Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 11

“Ke o Kgethile Hore o be Molebedi”

“Ke o Kgethile Hore o be Molebedi”

EZEKIELE 33:7

NTLHAKGOLO: Jehova o beha molebedi mme o bolela hore na boikarabelo ba hae ke bofe

1. Balebedi ba Jehova ba ile ba lemosa batho ka eng, hona ho ile ha etsahalang?

 MOLEBEDI o eme hodima lerako la Jerusalema. O behile letsoho phatleng ha letsatsi le ntse le dikela. Mahlo a hae a shebile holenyana. Hanghang o nka lenaka la hae o a le letsa hore a lemose batho ka masole a Bababilona a tlang. Empa nako e se e ile mme ha ho na letho leo baahi ba motse ona ba ka le etsang ka temoso ya molebedi enwa. Balebedi kapa baprofeta bao Jehova a ba kgethileng ba ile ba lemosa batho bana ka dilemo hore letsatsi lena le tla tla empa ha ba a ka ba mamela. Hona jwale masole a Bababilona a potapotile motse. Ka mora dikgwedi tse ngata motse o dikadikeditswe, masole a a kena a thuha marako a motse, a heletsa tempele, a hapa le ho bolaya ba bang ba baahi ba Jerusalema ba neng ba sa tshepahale ba bile ba rapela ditshwantsho.

2, 3. (a) Ke boemo bofe boo batho ba dulang lefatsheng ba tlo tobana le bona mehleng ee? (b) Re tlo hlahloba dipotso dife sehloohong see?

2 Kajeno mabotho a Jehova a itokisetsa ho lwantsha batho ba sa tshepahaleng ba dulang lefatsheng. (Tshen. 17:12-14) Ntwa eo e tla etsahala qetellong ya mahlomola a maholo mme ha ho eso ka ho eba le ntwa e jwalo lefatsheng. (Mat. 24:21) Ho sa ntse ho ena le nako ya hore batho ba mamele temoso eo Jehova a ba fang yona a sebedisa batho bao a ba kgethileng hore ba etse mosebetsi wa molebedi.

3 Ke hobaneng ha Jehova a ile a kgetha balebedi? Ke molaetsa ofe oo molebedi a o phatlalatsang? Kajeno balebedi ke bomang mme rona re phetha mosebetsi ofe? A re ke re hlahlobeng dikarabo tsa dipotso tsena.

“O ba Lemose”

4. Ke hobaneng ha Jehova a ile a kgetha balebedi? (Sheba setshwantsho se qalang.)

4 Bala Ezekiele 33:7. Balebedi ba ne ba ema hodima lerako la motse hore ba sireletse baahi ba motse oo. Bona e ne e le bopaki bo bontshang hore morena wa motse oo o tsotella batho ba hae. Lerata le etswang ke lenaka la molebedi le ka nna la tshosa baahi ba robetseng empa le ka boela la pholosa bophelo ba bona haeba ba mamela temoso ya lona. Ka tsela e tshwanang, Jehova o ile a kgetha balebedi hobane a ne a tsotella Baiseraele mme a batla ho ba pholosa eseng hobane a ne a batla ho ba tshosa ka melaetsa e buang ka hore motse wa bona o tlo fediswa.

5, 6. Tsela e nngwe eo re hlokomelang hore Jehova o na le toka ka yona ke efe?

5 Jehova o ile a senola makgabane a hae a re kgothatsang ha a ne a kgetha Ezekiele hore e be molebedi. A re ke re buisaneng ka a mang a ona.

6 Toka: Re a hlokomela hore Jehova o na le toka hobane ha a re kgetholle ebile ha a re tshware ka leeme. Ka mohlala, le hoja batho ba bangata ba ne ba utlwa molaetsa wa Ezekiele empa ba sa batle ho o mamela, Jehova o ne a sa nke hore Baiseraele kaofela ke marabele empa o ne a hlahloba ntho eo motho e mong le e mong a e etsang. Hangata o ne a bua ka “moetsadibe” le “motho ya lokileng.” Ka hoo, Jehova o ahlola motho ho ya ka hore na o a mamela kapa ha a mamele.—Ezek. 33:8, 18-20.

