Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 8

“Ke Tla li fa Molisa a le Mong”

“Ke Tla li fa Molisa a le Mong”

EZEKIELE 34:23

NTLHA-KHOLO: Lintho tse ’nè tse profetiloeng ka Mesia le kamoo Kreste a li phethahalitseng kateng

1-3. Ke’ng e ileng ea utloisa Ezekiele bohloko, hona ho ile ha thoe a tlalehe eng?

 KE LILEMO tse tšeletseng Ezekiele a le botlamuoeng Babilona. a Moprofeta enoa o utloile bohloko haholo ha a nahana ka tsela eo naha ea habo ea Juda e busoang ka eona. Ho busitse marena a mangata mehleng ea hae.

2 Ezekiele o hlahile nakong eo ho neng ho busa Morena Josiase ea tšepahalang. E tlameha ebe Ezekiele o ne a thabile haholo ha a utloa hore Josiase o tsoile letšolo la ho senya litšoantšo tse rapeloang le ho tsosolosa borapeli ba ’nete Juda. (2 Likron. 34:1-8) Leha ho le joalo, boiteko ba Josiase ha boa ka ba ea le kae hobane ka mor’a hae ho ile ha busa marena a rapelang litšoantšo. Ha ho makatse hore ha ho busa marena ao a khopo, sechaba sohle se ile sa itšoara hampe sa ba sa senya setsoalle sa sona le Jehova. Na tharollo e tla ba teng? Ho joalo.

3 Jehova o ile a re moprofeta oa hae ea tšepahalang a tlalehe boprofeta ba pele bo buang ka Mesia eo e neng e tla ba Morena ka moso le Molisa oa ka ho sa feleng ea tla tsosolosa borapeli ba ’nete le ho hlokomela linku tsa Jehova. E ka ba hantle hore re ithute ka boprofeta bona hobane phethahatso ea bona e ama bokamoso ba rona. A re ke re hlahlobeng lintho tse ’nè tse profetiloeng ka Mesia bukeng ea Ezekiele.

“Lekhasi” e E-ba “Sefate se Seholo sa Kedare”

4. Ezekiele o ile a profeta’ng? Jehova o ile a tlisa boprofeta boo joang?

4 Hoo e ka bang ka selemo sa 612 pele ho mehla ea Jesu, Jehova o ile a re Ezekiele a ngole boprofeta bo buang ka Mesia le bohlokoa ba ho tšepa ’Muso oa hae. O ile a re Ezekiele a bolelle batho ba botlamuoeng le eena boprofeta bona bo bontšang hore marena a Juda a ne a sa tšepahale. Hape boprofeta bona bo ne bo bontša hore batho ba hloka ho busoa ke ’Musi ea lokileng e leng Mesia.—Ezek. 17:1, 2.

5. Akaretsa boprofeta ba Ezekiele.

5 Bala Ezekiele 17:3-10. Kakaretso ea boprofeta bona ke ena: “Ntsu e kholo” e khaola lekala le ka holimo-limo la sefate sa kedare ebe e le isa “naheng ea bo-rakhoebo.” Eaba ntsu eo e “nka peo e ’ngoe naheng eo” ea e jala tšimong e nang le mobu o motle “pel’a metsi a mangata.” Peo eo e ile ea mela eaba e e-ba “sefate sa morara se sekhutšoanyane.” Ka mor’a moo, ha hlaha “ntsu e ’ngoe hape e kholo.” Sefate sa morara se ile sa otlollela metso ea sona ho ntsu ea bobeli hobane se batla e se leme nģa e ’ngoe pel’a metsi a mangata. Jehova o ile a khalemela sefate sena sa morara, a bontša hore metso ea sona e tla khaoloa le hore ‘makhasi a sona a tla omella.’

