Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 14

“Ona ke Molao oa Tempele”

“Ona ke Molao oa Tempele”

EZEKIELE 43:12

NTLHA-KHOLO: Lintho tseo batho ba mehleng ea Ezekiele ba ileng ba ithuta tsona ponong ea tempele le seo re ka ithutang sona kajeno

1, 2. (a) Re ithutile’ng khaolong e fetileng ka pono ea Ezekiele ea tempele? (b) Re tl’o araba lipotso life tse peli khaolong ee?

 EZEKIELE ha aa ka a bona tempele e kholo ea tšoantšetso eo moapostola Pauluse a ileng a bua ka eona lilemo tse ngata hamorao. Re ithutile ntlha ena khaolong e fetileng. Hape re ile ra ithuta hore pono eo ea Ezekiele e ne e etselitsoe ho ruta batho ba Molimo bohlokoa ba ho latela melao ea Molimo borapeling ba ’nete. Batho ba ne ba tla boela ba be le kamano e ntle le Jehova hafeela ba latela melao eo. Rea hlokomela hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a hatisa bohlokoa ba taba ena habeli temaneng e le ’ngoe a re: “Ona ke molao oa tempele.”—Bala Ezekiele 43:12.

2 Hona joale a re hlahlobeng lipotso tsena tse peli. Ea pele: Ke likeletso life tse tsoang melaong ea Jehova ea borapeli bo hloekileng tseo ho ka etsahalang hore Bajuda ba mehleng ea Ezekiele ba ile ba ithuta tsona ho tsoa ponong ea tempele? Karabo ea potso eo e tla re thusa hore re khone ho araba potso ea bobeli e reng: Rona ba phelang matsatsing a ho qetela re ithuta’ng ponong ee?

Batho ba Mehleng ea Ezekiele ba Ile ba Ithuta’ng Ponong ea Tempele?

3. E ka ’na eaba taba ea hore pono ea Ezekiele e etsahalletse thabeng e phahameng e ile ea susumetsa batho ba lipelo li ntle ho etsa’ng?

3 Ho araba potso ea pele, a re hlahlobeng lintho tse ’maloa tse ikhethang tse neng li hlahile ponong ea tempele. Thaba e phahameng. Taba ea hore boprofeta ba Ezekiele bo ile ba etsahala thabeng e ka ’na eaba e ile ea etsa hore batho ba e bapise le boprofeta bo thabisang ba Esaia ba ho khutlisa borapeli ba ’nete. (Esa. 2:2) Ho bona ntlo ea Jehova e le thabeng e phahameng hakaalo ho ile ha ba ruta eng? Ho ile ha ba ruta hore borapeli ba ’nete bo lokela ho phahamisoa, ho hlomphuoa le ho nkeloa holimo ho feta ntho leha e le efe. Ke ’nete hore borapeli ba ’nete bo se bo ntse bo phahame hobane bo hlophisitsoe ke Molimo ‘ea phahameng ho feta melimo e meng eohle.’ (Pes. 97:9) Empa batho ba ne ba sa etse lintho hantle. Ka lilemo tse ngata ba ne ba sa hlomphe borapeli ba ’nete, ba bo lahlile ebile ba bo silafatsa. E tlameha ebe batho ba lipelo li ntle ba ile ba soabela liketso tsa bona ha ba bona ntlo ea Molimo e halalelang e hlomphuoa, e nkeloa holimo ebile e khutlisetsoa boemong ba eona bo phahameng.

4, 5. E ka ’na eaba batho ba neng ba mametse Ezekiele ba ile ba ithuta’ng likeiting tse phahameng tsa tempele?

4 Likeiti tse phahameng. Ha pono e qala, Ezekiele o ile a bona lengeloi le metha likeiti. Bophahamo ba tsona e ne e le bolelele ba limithara tse 30. (Ezek. 40:14) Ho ne ho e-na le likamore tsa balebeli likeiting. Lintho tsena kaofela li ne li bolela’ng ho batho ba neng ba hlalosetsoa pono ee? Jehova o ile a re ho Ezekiele: “U shebe ka hloko tsela e kenang ka tempeleng.” Hobane’ng? Hobane batho ba ne ba ntse ba tlisa batho ba ‘lipelo li mpe le ba sa bollang’ ka tlung e halalelang ea Molimo ea borapeli. Qetellong ho ile ha etsahala’ng? Jehova o ile a re: “Ba silafatsa tempele ea ka.”—Ezek. 44:5, 7.