7. Jehova o sheba eng ha a ahlola batho?

7 Ntho e nngwe e bontshang hore Jehova o na le toka ke tsela eo a ahlolang batho ka yona. Ha a ahlole batho ho ya ka dintho tseo ba di entseng nakong e fetileng empa o ba ahlola ho ya ka hore na ba itshwara jwang hona jwale ha ba lemoswa. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Ha ke re ho motho ya kgopo: ‘O tla shwa,’ ebe o tlohela dintho tse mpe tseo a neng a di etsa mme o etsa tse ntle, . . . o tla tswela pele a phela.” O ile a boela a re: “O tla tshwarelwa dibe tseo a di entseng pele.” (Ezek. 33:14-16) Ka lehlakoreng le leng, batho ba tshepahallang Modimo hona jwale ha ba a lokela ho lebella hore haeba ba mo fetohela a ke ke a ba fa kotlo hobane ba ile ba mo tshepahalla nakong e fetileng. Jehova o ile a re haeba motho a “itshepa ho tlola hoo a etsang ntho e mpe, dintho tse ntle tseo a di entseng di ke ke tsa hopolwa empa o tla shwa ka lebaka la ntho e mpe eo a e entseng.”—Ezek. 33:13.

8. Re ithutang ka toka ya Jehova ha a lemosa batho esale pele?

8 Bopaki bo bong bo bontshang hore Jehova o na le toka ke hore o lemosa batho nako e sa le teng pele a fana ka kotlo. Ezekiele o ile a qala mosebetsi wa hae wa ho lemosa batho dilemo tse ka bang tse tsheletseng pele masole a Babilona a fedisa Jerusalema. Empa Ezekiele e ne e se yena motho wa pele wa ho lemosa batho ba Modimo ka kahlolo eo ba neng ba tlo e fuwa. Ka dilemo tse fetang 100 pele Jerusalema e fediswa, Jehova o ile a romela moprofeta Hosea, Esaia, Mikea, Odede le Jeremia hore e be balebedi. Jehova o ile a laela Jeremia hore a hopotse Baiseraele a re: “Ke kgethile balebedi ba ileng ba re: ‘Mamelang modumo wa lenaka!’” (Jer. 6:17) Ha ho na motho ya ka reng Jehova kapa balebedi bao ba molato ha Bababilona ba phethahatsa kahlolo ya Jehova mme batho ba bolawa.

9. Jehova o bontshitse lerato jwang?

9 Lerato: Jehova o bontshitse lerato ka ho romela balebedi ho tla lemosa batho ba lokileng le ba kgopo. O ne a lemosa batho bao ba kgopo ba neng ba mo utlwisa bohloko ba bile ba mo senya lebitso. Nahana feela ka sena, Baiseraele ba ne ba tsebahala e le batho ba Jehova empa ba ne ba mo furalla ka makgetlo mme ba rapela medimo ya bohata. Jehova o ile a bontsha hore ntho ena e ne e mo utlwisa bohloko hakae ka ho bapisa ho se tshepahale ha setjhaba seo le mosadi ya febang. (Ezek. 16:32) Ho ntse ho le jwalo, Jehova ha a ka a ba fella pelo. Ho ena le hore a batle ho iphetetsa, o ne a batla hore ba kgutlele ho yena. O ne a dula a fa batho ba hae monyetla wa hore ba fetohe, a sa potlakele ho ba ahlola. Hobaneng? O ile a re ho Ezekiele: “Ha ke thabele ho bona motho ya kgopo a shwa empa ke thabela hore a fetole ditsela tsa hae e le hore a tswele pele a phela.” (Ezek. 33:11) Jehova o ne a ikutlwa ka tsela ena nakong e fetileng mme le hona jwale o ntse a ikutlwa jwalo.—Mal. 3:6.