Ntsu ea pele e kholo e ne e emela Morena Nebukadnezare oa Babilona (Sheba serapa sa 6)

6. Hlalosa hore na boprofeta bona bo bolela’ng.

6 Boprofeta boo bo bolela’ng? (Bala Ezekiele 17:11-15.) Ka selemo sa 617, Morena Nebukadnezare oa Babilona (e leng “ntsu e kholo” ea pele) o ile a thibella Jerusalema. O ile a tlosa Morena Jojakine oa Juda (e leng “lekala le ka holimo-limo”) boreneng a mo isa Babilona (e leng ‘naha ea bo-rakhoebo’). Nebukadnezare o ile a etsa Tsedekia (oa leloko la boreneng e leng “peo e ’ngoe naheng”) morena oa Jerusalema. Ho ile ha thoe morena enoa e mocha oa Juda a ikane ka lebitso la Molimo hore o tla tšepahalla morena oa Babilona le ho mo sebeletsa. (2 Likron. 36:13) Empa Tsedekia o ile a tsoa kano ena tlase, a koenehela morena oa Babilona eaba o kopa thuso ea sesole ho Faro morena oa Egepeta (e leng “ntsu e kholo” ea bobeli). Leha ho le joalo, ha aa ka a atleha. Jehova o ile a khalemela Tsedekia hobane o ile a tsoa kano ena tlase. (Ezek. 17:16-21) Qetellong Tsedekia o ile a tlosoa boreneng eaba o shoella teronkong Babilona.—Jer. 52:6-11.

7. Re ithuta’ng boprofeteng boo?

7 Re ithuta’ng boprofeteng boo? Ntho ea pele, kaha re barapeli ba ’nete, re lokela ho tšepahala. Jesu o ile a re: “Ha le re le tla etsa ntho, le fele le e etse. Ha le re le ke ke la etsa ntho, le se ke la e etsa”. (Mat. 5:37) Haeba ho hlokahala hore re ikane ka pel’a Molimo hore re tla bua ’nete, (mohlala e ka ba haeba re fana ka bopaki ka khotla) ha rea lokela ho nka kano eo hanyane. Ntho ea bobeli, re be hlokolosi hore na re tšepa mang. Bibele e re: “Le se ke la tšepa likhosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa.”—Pes. 146:3.

8-10. Jehova o ile a re’ng ha a hlalosa Mesia, hona boprofeta boo bo ile ba phethahala joang? (Sheba lebokose le reng “Boprofeta bo Buang ka Mesia—Sefate se Seholo sa Kedare.”)

8 Ho na le morena eo re ka mo tšepang ka botlalo. Ka mor’a hore Jehova a bue ka boprofeta ba lekala le khaotsoeng, o ile a sebelisa boprofeta bo tšoanang ho hlalosa Mesia ea tla busa ka moso.

9 Boprofeta bo buang ka Mesia. (Bala Ezekiele 17:22-24.) Lekhetlong lena ke Jehova ea tla nka khato eseng lintsu tse kholo. O tla nka lekhasi “karolong e ka holimo-limo ea sefate sa kedare” a le leme “thabeng e telele.” Lekhasi leo le tla hola e be “sefate se seholo sa kedare” seo “linonyana tsa mefuta eohle li tla lula tlas’a sona.” Ka mor’a moo, “lifate tsohle” li tla tseba hore ke Jehova ea holisitseng sefate seo se seholo.

10 Boprofeta boo bo phethahala joang? Jehova o ile a nka Mora oa hae Jesu Kreste ea tsoang lelokong la borena la Davida (e leng “sefate se seholo sa kedare”) a mo lema Thabeng ea Sione e leholimong (e leng “thaba e telele”). (Pes. 2:6; Jer. 23:5; Tšen. 14:1) A boela a phahamisa Jesu Mora oa hae ka hore a mo fe “terone ea ntate oa hae Davida” le hoja lira tsa hae li ne li mo nka e le “motho ea tlase ka ho fetisisa.” (Dan. 4:17; Luka 1:32, 33) Morena Jesu Kreste eo e leng eena Mesia, o tla phahamela lefatše lohle joaloka sefate sa kedare se seholo ’me a hlohonolofatse batho bohle bao a tl’o ba busa. Enoa hee ke eena Morena eo re ka mo tšepang! Batho bohle ba tla beng ba le teng lefatšeng ha Jesu a busa ba tla ‘lula ba sireletsehile, ba ke ke ba khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.’—Liprov. 1:33.