5 Batho ba neng “ba sa bolla” ha baa ka ba mamela molao oa Molimo o hlakileng oo a ileng a fana ka oona ho tloha mehleng ea Abrahama. (Gen. 17:9, 10; Lev. 12:1-3) Empa “ba lipelo li mpe” ba ne ba sokolisa le ho feta. Ba ne ba sa mamele ebile ba sa latele litaelo tsa Jehova. Batho ba joalo ba ne ba sa lokela ho lumelloa ho kena ka tlung e halalelang ea Jehova ea borapeli. Jehova o hloile baikaketsi empa batho ba hae ba ne ba lumeletse baikaketsi hore ba ate ka tlung ea hae. Likeiti le likamore tsa balebeli tse hlahang ponong ea tempele li re ruta thuto ena: Batho ba ne ba ke ke ba hlola ba lumelloa ho tlola molao oa Molimo. Batho ba lokela ho hlompha melao e phahameng ea Molimo e le hore ba kene ka tlung ea hae. Ha ba etsa joalo, Jehova o ne a tla amohela borapeli ba bona.

6, 7. (a) Jehova o sebelisitse lerako le pota-potileng tempele joang ho ruta batho ba hae? (b) Nakong e fetileng batho ba Jehova ba ne ba tšoara ntlo ea hae joang? (Sheba naletsana.)

6 Lerako. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa e neng e hlahile ponong ea tempele e ne e le lerako le pota-potileng tempele. Ezekiele o ile a re lerako leo le ne le le bolelele ba lithupa tse methang tse 500 kapa bolelele ba lik’hilomithara tse ka etsang 1,6 ka mahlakoreng ’ohle. (Ezek. 42:15-20) Leha ho le joalo, mehaho ea tempele le mabala a ne a nkile sebaka se senyenyane se nang le mahlakore a mane a lekanang. Lehlakore ka leng le ne le le limithara tse ka bang 260. (Ezek. 45:2) Ho ne ho e-na le sebaka se bulehileng ho potoloha tempele ’me se ne se kampetsoe ka lerako le ka ntle. a Hobane’ng?

7 Jehova o ile a re: “Ba ke ba khaotse ho se ntšepahalle ba be ba tlose litopo tsa marena a bona ba li ise hole le ’na ’me ke tla lula har’a bona ka ho sa feleng.” (Ezek. 43:9) Ho ka etsahala hore “litopo tsa marena a bona” li tšoantšetsa ho rapela litšoantšo. Jehova o ile a sebelisa sebaka se seholo se hlahileng ponong ea Ezekiele ea tempele ho hlakisa mantsoe ana a reng: “Tlosang lintho tsena tsohle tse litšila, ha ke batle le ho li bona mona!” Haeba ba ne ba rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang, o ne a tla ba hlohonolofatsa ka hore a be le bona.

8, 9. Ho ka etsahala hore sechaba se ile sa ithuta eng ha Jehova a ne a khalemela banna ba nang le boikarabelo?

8 Banna ba nang le boikarabelo ba khalemeloa ka matla. Jehova o ile a boela a khalemela banna ba nang le boikarabelo sechabeng ka tsela e matla le e lerato. O ile a khalemela Balevi ba neng ba mo fetohetse ha sechaba se qalella ho rapela litšoantšo empa o ile a babatsa bara ba Tsadoke ‘ba ileng ba hlokomela sehalalelo sa hae ha Baiseraele ba ne ba mo lahlile.’ O ile a bontša toka le mohau ha a ahlola sehlopha se seng le se seng ho ea ka liketso tsa sona. (Ezek. 44:10, 12-16) Likhosana tsa Iseraele le tsona li ile tsa khalemeloa ka matla.—Ezek. 45:9.

9 Jehova o ile a bontša ka ho hlaka hore banna ba nang le boikarabelo le balebeli ba ne ba tla ikarabella ho eena ka tsela eo ba neng ba phetha boikarabelo ba bona ka eona. Le bona ba ne ba hloka ho eletsoa le ho khalemeloa. Ho ntse ho le joalo, ba ne ba lokela ho beha mohlala tabeng ea ho mamela melao ea Jehova.

10, 11. Ho na le bopaki bofe bo bontšang hore Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba ile ba ithuta ho hong ponong ea Ezekiele?

