Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 13

‘Hlalosa Tempele’

‘Hlalosa Tempele’

EZEKIELE 43:10

NTLHA-KHOLO: Pono ea Ezekiele ea tempele

1-3. (a) Ke hobane’ng ha pono ea tempele e hlollang e ile ea khothatsa Ezekiele? (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Re tl’o ithuta’ng khaolong ee?

 AK’U nahane ka Ezekiele a se a le lilemo li 50. O se a qetile lilemo tse 25 a le botlamuoeng. E ne e se e le nako e telele tempele e Jerusalema e senyehile. Haeba Ezekiele a ne a lakatsa hore ka le leng a sebetse e le moprista Jerusalema, joale oa hlokomela hore ntho eo e ke ke ea khoneha. Ho sa ntse ho tl’o feta lilemo tse 56 pele batho ba tsoa botlamuoeng. Ezekiele oa hlokomela hore a ke ke a phela lilemo tse telele hakaalo hore a bone ha batho ba Jehova ba khutlela naheng ea habo bona, re se re sa bue letho ka hore a bone ha tempele e tsosolosoa. (Jer. 25:11) Na Ezekiele o utloa bohloko ha a nahana ka lintho tsee?

2 Ho bonahala eka Jehova o khethile nako e nepahetseng ea ho bontša Ezekiele pono ena. Pono ena e ne e tl’o khothatsa Ezekiele haholo e be e mo fe tšepo. Ponong eo, Ezekiele o isoa naheng ea habo ’me o behoa thabeng e phahameng haholo. Ha a ntse a le moo, o kopana le “monna ea neng a shebahala joaloka koporo e benyang.” Monna eo oa lengeloi o mo bontša tempele kaofela. (Bala Ezekiele 40:1-4.) Lintho tseo a li bonang ekare ke tsa ’nete. Re kholisehile hore pono ena e matlafatsa tumelo ea Ezekiele empa e tlameha ebe e boetse ea mo tšosa ebile ea mo makatsa. Le hoja tempele eo e e-na le lintho tse ngata tseo a li tloaetseng, e fapane hole le tempele e Jerusalema eo a neng a e tseba.

3 Likhaolo tse robong tse qetellang tsa buka ea Ezekiele li bua ka pono ena e hlollang. A re ke re bue ka tsela eo re lokelang ho ikutloa ka eona ha re ntse re hlahloba pono ena le ho leka ho e utloisisa. Ka mor’a moo, re tla hlahloba hore na pono eo Ezekiele a e boneng e ne e le ea tempele eo moapostola Pauluse a ileng a bua ka eona lilemo tse makholo hamorao kapa che. Re tla qetella ka ho hlahloba hore na pono eo ea Ezekiele e ne e bolela’ng ho eena le ho batlamuoa ba bang.

Pono ea Ezekiele e Hloka ho Hlalosoa ka Tsela e Fapaneng

4. Pono ea tempele e ne e hlalosoa joang nakong e fetileng empa e hloka ho hlalosoa joang hona joale?

4 Nakong e fetileng lingoloa tsa rona li ile tsa re Ezekiele o bone tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso eo moapostola Pauluse a ileng a ngola ka eona ha a ngolla Baheberu. a Ho latela kutloisiso eo, ho ne ho bonahala eka ho nepahetse ho nka hore likarolo tse ngata tsa tempele eo Ezekiele a e boneng li ne li tšoantšetsa lintho tse ka tempeleng eo Pauluse a ileng a bua ka eona. Empa ka mor’a hore ho rapeloe ho be ho nahanisisoe ka taba eo, ho ile ha bonahala hore tempele eo Ezekiele a e boneng e hloka ho hlalosoa ka tsela e bonolo.

5, 6. (a) Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o ikokobelitse ha a ne a bua ka tabernakele? (b) Pauluse o ile a re’ng ka tse ling tsa lintho tse ka tabernakeleng, hona re ka utloisisa pono ea Ezekiele ea tempele ka tsela e tšoanang joang?

5 Ha rea lokela ho nka hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ponong ea Ezekiele ea tempele e tšoantšetsa ntho e itseng. Hobane’ng? Nahana ka mohlala ona. Ha Pauluse a ne a hlalosa tabernakele le tempele ea tšoantšetso, o ile a bua ka lintho tse ka har’a tabernakele tse kang pitsa ea khauta ea ho chesetsa libano, sekoahelo sa areka le nkho ea khauta e tšetseng manna. Na o ile a bua hore lintho tsee li tšoantšetsa eng? Ho bonahala eka moea o halalelang ha oa ka oa mo susumeletsa hore a etse joalo. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Hona joale ha se nako ea hore re bue haholo ka lintho tsena.” (Baheb. 9:4, 5) Pauluse o ne a ikemiselitse ho latela tataiso ea moea o halalelang le ho emela Jehova ka boikokobetso.—Baheb. 9:8.