10, 11. Tsela eo Jehova a tshwarang batho ba hae ka yona e re rutang?

10 Jehova o ile a tshwara Baiseraele ka toka le ka lerato. Re ithutang tabeng eo? Re ithuta hore ha re a lokela ho nka hore batho bohle bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele ba a tshwana empa re lokela ho nahanela maemo a motho e mong le e mong. Ha re a lokela ho nka hore motho ha a tshwanelwe ke ho utlwa molaetsa wa Bibele ka lebaka la boitshwaro ba hae ba nakong e fetileng kapa ka lebaka la morabe wa hae, setso sa hae, hore na o ruile kapa o futsanehile le hore na o bua puo efe. Jehova o ile a ruta moapostola Petrose thuto e ntseng e le bohlokwa le kajeno. O ile a re: “Modimo ha a leeme empa o amohela motho wa setjhaba sefe kapa sefe ya mo hlomphang le ya etsang dintho tse lokileng.”—Dik. 10:34, 35.

Na re sheba batho ka tsela eo Jehova a ba shebang ka yona? (Sheba serapa sa 10)

11 Ntho e nngwe hape eo re ithutang yona ke hore re lokela ho nahana ka dintho tseo re di etsang hona jwale. Ha re a lokela ho etsa dintho tse mpe hobane re nka hore ha ho phoso ka ha haesale re etsa dintho tse lokileng. Re lokela ho hopola hore le rona re etsa diphoso feela jwalo ka batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele. Keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa phutheho ya Korinthe le rona e ka re thusa. E re: “Ya nahanang hore o eme a hlokomele hore a se ke a wa. Diteko tsohle tse le hlahelang di kile tsa hlahela batho ba bang.” (1 Bakor. 10:12, 13) Ha re batle ho ba batho ba ‘itshepang ho tlola,’ re nka hore re ka kgona ho etsa dintho tse mpe ebe ha re fuwe kotlo hobane feela re ntse re etsa dintho tse lokileng. (Ezek. 33:13) Ke ha bohlokwa hore re dule re le batho ba ikokobeditseng le ba mamelang ho sa tsotellehe hore na re qetile nako e kae re sebeletsa Jehova.

12. Haeba re ile ra etsa dibe tse tebileng nakong e fetileng, keng eo re lokelang ho e hopola?

12 Re lokela ho etsang haeba re ile ra etsa dibe tse tebileng nakong e fetileng tseo hona jwale re ikwahlaelang tsona? Molaetsa wa Ezekiele o re ruta hore Jehova o tla otla baetsadibe ba sa bakeng. Re boetse re ithuta hore Jehova ke Modimo ya lerato eseng ya iphetetsang. (1 Joh. 4:8) Haeba re bontsha ka diketso hore re bakile, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re hauhela mme a tshwarele dibe tsa rona. (Jak. 5:14, 15) Jehova o ne a ikemiseditse ho tshwarela Baiseraele ba neng ba rapela medimo e meng. Ka hoo, le rona o ikemiseditse ho re tshwarela.—Pes. 86:5.

“Bua le Setjhaba sa Heno”

13, 14. (a) Balebedi ba ne ba bolella batho molaetsa ofe? (b) Esaia o ile a bolella batho molaetsa ofe?

13 Bala Ezekiele 33:2, 3. Balebedi ba Jehova ba ne ba bolella batho molaetsa ofe? Mosebetsi wa bohlokwa oo ba neng ba o etsa e ne e le ho lemosa batho. Mosebetsi o mong wa bona e ne e le ho bolella batho ditaba tse monate. Nahana ka mehlala e latelang.