10 Na Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba ile ba sebelisa seo pono ea Ezekiele e neng e ba ruta sona? Ke ’nete hore ha re tsebe hore na bahlanka ba tšepahalang ba nakong eo ba ne ba nahana’ng ka pono ena. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re bolella lintho tse ngata tseo Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba ileng ba li etsa le hore na ba ile ba nka borapeli ba ’nete ba Jehova joang. Na ba ile ba sebelisa lintho tseo pono ea Ezekiele e neng e ba ruta tsona? Ba ile ba sebelisa tse ling tsa tsona, haholo-holo ha ba bapisoa le tsela eo baholo-holo ba bona ba neng ba fetohetse Molimo ka eona pele ba ea botlamuoeng Babilona.

11 Banna ba tšepahalang ba kang moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria, moprista Esdrase eo e neng e bile e le mokopitsi le letona Nehemia, kaofela ba ile ba sebetsa ka thata ho ruta batho litaelo tse tšoanang le tse hlahang ponong ea Ezekiele ea tempele. (Esdr. 5:1, 2) Ba ne ba ruta batho hore ba lokela ho hlompha borapeli ba ’nete le hore borapeli ba ’nete e lokela ho ba ba bohlokoa ho feta lintho tsa lefatše lena kapa lintho tseo ba li batlang. (Hag. 1:3, 4) Ba ile ba etsa bonnete ba hore batho ba rapela Molimo ka tsela eo a e amohelang. Ka mohlala, Esdrase le Nehemia ba ile ba khalemela batho ka matla hore ba tlohele basali ba balichaba ba neng ba etsa hore ba se ke ba rata Molimo. (Bala Esdrase 10:10, 11; Neh. 13:23-27, 30) Ho ile ha etsahala’ng ka batho ba neng ba rapela litšoantšo? Ho bonahala hore ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng, batho ba ile ba hloea borapeli ba litšoantšo e leng sebe seo ba neng ba lula ba se etsa nakong e fetileng. Ho ile ha etsahala’ng ka baprista le likhosana? Joalokaha ho bontšitsoe ponong ea Ezekiele, le bona ba ile ba fuoa khalemelo e tsoang ho Jehova. (Neh. 13:22, 28) Ba bangata ba bona ba ile ba ikokobetsa ’me ba mamela.—Esdr. 10:7-9, 12-14; Neh. 9:1-3, 38.

Nehemia o ile a ruta batho ka borapeli ba ’nete ha a ntse a sebetsa le bona (Sheba serapa sa 11)

12. Jehova o ile a hlohonolofatsa Bajuda ba tsoang botlamuoeng ka litsela life?

12 Kahoo, Jehova o ile a hlohonolofatsa sechaba sa hae. Sechaba se ile sa e-ba le kamano e ntle le Jehova, sa lula se phetse hantle sa ba sa e-ba le khotso e leng lintho tseo se neng se li qetetse khale. (Esdr. 6:19-22; Neh. 8:9-12; 12:27-30, 43) Jehova o ile a hlohonolofatsa sechaba ka tsela ena hobane se ile sa qala ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Batho ba bangata ba ratang Molimo ba ile ba qala ho sebelisa lintho tseo ba ithutang tsona ponong ea Ezekiele ea tempele. Ka bokhutšoanyane re ka re pono ea Ezekiele ea tempele e ile ea thusa Bajuda ba tsoang botlamuoeng ka litsela tsena tse peli. (1) E ile ea ba ruta litsela tse nepahetseng tsa ho rapela Molimo ka tsela eo a e amohelang le hore na ba ka li latela joang. (2) E ne e ba kholisa hore boprofeta ba Molimo bo tla fela bo phethahale. E ile ea bontša esale pele hore borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa, hape e ile ea bontša le hore Jehova o ne a tla hlohonolofatsa batho ba hae hafeela ba mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Leha ho le joalo, kajeno re batla ho tseba hore na boprofeta ba pono ena boa phethahala mehleng ea rona.

Pono ea Ezekiele e re Ruta’ng Mehleng Ee?

13, 14. (a) Re tseba joang hore boprofeta bo buang ka pono ea Ezekiele ea tempele boa phethahala mehleng ee? (b) Boprofeta bo buang ka pono ea Ezekiele bo re tsoela molemo joang ka litsela tse peli? (Sheba lebokose la 13A, “Litempele Tse sa Tšoaneng Tse re Rutang Lintho Tse sa Tšoaneng.”)