6 Re ka utloisisa pono ea Ezekiele ea tempele ka tsela e tšoanang. Le eona e na le litaba tse ngata ’me ho ka ba molemo hore re emele Jehova hore a hlakise lintho haeba ho hlokahala. (Bala Mikea 7:7.) Empa na see se bolela hore moea oa Jehova ha o e-s’o hlakise letho ka pono ee ea Ezekiele? Ha ho joalo.

Na Ezekiele o Bone Tempele e Kholo ea Tšoantšetso?

7, 8. (a) Pono ea Ezekiele e se e hlalosoa joang hona joale? (b) Tempele eo Ezekiele a e boneng e fapane joang le tempele ea tšoantšetso eo Pauluse a ileng a e hlalosa?

7 Joalokaha ho boletsoe qalong, ka lilemo tse ngata lingoloa tsa rona li ne li re Ezekiele o bone tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso eo Pauluse a ileng a bua ka eona ha a ngolla Baheberu. Leha ho le joalo, ha ho etsoa lipatlisiso ho ile ha hlaka hore tempele eo Ezekiele a ileng a e bona e ne e se tempele e kholo ea tšoantšetso. Ke hobane’ng ha re cho joalo?

8 Lebaka la pele ke hore tsela eo Pauluse a hlalositseng tempele ka eona ha e tšoane le tempele eo Ezekiele a e boneng. Nahana ka taba ena: Moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore tabernakele ea mehleng ea Moshe e ne e tšoantšetsa ntho e ’ngoe e kholo. Tabernakele e ne e entsoe ka tsela e batlileng e tšoana le eo tempele ea Solomone le ea Zorobabele li neng li entsoe ka eona, hobane li ne li e-na le “Sehalalelisiso.” Pauluse o ile a re sebaka seo ke ‘sehalalelisiso se entsoeng ke batho’ e le ha a hlalosa hore ke “setšoantšo feela sa sehalalelisiso sa ’nete” eseng sehalalelisiso ka bosona. Sehalalelisiso sa ’nete e ne e le eng? Pauluse o ile a re ke ‘leholimo la sebele.’ (Baheb. 9:3, 24) Na Ezekiele le eena o bone leholimo? Che. Pono ea Ezekiele ha e fane ka maikutlo a hore o ne a bona lintho tse leholimong.—Bapisa le Daniele 7:9, 10, 13, 14.

9, 10. Mahlabelo a hlahang ponong ea Ezekiele ea tempele a bontša joang hore e ne e se tempele e kholo ea tšoantšetso eo Pauluse a buileng ka eona?

9 Ntho e ’ngoe e re kholisang hore pono ea Ezekiele e fapane le tlhaloso ea Pauluse ke mahlabelo. Ezekiele o ile a utloa ha batho, likhosana le baprista ba fuoa litaelo tse ngata mabapi le ho fana ka mahlabelo. Ba ne ba lokela ho fana ka mahlabelo bakeng sa libe tsa bona. Ba ne ba boetse ba fana ka mahlabelo a kopanetsoeng ao ba neng ba ka a ja le batho ba bang likamoreng tsa tempele tseo ho jelloang ho tsona. (Ezek. 43:18, 19; 44:11, 15, 27; 45:15-20, 22-25) Na tempeleng e kholo ea tšoantšetso ho fanoa ka mahlabelo ka makhetlo a mangata?

Tempele eo Ezekiele a e boneng ha se tempele e kholo ea tšoantšetso

10 Karabo ea potso eo e bonolo ebile e hlakile. Pauluse o ile a re: “Kreste o tlile e le moprista ea phahameng oa lintho tse ntle tse seng li etsahetse. O kene tenteng e bohlokoa haholo le e molemo ho feta ea pele, e sa etsoang ke batho ebile ha se ea lefatše. O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana. O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.” (Baheb. 9:11, 12) Tempeleng e kholo ea tšoantšetso ho fanoa ka sehlabelo se le seng feela. Ke sehlabelo sa topollo seo Jesu Kreste Moprista ea Phahameng ka ho Fetisisa a faneng ka sona. Hoa hlaka hore pono ea tempele eo Ezekiele a e boneng e nang le mahlabelo a mangata a lipoli le lipoho e ne e se tempele e kholo ea tšoantšetso.