14 Esaia e bile molebedi ho tloha ka selemo sa 778 ho ya ho sa 732 pele ho mehla ya Jesu mme o ne a lemosa batho hore Bababilona ba tla hapa Jerusalema, ba nke baahi ba yona ba ba ise botlamuweng. (Esa. 39:5-7) Le ha ho le jwalo, o ile a ngola molaetsa o mong a re: “Mamela! Balebedi ba hao ba phahamisa mantswe. Ba hweletsa ba thabile ba le mmoho hobane ba tla bona ka mahlo ha Jehova a kgutlisa Sione.” (Esa. 52:8) Esaia o ile a profeta ditaba tse monate tsa hore borapedi ba nnete bo tla tsosoloswa.

15. Jeremia o ne a bolella batho molaetsa ofe?

15 Jeremia e bile molebedi ho tloha ka selemo sa 647 ho ya ho 580 pele ho mehla ya Jesu mme hangata ho ne ho thwe ke motho ya dulang a bua ka ditlokotsi feela empa taba eo e ne e se nnete. Ke nnete hore o ile a lemosa Baiseraele ba kgopo ka ditlokotsi tseo Jehova a neng a tlo ba tlisetsa tsona. a Empa o ile a boela a ba bolella ditaba tse monate tsa hore ka le leng batho ba Modimo ba tla kgutlela naheng ya bo bona mme ba tsosolose borapedi ba nnete moo.—Jer. 29:10-14; 33:10, 11.

16. Molaetsa wa Ezekiele o ile wa thusa batlamuwa ba Babilona jwang?

16 Ezekiele o ile a kgethwa hore e be molebedi ka selemo sa 613 pele ho mehla ya Jesu mme a phetha mosebetsi wa hae ho fihlela ka selemo sa 591 pele ho mehla ya Jesu. Kgaolong ya 5 le 6 bukeng ena, re ithutile hore Ezekiele o ile a sebetsa ka thata ho lemosa batho ba Iseraele hore motse wa bona o tlo fediswa. Ka tsela eo, o ne a ke ke a ba molato wa madi ha ba bolawa. Ezekiele o ile a lemosa Baiseraele hore Jehova o ne a tlo fedisa batho ba mo fetohetseng Jerusalema. O ile a boela a thusa batlamuwa ba neng ba le Babilona hore ba se ke ba lahla Jehova e le hore ba tle ba kgone ho etsa mosebetsi oo ba tla o fuwa nakong e tlang. Ka mora dilemo tse 70, Jehova o ne a tla kgutlisetsa batlamuwa ba setseng naheng ya Iseraele. (Ezek. 36:7-11) Batho bao ba setseng e ne e tla be e le bana le ditloholo tsa batho ba ileng ba mamela Ezekiele. Dikgaolo tse ding tse Karolong ya 3 bukeng ena di bontshitse hore Ezekiele o ne a phatlalatsa ditaba tse monate tsa hore borapedi ba nnete bo tla tsosoloswa Jerusalema.

17. Jehova o kgetha balebedi neng?

17 Na baprofeta baa ba ileng ba tsebisa batho ba Modimo hore Jerusalema e tlo fediswa ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Jesu ke bona feela bao Jehova a ileng a ba sebedisa hore e be balebedi? Tjhe. Jehova o ne a kgetha molebedi hore a lemose batho ba kgopo le hore a phatlalatse ditaba tse monate, pele ho etsahala ntho le ha e le efe ya bohlokwa e mabapi le morero wa hae.

Balebedi Mehleng ya Baapostola

18. Ke mosebetsi ofe oo Johanne Mokolobetsi a neng a o etsa?

18 Johanne Mokolobetsi e ne e le molebedi mehleng ya baapostola. O ile a lemosa Bajuda hore haufinyane Modimo o ne a tla ba lahla. (Mat. 3:1, 2, 9-11) Ha a ka a fella moo. Jesu o ile a re Johanne ke “moromuwa” eo ho builweng ka yena esale pele ya ileng a lokisetsa Mesia tsela. (Mal. 3:1; Mat. 11:7-10) Ka ha e ne e le moromuwa, mosebetsi o mong wa hae e ne e le ho bolela ditaba tse monate tsa hore Jesu “Konyana ya Modimo” o fihlile ebile o tlosa “sebe sa lefatshe.”—Joh. 1:29, 30.