11. Boprofeta ba “lekhasi” le fetohang “sefate se seholo sa kedare” bo re ruta’ng?

11 Boprofeta boo bo re ruta’ng? Boprofeta bo buang ka “lekhasi” le fetohang “sefate se seholo sa kedare” bo re thusa ho utloisisa taba ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng hore na re lokela ho tšepa mang. E tla be e le ho hloka kelello ho tšepa mebuso ea batho le masole a eona. E le hore re sireletsehe e le kannete, re lokela ho tšepa Morena Jesu Kreste eo e leng eena Mesia. Mathata ’ohle a batho a tla rarolloa ke puso ea hae feela.—Tšen. 11:15.

“Motho ea Nang le Tokelo ea Molao”

12. Jehova o ile a etsa’ng ho bontša hore o ntse a hopotse selekane seo a se entseng le Davida?

12 Tlhaloso e tsoang ho Molimo ea boprofeta ba lintsu tse peli, e ile ea thusa Ezekiele ho utloisisa hore Tsedekia morena ea sa tšepahaleng ea tsoang lelokong la borena la Davida, o ne a tla tlosoa boreneng a be a isoe botlamuoeng Babilona. E ka ’na eaba Ezekiele o ile a ipotsa a re: ‘Ho tla etsahala’ng ka selekane seo Molimo a se entseng le Davida sa hore morena ea tsoang lelokong la hae o tla busa ka ho sa feleng?’ (2 Sam. 7:12, 16) Haeba Ezekiele o ile a fela a ipotsa potso eo, karabo e ile ea fihla kapele. Hoo e ka bang ka selemo sa 611, e leng selemo sa bosupa Baiseraele ba le botlamuoeng, ha Tsedekia a ntse a busa Juda, Jehova o ile a bua le Ezekiele. (Ezek. 20:2) Jehova o ile a re a fane ka boprofeta bo bong bo buang ka Mesia bo hlakisang hantle hore o ntse a hopotse selekane seo a se entseng le Davida. Boprofeta boo bo ne bo bontša hore Mesia ke eena mojalefa oa Davida ea neng a tla ba le tokelo ea molao ea ho busa ka moso.

13, 14. Boprofeta bo ho Ezekiele 21:25-27 bo bolela’ng, hona bo ile ba phethahala joang?

13 Boprofeta bo buang ka Mesia. (Bala Ezekiele 21:25-27.) Nako ea hore Tsedekia a otloe e fihlile. Kahoo, Jehova o roma Ezekiele hore a bue a sa pota-pote le morena enoa eo e leng “khosana ea Iseraele” e khopo. Jehova o bolella morena enoa ea khopo hore o tla nkeloa “tuku” le “korone,” e leng lintho tse emelang matla a ho busa. Ka mor’a moo, mebuso e neng e le “tlase” e ne e tla phahamisoa ebe e “phahameng” ea theoloa. Mebuso eo e phahamisitsoeng e ne e tla busa ho fihlela “motho ea nang le tokelo ea molao a fihla” ’me ke eena eo Jehova a tla mo fa ’Muso.

14 Boprofeta boo bo phethahala joang? Ka selemo sa 607 ha Jerusalema e felisoa, ’muso oa Juda o “phahameng” o neng o le Jerusalema o ile oa theoloa ha Bababilona ba felisa Jerusalema, ba theola Morena Tsedekia teroneng le ho mo hapa. Kaha joale ho ne ho se ho se na morena oa leloko la Davida ea neng a busa Jerusalema, mebuso ea Balichaba e “tlase” e ile ea phahamisoa eaba e laola lefatše empa ha ea ka ea busa ho ea ho ile. “Linako tse behiloeng tsa lichaba” li ile tsa fela ka 1914 ha Jehova a fa Jesu Kreste marapo a puso. (Luka 21:24) Kaha Jesu ke setloholo sa Morena Davida, ke eena ea nang le “tokelo ea molao” ea ho busa. b (Gen. 49:10) Kahoo, Jehova o ile a sebelisa Jesu ho phethahatsa tšepiso ea hae ea ho fa Davida mojalefa ea tla busa ka ho sa feleng.—Luka 1:32, 33.