11. Ke hobane’ng ha mehleng ea Ezekiele e ne e e-s’o be nako ea hore Molimo a senole litaba tse mabapi le tempele e kholo ea tšoantšetso?

11 Ntho ea bobeli e re bontšang hore tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e se tempele e kholo ea tšoantšetso ke hore e ne e e-s’o be nako ea hore Molimo a senole litaba tseo. U tla hopola hore batho ba pele ba neng ba tla bolelloa ka pono eo ea Ezekiele e ne e le Bajuda ba botlamuoeng Babilona. Ba ne ba latela Molao oa Moshe. Ha ba lokoloha botlamuoeng, ba ne ba tla khutlela Jerusalema ’me ba rapele Molimo ho ea ka Molao oo ebe ba tsosolosa tempele le aletare ea eona. Ba ne ba tla nyehela mahlabelo moo ’me ho bonahala eka ba ile ba etsa joalo ka lilemo tse ka bang 600. Nahana feela hore na Bajuda ba ne ba tla ikutloa joang haeba pono eo Ezekiele a e boneng e ne e le ea tempele ea tšoantšetso e leng tempele eo ho eona moprista ea phahameng a fanang ka bophelo ba hae e le sehlabelo ebe ka mor’a moo mahlabelo a mang ’ohle aa felisoa. Ba ne ba tla ikutloa joang ka pono eo? Na ba ne ba ka ’na ba tlohela ho hlompha Molao oa Moshe? Kamehla Jehova o senolela batho ba hae lintho ka nako e nepahetseng.

12-14. Tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e amana joang le tlhaloso ea Pauluse ea tempele ea tšoantšetso? (Sheba lebokose le reng “Litempele Tse sa Tšoaneng Tse re Rutang Lintho Tse sa Tšoaneng.”)

12 Pono ea Ezekiele ea tempele e amana joang le tlhaloso ea Pauluse ea tempele ea tšoantšetso? Hopola hore ha Pauluse a ne a bua ka tempele ea tšoantšetso o ne a sa e bapise le tempele eo Ezekiele a e boneng empa o ne a e bapisa le tabernakele ea mehleng ea Moshe. Ke ’nete hore Pauluse o ile a bua ka tse ling tsa lintho tse hlahang tempeleng ea Solomone le ea Zorobabele tse neng li boetse li hlaha tempeleng eo Ezekiele a e boneng. Leha ho le joalo, Ezekiele le Pauluse ba ne ba hlalosa lintlha tse fapaneng libukeng tsa bona. b Lintho tseo ba li ngotseng ha li tšoane empa lia tlatsana. Ka tsela efe?

13 Litlaleho tsena tse peli tsa Bibele li amana ka tsela ena: Ho Pauluse re ithuta kamoo Jehova a hlophisitseng borapeli ba ’nete kateng. Ho Ezekiele teng re ithuta hore na Jehova o batla hore re mo rapele joang. Pauluse o re ruta hore na Jehova o hlophisitse borapeli ba ’nete joang ka ho hlalosa hore na likarolo tsa tempele ea tšoantšetso tse kang moprista ea phahameng, mahlabelo, aletare le Sehalalelisiso li bolela’ng. Pono ea Ezekiele ea tempele e hlakisa hore na Jehova o batla hore re mo rapele joang hobane e re fa lintlha tse eketsehileng tse re rutang hore na ke borapeli bo joang boo Jehova a bo amohelang.

14 Tlhaloso ee ea pono ea Ezekiele ea tempele e bolela’ng ho rona? Ha e bolele hore pono ea Ezekiele ha se ea bohlokoa ho rona kajeno. E le hore re bone hore na re ithuta’ng ho eona, a re ke re shebe hore na pono eo e ile ea thusa Bajuda ba tšepahalang mehleng ea Ezekiele joang le ba phetseng ka mor’a moo.

Pono ee e Ile ea Thusa Bajuda ba Botlamuoeng Joang?

15. (a) Molaetsa oa pono ea Ezekiele e ne e le ofe? (b) Litaba tse hlahang khaolong ea 8 ea Ezekiele li fapane joang le tse hlahang khaolong ea 40 ho ea ho 48?

15 E le hore re bone hore na Bibele e araba potso eo joang, a re ke re hlahlobeng lipotso tse tla re thusa ho utloisisa taba ena ka botlalo. Potso ea pele: Molaetsa oa pono ea Ezekiele e ne e le ofe? Ka mantsoe a bonolo feela molaetsa oa pono eo e ne e le hore borapeli ba ’nete bo ne bo tl’o tsosolosoa. Taba ena e ne e hlakile ho Ezekiele. O ne a se a ngotse karolo eo hona joale e leng khaolo ea 8 ea Ezekiele moo ho eona Jehova a hlalosang kamoo tempele e Jerusalema e senyehileng kateng. E tlameha ebe Ezekiele o ile a thaba haholo ha a ne a ngola ntho e fapaneng hole le eo e hlahang khaolong ea 40 ho ea ho 48. Ponong ena ha ho rapeloe melimo e meng empa ho rapeloa Jehova ka tsela eo a e amohelang. Ona ke mohlala oa kamoo Jehova a lokelang ho rapeloa kateng ho latela Molao oa Moshe.