13 Re kholisehile hore pono ea Ezekiele ea tempele ea re ama mehleng ena. Hopola lintho tse tšoanang ka pono ea Ezekiele ea ntlo ea Molimo e halalelang “e thabeng e phahameng haholo” le boprofeta ba Esaia ba hore thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona e ne “e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba.” Esaia o re bolella ka ho hlaka hore boprofeta ba hae bo ne bo tla phethahala “matsatsing a ho qetela.” (Ezek. 40:2; Esa. 2:2-4; sheba le Mikea 4:1-4.) Boprofeta bona bo qalile ho phethahala matsatsing a ho qetela ho tloha ka 1919 ha borapeli ba ’nete bo qala ho hlomphuoa, ho tsosolosoa le ho phahamisoa joalokaha eka bo behiloe thabeng e phahameng. b

14 Ho hlakile hore pono ea Ezekiele e amana le borapeli ba ’nete mehleng ena. Joalokaha pono ena e ile ea thusa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng mehleng ea khale, le mehleng ena pono ena e ntse e ka re thusa ka litsela tse peli tse latelang. (1) E re ruta litsela tse nepahetseng tsa ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. (2) Ea re kholisa hore boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete bo tla phethahala le hore Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba mo rapelang ka tsela eo a e amohelang.

Tsela eo Jehova a Batlang Hore re mo Rapele ka Eona Mehleng Ena

15. Re lokela ho hopola’ng ha re ntse re sheba hore na pono ea Ezekiele ea tempele e ka re ruta lintho life?

15 Hona joale a re bueng ka lintlha tse ikhethang tse hlahang ponong ea Ezekiele. Ka mohlala, a re nke hore re ne re e-na le Ezekiele ha a ne a bona pono ea tempele. U hopole hore ena ha se tempele e kholo ea tšoantšetso. Ho e-na le hoo, re mpa re batla lintlha tseo re ka ithutang tsona ho eona ka borapeli ba rona mehleng ena. Re ka ithuta lintho life ho eona?

16. Re ka ithuta’ng tabeng ea hore ho ne ho methoa lintho tse ngata ponong ea Ezekiele? (Sheba setšoantšo se qalang.)

16 Ke hobane’ng ha ho e-na le lintho tse ngata hakaale tse methiloeng? Ha Ezekiele a ntse a shebile, lengeloi la monna le shebahalang joaloka koporo la metha tempele, marako, likeiti, likamore tsa balebeli, mabala le aletare. Lipalo-palo tse fumanoeng ha ho methoa li ka ferekanya ’mali. (Ezek. 40:1–42:20; 43:13, 14) Empa nahana ka lintlha tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona lipalo-palong tseo. Lipalo-palo tsena li hatisa ntlha ea hore melao ea Jehova ke ea bohlokoa. Melao eo e behoa ke eena eseng batho. Batho ba nkang hore ha ho tsotellehe hore na motho o rapela Molimo joang ba fositse haholo feela. Ho ekeletsa moo, lipalo-palo tseo tsa ho metha tempele lia re kholisa hore joang kapa joang Jehova o tla tsosolosa borapeli ba ’nete. Litšepiso tsa Molimo li tla phethahala hantle joalokaha a boletse feela joalokaha lipalo-palo tseo li methiloe hantle. Ezekiele oa re tiisetsa hore tšepiso ea hore borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa matsatsing a ho qetela e tla fela e phethahale.

Taba ea hore tempele e ile ea methoa hantle e re ruta’ng? (Sheba serapa sa 16)

17. Kajeno lerako la tempele le re hopotsa’ng?

17 Lerako. Joalokaha re hlalositse, Ezekiele o ile a bona lerako le pota-potileng sebaka se seholo sa tempele. Lerako leo le ne le hopotsa batho ba Molimo hore ba ne ba sa lokela ho kopanya borapeli ba bohata le borapeli ba ’nete, ebe ba silafatsa ntlo ea Molimo. (Bala Ezekiele 43:7-9.) Le rona kajeno re hloka khalemelo eo. Ka mor’a hore batho ba Molimo ba qete lilemo tse ngata ba le Babilona e Moholo e leng bolumeli ba bohata, ba ile ba lokolloa. Ka mor’a moo, Kreste o ile a khetha mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale ka selemo sa 1919. Ho tloha ka nako eo, batho ba Molimo ba ile ba sebetsa ka thata hore ba tlohele bolumeli ba bohata, lintho tse amanang le ho rapela litšoantšo le tse amanang le bohetene. Re etsa bonnete ba hore re boloka borapeli ba ’nete bo hloekile ka hore re se ke ra bo kopanya le borapeli ba bohata. Re boetse re qoba ho etsetsa likhoebo Liholong tsa rona tsa ’Muso hobane ha re batle ho kopanya bolumeli ba rona le lintho tsa lefatše.—Mar. 11:15, 16.

18, 19. (a) Likeiti tse phahameng tse hlahang ponong ea Ezekiele ea tempele li re ruta’ng? (b) Re ka araba batho ba hanyetsang melao ea Jehova e phahameng ea boitšoaro joang? Fana ka mohlala.

18 Likeiti tse phahameng. Ha re nahana ka likeiti tseo tse phahameng tseo Ezekiele a li boneng, re ka ithuta’ng ho tsona? Re kholisehile hore likeiti tseo li ile tsa ruta Bajuda ba neng ba tsoa botlamuoeng hore melao ea Jehova ea boitšoaro e phahame haholo. Le kajeno ho ntse ho le joalo. Re rapela Jehova tempeleng ea hae e kholo ea tšoantšetso. Kajeno ke habohlokoa le ho feta hore re be le boitšoaro bo botle ’me re se ke ra ba baikaketsi. (Bar. 12:9; 1 Pet. 1:14, 15) Matsatsing ana a ho qetela, haesale Jehova a ntse a tataisa batho ba hae hore ba khomarele melao ea hae ea boitšoaro. c Ka mohlala, baetsalibe ba sa bakeng baa tlosoa ka phuthehong. (1 Bakor. 5:11-13) Likamore tsa balebeli tse likeiting tseo lia re hopotsa hore kajeno Jehova a ke ke a amohela motho ea sa mo khahliseng borapeling ba hae ba ’nete. Ka mohlala, motho ea itšoarang hantle ha a e-na le Bakreste-’moho le eena empa a sa etse joalo ha a e-na le batho ba bang, a ka ’na a kena Holong ea ’Muso empa Jehova a ke ke a mo amohela ho fihlela a fetola boitšoaro ba hae hore bo khahlise Molimo. (Jak. 4:8) Ntho ena e thusa hore borapeli ba ’nete bo lule bo hloekile lefatšeng lena le tletseng batho ba sa hlompheng melao ea Molimo ea boitšoaro.

19 Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ea bofelo boitšoaro ba batho bo ne bo tla ba bobe le ho feta. E re: “Batho ba khopo le ba ikhakanyang, bobe ba bona bo tla eketseha bo be bo fetelle. Ba tla khelosa ba bang ba be ba khelosoe.” (2 Tim. 3:13) Batho ba bangata kajeno ba khelositsoe ’me ba nahana hore melao ea Jehova ea boitšoaro e thata haholo, e siiloe ke nako ebile e fosahetse. Na le uena u tla nahana ka tsela eo? Ka mohlala, haeba motho a leka ho u kholisa hore melao ea Molimo e reng batho ba bong bo tšoanang ha baa lokela ho ratana e fosahetse, na u tla lumellana le eena? Kapa na u tla tšehetsa Jehova ’me u lumellane le Bibele ha e re batho ba etsang lintho tse joalo “ba etsa lintho tse nyonyehang”? Molimo oa re lemosa hore re se ke ra tšehetsa boitšoaro bo bobe. (Bar. 1:24-27, 32) Ha re kopane le maemo a joalo, re ka thusoa ke ho nahana ka pono ea Ezekiele ea tempele e nang le likeiti tse phahameng ’me ra hopola hore Jehova ha a fetole melao ea hae ea boitšoaro hore e lumellane le maikutlo a batho ho sa tsotellehe hore na batho ba lefatše lena ba itšoereng hampe ba re’ng. Na re tšehetsa Ntate oa rona ea leholimong ka hore re buelle melao ea hae e phahameng?