Jesu o na le tokelo ea molao ea ho ba Morena oa ’Muso oa Molimo (Sheba serapa sa 15)

15. Ke hobane’ng ha re ka tšepa Morena Jesu Kreste ka ho feletseng?

15 Boprofeta boo bo re ruta’ng? Jesu Kreste ke Morena eo re ka mo tšepang ka ho feletseng. Hobane’ng? Hobane ho fapana le marena a lefatše ao ka linako tse ling a khethoang ke batho kapa a ka inkelang matla a puso, Jesu eena o khethiloe ke Jehova eaba o “fuoa . . . ’muso” oo a nang le tokelo ea molao ea ho o fumana. (Dan. 7:13, 14) Kannete Morena enoa ea khethiloeng ke Jehova ka boeena ke Morena eo re ka mo tšepang kahohle-hohle!

“Mohlanka oa ka Davida” e Tla ba “Molisa oa Tsona”

16. Jehova o ikutloa joang ka linku tsa hae? “Balisa ba Iseraele” ba mehleng ea Ezekiele ba ne ba tšoara linku tsa Molimo joang?

16 Jehova Molisa e Moholo o rata linku tsa hae haholo, e leng bahlanka ba hae ba lefatšeng. (Pes. 100:3) Ha a khetha batho hore ba li etelle pele le hore ba li hlokomele, o sheba ka hloko hore na ba li tšoara joang. Nahana feela hore na Jehova o ile a ikutloa joang ka “balisa ba Iseraele” ba mehleng ea Ezekiele. Ba ne ba busa linku tsa Molimo ‘ka thata ebile ba li hateletse.’ Ka lebaka leo, mohlape oa Molimo o ile oa ba le mathata ’me ba bangata ba tlohela borapeli ba ’nete.—Ezek. 34:1-6.

17. Jehova o ile a pholosa linku tsa hae joang?

17 Jehova o ne a tla etsa’ng? O ile a re ho balisa bao ba sehloho ba Iseraele: ‘Ke tla etsa hore ba ikarabelle.’ O ile a boela a re: “Ke tla pholosa linku tsa ka.” (Ezek. 34:10) Jehova o lula a phethahatsa litšepiso tsa hae. (Josh. 21:45) Ka selemo sa 607 ha Bababilona ba hlasela Jerusalema, Jehova o ile a pholosa linku tsa hae ka hore a sebelise Bababilona ho tlosa balisa bao ba ichebileng bobona feela litulong. Ka mor’a lilemo tse 70, o ile a pholosa linku tsa hae Babilona a li khutlisetsa naheng ea habo tsona e le hore li ka tsosolosa borapeli ba ’nete. Empa linku tsa Jehova li ne li ntse li sa sireletseha hobane li ne li tl’o tsoela pele ho busoa ke batho. Ho ne ho sa setse lilemo tse makholo pele “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fela.—Luka 21:24.

18, 19. Ezekiele o ile a profeta’ng ka selemo sa 606? (Sheba setšoantšo se qalang.)

18 Ka selemo sa 606, Jehova o ile a re Ezekiele a phatlalatse boprofeta bo bontšang hore eena joaloka Molisa e Moholo, o tsotella linku tsa hae haholo ka linako tsohle. Ka nako eo, Jerusalema e ne e se e e-na le ntho e ka etsang selemo e felisitsoe ebile ho ne ho setse lilemo tse mashome pele Baiseraele ba lokolloa botlamuoeng Babilona. Boprofeta boo bo bontša hore na Mesia o ne a tla tšoara linku tsa Jehova joang ha a se a busa.