16. Pono ea Ezekiele ea tempele e lumellana joang le lintho tseo Esaia a ileng a li profeta khale?

16 E le hore batho ba rapele Jehova ka tsela eo a e amohelang, ba tla lokela ho nka borapeli ba ’nete e le bo phahameng ka ho fetisisa. Lilemo tse fetang 100 pele ho moo, moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Matsatsing a ho qetela, thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba, e phahamele maralla.” (Esa. 2:2) Esaia o ile a bona esale pele hore batho ba ne ba tla rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang le hore ba ne ba tla nka borapeli ba ’nete e le bo phahameng ka ho fetisisa joalokaha e ka bo holim’a lithaba tse phahameng ka ho fetisisa. Ezekiele o ne a le hokae ponong eo? O ne a shebile ntlo ea Jehova a le “thabeng e phahameng haholo.” (Ezek. 40:2) Kahoo, pono ea Ezekiele ea re kholisa hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa.

Tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e le sebakeng se phahameng (Sheba serapa sa 16)

17. Hlalosa Ezekiele khaolo ea 40 ho ea ho 48 ka bokhutšoanyane.

17 Nahana ka lintho tseo Ezekiele a li boneng le tseo a li utloileng tse hlahang ho Ezekiele khaolo ea 40 ho ea ho 48. O ile a bona ha lengeloi le metha likeiti, lerako, mabala le sehalalelo sa tempele. (Ezek. 40-42) Ka mor’a moo, ho ile ha etsahala ntho e hlollang. Jehova o ile a fihla tempeleng ka khanya e kholo. Jehova o ile a khalemela baprista, likhosana le batho ba hae ba neng ba sa mo mamele. (Ezek. 43:1-12; 44:10-31; 45:9-12) Ezekiele o ile a bona noka e tsoa sehalalelong e phalla e ea Leoatleng le Shoeleng. E ne e fana ka bophelo le litlhohonolofatso. (Ezek. 47:1-12) A bona naha e arotsoe ka makhethe ’me bohareng ba eona ho rapeloa Jehova ka tsela eo a e amohelang. (Ezek. 45:1-8; 47:13–48:35) Lintho tseo tsohle li ne li bolela’ng? Hoa hlaka hore Jehova o ne a kholisa batho ba hae hore ba tla boela ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang ba be ba nke borapeli boo e le bo phahameng ka ho fetisisa. O ne a tla hlohonolofatsa ntlo eo a rapeloang ho eona ka hore a be teng ho eona, a be a etse hore ho be le litlhohonolofatso tse ngata tse tsoang tempeleng, tse kang ho folisa batho, ho ba fa bophelo le ho etsa hore lintho li etsoe ka tsela e hlophisehileng naheng.

Tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e bontša hore na Jehova o batla hore batho ba mo rapele joang (Sheba serapa sa 17)

18. Na tempele e hlahileng ponong e ne e le ea ’nete? Hlalosa.

18 Potso ea bobeli: Na lintho tse hlahang ponong ee ea Ezekiele ke tsa ’nete? Che. Ho ka etsahala hore Ezekiele le Bajuda ba botlamuoeng bao a ileng a ba bolella ka pono ena ba ile ba hlokomela li sa tloha feela hore lintho tse ponong eo ke tsa tšoantšetso. Ke hobane’ng ha re cho joalo? U tla hopola hore Ezekiele o bone tempele ena e le “thabeng e phahameng haholo.” Ke ’nete hore pono ena e tsamaisana le boprofeta ba Esaia empa tempele eo e ne e se sebakeng seo tempele e Jerusalema e neng e le ho sona. Tempele ea Solomone e ne e le Jerusalema holim’a Thaba ea Moria ’me e ne e ntse e tla ba hona moo ha e tsosolosoa. Empa na e ne e le ‘thaba e phahameng haholo’? Ha ho joalo. Ha e le hantle Thaba ea Moria e pota-potiloe ke lithaba tse ling tse lekanang le eona kapa tse telele ho e feta. Taba e ’ngoe ke hore tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e le kholo haholo. Tempele eo hammoho le lerako la eona le e pota-potileng, li ne li le kholo haholo hore li ka lekana holim’a Thaba ea Moria. Leha e ne e ka ba holim’a motse oohle oa Jerusalema oa mehleng ea Solomone e ne e ke ke ea lekana. Ntho e ’ngoe ke hore Bajuda ba botlamuoeng ba ne ba sa nke hore ho ka ba le noka e tsoang sehalalelong sa tempele e phallelang Leoatleng le Shoeleng e etsang hore lintho tse ngata leoatleng leo li phele. Ntlha ea ho qetela ke hore Naha e Tšepisitsoeng e na le lithaba tse ngata, kahoo ho ne ho ke ke ha khoneha hore maloko a aroleloe naha ka tsela e makhethe joalokaha ho hlalositsoe ponong. Hoa hlaka hore lintho tse hlalosoang ponong ena ha lia lokela ho nkoa e le tsa ’nete.