Re fana ka mahlabelo a rorisang Molimo ha re nka karolo borapeling ba ’nete

20. Pono ea Ezekiele e khothatsa batho ba “bongata bo boholo” joang?

20 Mabala. E tlameha ebe Ezekiele o ile a thaba haholo ha a bona lebala le leholo le ka ntle la tempele ’me a nahana hore na ke batho ba bangata hakae ba ka rapelang Jehova moo. Kajeno Bakreste ba rapela Molimo sebakeng se halalelang ho feta seo. Batho ba “bongata bo boholo” ba rapelang Jehova lebaleng le ka ntle la tempele ea hae ea tšoantšetso ba khothatsoa ke pono ea Ezekiele. (Tšen. 7:9, 10, 14, 15) Ezekiele o ile a hlokomela hore mabaleng ho ne ho e-na le likamore tseo ho jelloang ho tsona moo barapeli ba Molimo ba neng ba ka ja hammoho mahlabelo a kopanetsoeng ao ba tlileng le ’ona. (Ezek. 40:17) Ka tsela e itseng ba ne ba e-ba le monyetla oa ho ja le Jehova Molimo e leng ntho e bontšang hore ke metsoalle ea hae. Kajeno ha re nehele mahlabelo joalokaha Bajuda ba ne ba etsa ha ba latela Molao oa Moshe. Ho e-na le hoo, re etsetsa Molimo sehlabelo ka ho mo rorisa borapeling ba ’nete, ha re arabela libokeng le ha re etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. (Baheb. 13:15) Re boetse re matlafatsoa ke lingoloa le livideo tseo Jehova a re fang tsona. Re ikutloa joaloka bara ba Kora ba ileng ba binela Jehova ba re: “Ho qeta letsatsi le le leng mabaleng a hao ho molemo ho feta ho qeta a sekete sebakeng se seng.”—Pes. 84:10.

21. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ka ithuta’ng ho baprista bao ho buuoang ka bona ponong ea Ezekiele?

21 Baprista. Ezekiele o ile a hlokomela hore likeiti tseo baprista le Balevi ba kenang ho tsona ha ba ea lebaleng le ka hare li tšoana le tseo batho ba tsoang malokong ao e seng a baprista ba li sebelisang ha ba kena lebaleng le ka ntle. Likeiti tseo li ne li hopotsa baprista hore kaha le bona ba borapeling ba ’nete ba ne ba lokela ho hlompha melao ea Jehova ea boitšoaro. Taba ee e ama bo-mang kajeno? Kajeno ha ho sa na batho ba tsoang lelapeng la baprista har’a bahlanka ba Molimo empa ha Bibele e bua le Bakreste ba tlotsitsoeng e re: “Le ‘moloko o khethiloeng, baprista bao e leng marena.’” (1 Pet. 2:9) Mehleng ea Baiseraele, baprista ba ne ba rapela Molimo lebaleng la bona ba le bang. Kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng ba rapela Molimo ba kopane le balumeli-’moho le bona, le hoja Jehova a ba nka e le bana ba hae ba haufi haholo le eena. (Bagal. 4:4-6) Batlotsuoa le bona ba ka ithuta lintho tsa bohlokoa ponong ea Ezekiele. Ka mohlala, baa hlokomela hore baprista le bona ba ne ba khalemeloa. Bakreste bohle ba lokela ho hopola hore re ‘mohlape o le mong’ o sebeletsang ‘molisa a le mong.’—Bala Johanne 10:16.

22, 23. (a) Baholo ba Bakreste ba ithuta’ng ho khosana eo ho buuoang ka eona ponong ea Ezekiele? (b) Ho ka ’na ha etsahala’ng nakong e tlang?

22 Khosana. Ponong ea Ezekiele khosana ke motho ea hlomphuoang. Empa o ne a sa tsoe lelokong la baprista, kahoo ha a le tempeleng o ne a mamela litaelo tsa baprista. Leha ho le joalo, e ne e le mookameli oa sechaba a bile a fana ka mahlabelo molemong oa sona. (Ezek. 44:2, 3; 45:16, 17; 46:2) Ke mohlala o motle ho banna ba Bakreste kajeno ba nang le boikarabelo bo itseng ka phuthehong. Baholo ba Bakreste le balebeli ba potoloho le bona ba lokela ho latela litaelo tsa mohlanka ea tšepahalang. (Baheb. 13:17) Baholo ba sebetsa ka thata ho thusa batho ba Molimo hore ba mo etsetse mahlabelo ka ho mo rorisa ha ba le libokeng le ha ba le tšimong. (Baef. 4:11, 12) Baholo ba ka boela ba hlokomela kamoo Jehova a ileng a khalemela likhosana tsa Iseraele kateng ha li ne li hatella sechaba sa hae. (Ezek. 45:9) Hape, baholo ha ba nke hore ha ba hloke ho khalemeloa. Ho e-na le hoo, baa thaba ha Jehova a ba khalemela hobane seo se ba thusa hore e be balebeli le balisa ba molemo.—Bala 1 Petrose 5:1-3.