19 Boprofeta bo buang ka Mesia. (Bala Ezekiele 34:22-24.) Molimo o tla fana ka “molisa a le mong,” eo a reng ke “mohlanka oa ka Davida.” Mantsoe a reng “molisa a le mong” le “mohlanka oa ka” aa bontša hore Morena enoa ke eena feela mojalefa oa Davida ea neng a tla busa ka ho sa feleng. O ne a sa tl’o tsosolosa puso ea marena a leloko la Davida. Morena enoa eo hape e leng Molisa, o tla fepa linku tsa Molimo ’me e be “khosana ea tsona.” Jehova o tla “etsa selekane sa khotso” le linku tsa hae. O tla li ‘nesetsa litlhohonolofatso joaloka pula’ ’me li tla phela li thabile, li sireletsehile ebile li tla atleha. Batho kaofela ba tla ba le khotso ebile ho tla ba le khotso pakeng tsa batho le liphoofolo.—Ezek. 34:25-28.

20, 21. (a) Boprofeta bo buang ka “mohlanka oa ka Davida” bo ile ba phethahala joang? (b) Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka “selekane sa khotso” bo re ruta hore ho tla etsahala’ng ka moso?

20 Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang? Ha Jehova a ne a bitsa Morena enoa “mohlanka oa ka Davida,” o ne a bua ka Jesu, e leng eena ea nang le tokelo ea molao ea ho busa ebile e le setloholo sa Davida. (Pes. 89:35, 36) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore ke “molisa ea molemo” ka hore a tele bophelo ba hae “molemong oa linku.” (Joh. 10:14, 15) Hona joale o re lisa a le leholimong. (Baheb. 13:20) Ka 1914, Molimo o ile a etsa Jesu morena a ba a mo fa boikarabelo ba hore a lise le ho fepa linku tsa Molimo tse lefatšeng. Nakoana ka mor’a moo ka 1919, Morena enoa e mocha o ile a khetha “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” hore a fepe “bahlanka ba ntlo” e leng bahlanka ba Jehova ba nang le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng. (Mat. 24:45-47) Esale mohlanka enoa ea tšepahalang a tataisoa ke Kreste ho hlokomela linku tsa Molimo hantle ka ho li fa lijo tse tsoang ho Molimo. Lijo tsena li thusitse bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle hore ba lule ba e-na le khotso le setsoalle se matla le Jehova.

21 Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka “selekane sa khotso” le litlhohonolofatso tse tla nesoa joaloka pula bo re ruta hore ho tla etsahala’ng ka moso? Lefatšeng le lecha le tlang, barapeli ba Jehova ba tla fumana litlhohonolofatso tsohle tse tla tlisoa ke “selekane sa khotso.” Ha lefatše e se e le paradeise, bahlanka ba Jehova ba ke ke ba hlola ba phela ba tšohile ka lebaka la lintoa, tlolo ea molao, tlala, bokuli kapa liphoofolo tse hlaha. (Esa. 11:6-9; 35:5, 6; 65:21-23) Na ha u thabe ha u nahana ka hore u tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise moo bahlanka ba Molimo ba tla “lula ba sireletsehile ho se na motho ea ba tšosang”?—Ezek. 34:28.

Kaha Jesu ke Molisa, oa sheba hore na linku tsa Molimo li tšoeroe joang (Sheba serapa sa 22)

22. Jesu o ikutloa joang ka linku tsa Molimo? Batho ba khethiloeng hore ba hlokomele linku tsa Molimo ba ka bontša joang hore baa li rata joalokaha Jesu a li rata?