19-21. Jehova o ne a batla hore batho ba hae ba ikutloe joang ka pono ea Ezekiele ’me ke hobane’ng ha ba ne ba ka ikutloa joalo?

19 Potso ea boraro: Batho ba mehleng ea Ezekiele ba ne ba lokela ho ikutloa joang ka mor’a ho utloa ka pono ea hae? Ba ne ba lokela ho ikutloa ba soabile ha ba nahana ka melao ea Jehova e phahameng ea borapeli ba ’nete. Jehova o ile a re Ezekiele a ‘hlalosetse Baiseraele hore na tempele e entsoe joang.’ Ezekiele o ne a lokela ho hlalosa tempele ena ka tsela e hlakileng e le hore Baiseraele ba tle ba khone “ho ithuta hore na e entsoe joang.” Ke hobane’ng ha ba ne ba lokela ho nahanisisa ka tempele eo? Joalokaha re bone, ha se hobane ba ne ba tl’o e haha empa e ne “e le hore ba tle ba soabele liphoso tsa bona” joalokaha Jehova a boletse.—Bala Ezekiele 43:10-12.

20 Ke hobane’ng ha pono eo e ne e ka ama maikutlo a batho ba nang le lipelo tse ntle le ho etsa hore ba soabele liphoso tsa bona? Ezekiele o ile a bolelloa mantsoe ana a reng: “Mor’a motho, hlokomela, shebisisa ’me u mamele ka hloko lintho tsohle tseo ke tla u bolella tsona ka melao le litaelo tsa tempele ea Jehova.” (Ezek. 44:5) Ezekiele o ile a bolelloa ka melao le litaelo ka makhetlo a mangata. (Ezek. 43:11, 12; 44:24; 46:14) Hangata Ezekiele o ne a hopotsoa ka melao ea Jehova. O ne a hopotsoa le melao e mabapi le ho lekanya bolelele le boima ba lintho. (Ezek. 40:5; 45:10-12; bapisa le Liproverbia 16:11.) Ponong ena feela Ezekiele o ngotse mantsoe “ho lekanya” le “ho metha” ka puo ea hae ka makhetlo a fetang a 50.

21 Ha Jehova a bua ka ho lekanya, boima, melao le litaelo, o ne a re’ng ho batho ba hae? Ho bonahala eka Jehova o ne a hopotsa batho ba hae taba ena ea bohlokoa ea hore: Ke Jehova feela ea ka behang melao ea hore na batho ba hae ba mo rapele joang. Batho ba neng ba se ba sa latele melao eo ba ne ba lokela ho hlajoa ke lihlong. Pono eo e ile ea ruta Bajuda lintlha tseo tsa bohlokoa joang? Khaolong e latelang re tla bua ka mehlala e tobileng. Mehlala eo e tla re thusa ho bona hore na pono ena e re ruta’ng kajeno.

Ke hobane’ng ha pono ea tempele e ne e ka etsa hore batho ba nang le lipelo tse ntle ba soabele liphoso tsa bona? (Sheba serapa sa 19-21)

a Tempele ea tšoantšetso ke borapeli ba ’nete boo Jehova a bo hlophisitseng le bo bileng teng ka lebaka la sehlabelo sa Jesu Kreste. Re utloisisa hore bo bile teng ka selemo sa 29 mehleng ea Jesu.

b Ka mohlala, Pauluse o ile a bua ka moprista ea phahameng le mosebetsi oo a neng a o etsa selemo le selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe. (Baheb. 2:17; 3:1; 4:14-16; 5:1-10; 7:1-17, 26-28; 8:1-6; 9:6-28) Empa ponong ea Ezekiele ha ho na moo ho buuoang ka moprista ea phahameng kapa Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe.