hore ba ba betlele lisebelisoa tsa masimong ebe Bafilista ba ba patalisa chelete e lekanang le mokholo oa matsatsi a mangata.—1 Sam. 13:19-22.

b Ho bonahala Tire e ne e le motse o hahiloeng mafikeng o se hole le boema-kepe. O ne o le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ka leboea ho Thaba ea Karmele. Hamorao motse oo o ile oa eketsoa eaba karolo e ’ngoe ea oona e tsejoang e le motse o moholo e hahoa thoko le leoatle. Ka Seheberu naha eo e bitsoa Sur e bolelang “Lefika.”

c Esaia, Jeremia, Joele, Amose le Zakaria le bona ba ile ba profeta ka Tire ’me boprofeta boo bo ile ba phethahala kaofela.—Esa. 23:1-8; Jer. 25:15, 22, 27; Joele 3:4; Amose 1:10; Zak. 9:3, 4.