22 Boprofeta boo bo re ruta’ng? Jesu o rata linku tsa Molimo haholo joaloka Ntate oa hae. Kaha ke Molisa le Morena oa tsona, o etsa bonnete ba hore oa li hlokomela ka ho li fa lijo tse tsoang ho Molimo. Hape o etsa bonnete ba hore li sireletsehile, li na le khotso le setsoalle se matla le Jehova. Hoa khothatsa ho busoa ke Morena ea joalo. Batho ba khethiloeng hore ba hlokomele linku tsa Molimo ba lokela ho bontša hore ba li rata joaloka Jesu. Baholo ba lokela ho lisa mohlape ‘hobane ba rata’ ebile e le ‘ka lerato,’ hape ba lokela ho behela linku mohlala. (1 Pet. 5:2, 3) Le ka mohla moholo ha aa lokela ho tšoara nku ea Jehova hampe. Re hopole hore mehleng ea Ezekiele, Jehova o ile a re ho balisa ba Iseraele ba neng ba hatella sechaba: ‘Ke tla etsa hore ba ikarabelle.’ (Ezek. 34:10) Jehova Molisa e Moholo o shebile ka hloko hore na linku tsa hae li tšoaroa joang, le Mora oa hae o shebile.

“Mohlanka oa ka Davida o Tla Lula e le Khosana ea Bona”

23. Jehova o ile a tšepisa hore o tla etsa’ng ka sechaba sa Iseraele, hona o ile a phethahatsa tšepiso eo joang?

23 Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba mo sebeletse ba momahane. Boprofeteng bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete, Molimo o ile a tšepisa hore o tla kopanya batho ba hae e leng Baiseraele ba ’muso oa maloko a mabeli a Juda le oa maloko a leshome a Iseraele. O ne a tla ba etsa “sechaba se le seng” joalokaha eka o etsa hore “lithupa” tse peli “e be thupa e le ’ngoe” letsohong la hae. (Ezek. 37:15-23) Ka selemo sa 537, boprofeta boo bo ile ba phethahala ha Molimo a khutlisetsa Baiseraele Naheng e Tšepisitsoeng e se e le sechaba se le seng se momahaneng. c Empa ho momahana hoo e ne e mpa e le mohlala feela o bontšang hore ka moso batho ba Molimo lefatšeng lohle ba tla momahana ka ho sa feleng. Ka mor’a hore Jehova a tšepise hore o tla kopanya Baiseraele, o ile a bolella Ezekiele boprofeta bo bontšang hore na Morena ea tla busa ka moso o tla etsa’ng e le hore barapeli ba ’nete lefatšeng lohle ba momahane ho ea ho ile.

24. Jehova o hlalosa Mesia joang, hona puso ea Mesia e tla ba joang?

24 Boprofeta bo buang ka Mesia. (Bala Ezekiele 37:24-28.) Jehova o boetse o re Mesia ke “mohlanka oa ka Davida,” “molisa a le mong” le “khosana” empa lekhetlong lena o eketsa ka ho re ke “morena.” (Ezek. 37:22) Puso ea hae e tla ba joang? O tla busa ka ho sa feleng. Taba ea hore ebe ho sebelisitsoe poleloana e reng “ka ho sa feleng” ea bontša hore litlhohonolofatso tse tla tlisoa ke puso ea morena enoa li tla lula li le teng. d ’Musong oa hae batho ba tla momahana. Kaha ba tla be ba busoa ke “morena a le mong,” ba tla mamela “melao” e tšoanang, hape “ba tla lula naheng” eo ba e filoeng hammoho. O tla etsa hore batho bao a ba busang ba be le khotso le Jehova. Jehova o tla etsa “selekane sa khotso” le bona, e be Molimo oa bona ’me bona e be sechaba sa hae. Le tempele ea hae e tla ba “har’a bona ka ho sa feleng.”