19, 20. Jesu le barutuwa ba hae e ne e le balebedi ka tsela efe?

19 Ho balebedi bohle ba kileng ba eba teng, Jesu e ne e le yena e moholo ka ho fetisisa. Jwalo ka Ezekiele, le yena o ne a rometswe ke Jehova hore a lemose “Baiseraele.” (Ezek. 3:17; Mat. 15:24) Jesu o ile a lemosa Baiseraele hore Modimo o ne a tlo ba lahla haufinyane le hore Jerusalema e ne e tlo fediswa. (Mat. 23:37, 38; 24:1, 2; Luka 21:20-24) Empa mosebetsi wa hae wa bohlokwa e ne e le ho phatlalatsa ditaba tse monate.—Luka 4:17-21.

20 Ha Jesu a le lefatsheng o ile a re ho barutuwa ba hae: “Le dule le fadimehile.” (Mat. 24:42) Ba ile ba mo mamela mme ya eba balebedi, ba lemosa batho hore Jehova o lahlile Baiseraele le motse wa Jerusalema. (Bar. 9:6-8; Bagal. 4:25, 26) Barutuwa bao le bona ba ne ba bolela ditaba tse monate feela jwalo ka balebedi ba tlileng pele ho bona. Ba ne ba phatlalatsa molaetsa o makatsang wa hore baditjhaba le bona e se e tlo ba karolo ya Iseraele e tlotsitsweng ya Modimo mme ba thuse Kreste ho tsosolosa borapedi ba nnete lefatsheng.—Dik. 15:14; Bagal. 6:15, 16; Tshen. 5:9, 10.

21. Pauluse o behile mohlala ofe?

21 Moapostola Pauluse ke e mong wa balebedi ba ileng ba beha mohlala o motle mehleng ya baapostola. O ne a rata mosebetsi wa hae. Jwalo ka Ezekiele, o ne a tseba hore o ne a tla ba molato wa madi ha a ne a ka hloleha ho phetha mosebetsi oo a o fuweng. (Dik. 20:26, 27) Jwalo ka balebedi ba bang, Pauluse le yena o ne a sa lemose batho feela empa o ne a boetse a bolela ditaba tse monate. (Dik. 15:35; Bar. 1:1-4) Moya o halalelang o ile wa mo thusa hore a qotse boprofeta ba Esaia bo reng: “A matle hakaakang dithabeng maoto a ya tlisang ditaba tse monate.” O ile a re boprofeta bona bo bua ka mosebetsi o etswang ke balatedi ba Kreste wa ho bolela ka Mmuso wa Modimo.—Esa. 52:7, 8; Bar. 10:13-15.

22. Ho ile ha etsahalang ka mora hore baapostola ba hlokahale?

22 Ka mora hore baapostola ba hlokahale, ho ile ha eba le bakwenehi ba bangata phuthehong ya Bokreste jwalo ka ha ho ne ho boletswe esale pele. (Dik. 20:29, 30; 2 Bathes. 2:3-8) Ha nako e ntse e ya, Bakreste ba bohata ba tshwantshwang le mofoka ba ile ba eba bangata ho feta balatedi ba Kreste ba tshepahalang ba tshwantshwang le koro. Dithuto tsa bohata di ile tsa eba ngata hoo ho neng ho le thata hore batho ba fumane molaetsa wa Mmuso wa Modimo. (Mat. 13:36-43) Ha nako ya hore Jehova a nke kgato e fihla, o ile a boela a bontsha lerato le toka ka hore a kgethe balebedi hore ba lemose batho le hore ba bolele ditaba tse monate. Balebedi bao e ile ya eba bomang?