25. Boprofeta bo buang ka Mesia bo phethahala joang?

25 Boprofeta boo bo phethahala joang? Ka 1919, bahlanka ba Jehova bao e leng batlotsuoa ba ne ba momahane ba etelloa pele ke “molisa a le mong” e leng Mesia, Morena Jesu Kreste. Hamorao, “bongata bo boholo” e leng “batho ba lichaba tsohle, maloko ’ohle, merabe eohle le lipuo tsohle” ba ile ba momahana le Bakreste-’moho le bona ba batlotsuoa. (Tše. 7:9) Kaofela ha bona ke “mohlape o le mong” o busoang ke “molisa a le mong.” (Joh. 10:16) Kaofela ha bona ba mamela litaelo tsa Jehova ho sa tsotellehe hore na ba tl’o phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng. Ntho eo e etsa hore kaofela ha bona ba momahane joaloka bana ba motho le hore ba be le setsoalle se matla le Jehova. Jehova o ba hlohonolofalitse ka ho etsa hore ho be le khotso, hape tempele ea hae e emelang borapeli ba ’nete e har’a bona. Jehova ke Molimo oa bona ebile ba motlotlo hore ebe baa mo sebeletsa hona joale le hore ebe ba tla mo sebeletsa ka ho sa feleng.

26. Re ka etsa’ng hore re lule re momahane?

26 Boprofeta boo bo re ruta’ng? Ke tlotla e kholo hore ebe re le barapeli ba ’nete lefatšeng lohle, re momahane ebile re rapela Jehova. Empa re na le boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore re lula re momahane. E leng hore e mong le e mong oa rona o lokela ho etsa boiteko e le hore kaofela ha rona re lule re lumela ntho e le ’ngoe le ho itšoara ka tsela e tšoanang. (1 Bakor. 1:10) Ka lebaka leo, kaofela ha rona re fumana thuto e tšoanang e tsoang ho Molimo, re mamela melao e tšoanang ea boitšoaro e hlahang ka Lentsoeng la Molimo ebile re etsa mosebetsi oa ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo le ho ba etsa barutuoa. Ntho e ka sehloohong e etsang hore re momahane ke lerato. Haeba re loanela ho ba lerato le ho le bontša ka litsela tse ngata tse fapaneng tse kang ho utloelana bohloko, ho ba mosa le ho tšoarelana, re tla lula re momahane. Bibele e re: “Lerato le etsa hore batho ba utloane.”—Bakol. 3:12-14; 1 Bakor. 13:4-7.

Jehova o hlohonolofatsa barapeli ba hae lefatšeng lohle ba ratanang (Sheba serapa sa 26)

27. (a) U ikutloa joang ka boprofeta bo buang ka Mesia bo hlahang bukeg ea Ezekiele? (b) Re tl’o ithuta’ng likhaolong tse latelang?

27 Kannete re leboha Jehova hore ebe o re file boprofeta bo buang ka Mesia bo hlahang bukeng ea Ezekiele. Ha re bala le ho nahanisisa ka boprofeta boo, rea ithuta hore Morena oa rona eo re mo ratang Jesu Kreste ke Morena eo re ka mo tšepang, o na le tokelo ea molao ea ho busa, o re lisa ka lerato ebile o tla re thusa hore re lule re momahane ho ea ho ile. Kannete ke tlotla hore ebe re busoa ke Mesia. Re hopole hore boprofeta bona bo buang ka Mesia ke karolo ea molaetsa o moholo o hlahang bukeng ea Ezekiele o buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. Jehova o sebelisa Jesu ho bokella batho ba hae le ho etsa hore ba tsosolose borapeli ba ’nete. (Ezek. 20:41) Likhaolong tse latelang tsa buka ena, re tl’o hlahloba boprofeta bo monate ba ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete re be re bone hore na buka ea Ezekiele e bo manolla joang.

a Baiseraele ba pele ba isitsoe botlamuoeng Babilona ka selemo sa 617 pele ho mehla ea Jesu. E leng hore selemo sa botšelela se qalile ka 612.

b Baholo-holo ba Jesu ho tloha ho Davida ba thathamisitsoe likosepeleng.—Mat. 1:1-16; Luka 3:23-31.

c Khaolo ea 12 ea buka ena e tla bua ka boprofeta ba Ezekiele ba lithupa tse peli le hore na bo ile ba phethahala joang.

d Ha buka e ’ngoe e hlalosa lentsoe la Seheberu le bolelang “ka ho sa feleng” e re: “Lentsoe lena le fana ka maikutlo a hore ntho e tla lula e le teng ho ea ho ile le hore e ke ke ea fela kapa ea senyeha.”