Jehova o Kgetha Balebedi Hape Hore ba Lemose Batho ba Kgopo

23. C. T. Russell le metswalle ya hae ba ile ba etsa mosebetsi ofe?

23 Pele ho 1914, Charles Taze Russell le metswalle ya hae e ile ya eba ‘baromuwa’ ba ileng ba ‘lokisa tsela’ pele Mmuso wa Mesia o thehwa. b (Mal. 3:1) Sehlopha seo le sona se ile sa etsa mosebetsi wa molebedi. Se ne se sebedisa makasine ya Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ho lemosa batho ka kahlolo ya Modimo le ho ba bolella ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo.

24. (a) Mohlanka ya tshepahalang o etsa mosebetsi wa molebedi ka tsela efe? (b) O ithutileng ho balebedi ba mehleng ya pele? (Sheba tjhate e reng “Balebedi ba Behileng Mohlala o Motle.”)

24 Ka mora hore Mmuso o thehwe, Jesu o ile a kgetha sehlopha se senyenyane sa banna hore se sebeletse e le mohlanka ya tshepahalang. (Mat. 24:45-47) Ho tloha ka nako eo, mohlanka ya tshepahalang eo hona jwale a tsebahalang e le Sehlopha se Busang e ile ya eba molebedi. Sehlopha sena se etella pele mosebetsi wa ho lemosa batho ka “letsatsi la phetetso” hape se boetse se phatlalatsa “selemo sa Jehova sa mohau.”—Esa. 61:2; sheba le 2 Bakorinthe 6:1, 2.

25, 26. (a) Balatedi bohle ba Kreste ba lokela ho etsa mosebetsi ofe hona o etswa jwang? (b) Kgaolo e latelang e tlo bua kang?

25 Le hoja mohlanka ya tshepahalang e le yena ya etellang pele mosebetsi wa ho ba molebedi, Jesu o itse balatedi “bohle” ba hae ba ‘dule ba fadimehile.’ (Mar. 13:33-37) Re mamela taelo eo ka hore re dule re fadimehile, re tshehetsa molebedi wa mehleng ya rona ka botshepehi. Ha re phetha boikarabelo ba rona ba ho bolella batho molaetsa wa Bibele, re bontsha hore re fadimehile. (2 Tim. 4:2) Ke hobaneng ha re kgothaletse mosebetsi oo? Lebaka le leng ke hobane re batla ho pholosa batho. (1 Tim. 4:16) Haufinyane batho ba bangata ba tlo fediswa hobane ba sa ka ba mamela temoso ya molebedi wa mehleng ena. (Ezek. 3:19) Empa mosebetsi wa bohlokwa bophelong ba rona ke ho bolella batho ditaba tse monate tsa hore borapedi ba nnete bo tsosolositswe. Hona jwale nakong ya “selemo sa Jehova sa mohau” batho ba bangata ba na le monyetla wa hore ba rapele Jehova Modimo le rona e leng Modimo ya lerato le ya nang le toka. Haufinyane batho bohle ba tla pholoha ha lefatshe lena le fediswa, ba tla fumana ditlhohonolofatso tsa ho buswa ke Mora wa hae Kreste Jesu. Ka nnete re thabela ho thusa molebedi wa mehleng ena ho bolela ditaba tse monate.—Mat. 24:14.

Re thabela ho tshehetsa molebedi wa mehleng ena ka ho bolela ditaba tse monate (Sheba serapa sa 25)

26 Jehova o entse hore batho ba hae ba momahane ka tsela e hlollang hona jwale pele lefatshe lena le fediswa. Kgaolo e latelang e tlo bua ka boprofeta ba dithupa tse pedi tse bontshang hore na sena se etsahetse jwang.

a Lentswe “tlokotsi” le hlaha ka makgetlo a ka bang 60 bukeng ya Jeremia.

b Ho fumana tlhaloso ya boprofeta bona le hore na bo ile ba phethahala jwang, sheba buka ya Mmuso wa Modimo o a Busa! kgaolong ya 2 e reng “Mmuso o Thehwa Lehodimong.”