23 Jehova o ntse a tla re fa balebeli ba re ratang Paradeiseng. Baholo ba bangata ba se ba ntse ba koetlisoa kajeno hore e be balisa ba tla thusa batho ba Molimo Paradeiseng. (Pes. 45:16) Hoa thabisa ho tseba hore Molimo o tl’o re hlohonolofatsa ka ho re fa banna bao lefatšeng le lecha. Tsela eo re utloisisang pono ea Ezekiele ka eona hammoho le boprofeta bo bong bo buang ka ho tsosolosa borapeli ba ’nete, e tla hlaka haholoanyane ka nako eo Jehova a e behileng. Mohlomong tsela eo lintho tse ling tse hlahang ponong eo li tla etsahala ka eona nakong e tlang e tla re makatsa, e leng ntho eo ho leng thata hore re e utloisise hona joale. Ho se ho tla bonahala ka nako eo.

Likeiti tse phahameng le mabala li re ruta’ng ka borapeli ba rona? (Sheba serapa sa 18-21)

Jehova o Hlohonolofatsa Borapeli ba ’Nete

24, 25. Pono ea Ezekiele e bua ka litlhohonolofatso life tseo Jehova a tl’o li fa batho ba hae ba tšehetsang borapeli ba ’nete?

24 A re phetheleng ka ho nahana ka ntho e kholo e etsahetseng ponong ea Ezekiele. Jehova o tla tempeleng eo Ezekiele a e boneng ’me o tšepisa batho ba hae hore o tla lula a le moo hafeela ba mamela litaelo tsa hae ba bile ba mo rapela ka tsela eo a e amohelang. (Ezek. 43:4-9) Ha Jehova a le tempeleng eo, seo se ne se tla thusa batho ba hae le naha ea bona joang?

25 Pono ena ea Ezekiele e hlalosa litsela tse peli tseo Molimo a tla hlohonolofatsa batho ba hae ka tsona: (1) Ho na le noka e tsoang sehalalelong sa tempele e fanang ka bophelo le e etsang hore naha e be le mobu o nonneng. (2) Naha e arotsoe ka makhethe ’me tempele le mabala a eona li bohareng ba naha. Lintho tsee li bolela’ng ho rona kajeno? Mehleng ena, Jehova o kene tempeleng e kholo ea tšoantšetso, a e hloekisa a ba a bontša hore o amohela tsela eo a rapeloang ka eona. (Mal. 3:1-4) Re tla ithuta haholoanyane ka lintlha tseo tse peli Khaolong ea 19 ho ea ho 21 ea buka ena.

a Jehova o ile a bontša phapang e kholo tseleng eo batho ba hae ba neng ba tšoara ntlo ea hae e halalelang ka eona nakong e fetileng. O ile a re: “Ba ile ba beha monyako oa bona pel’a monyako oa ka le kosene ea monyako oa bona pel’a kosene ea monyako oa ka e le hore ho be le lebota feela lipakeng tsa ka le bona. Ba ile ba silafatsa lebitso la ka le halalelang ka lintho tse nyonyehang tseo ba neng ba li etsa.” (Ezek. 43:8) Mehleng ea khale Jerusalema, tempele ea Jehova le matlo a batho li ne li aroloa ke lebota feela. Ha batho ba ntse ba tsoela pele ho se mamele melao e lokileng ea Jehova, ba ne ba silafatsa ntlo ea Jehova ba bile ba rapela litšoantšo ho eona. Molimo o ne a ke ke a mamella boemo boo.

b Pono ea Ezekiele ea tempele e lumellana le boprofeta bo bong bo hlahang ka Bibeleng bo buang ka ho tsosolosa borapeli ba ’nete bo phethahalang matsatsing a ho qetela. Ka mohlala, hlokomela kamoo boprofeta bo ho Ezekiele 43:1-9 bo tšoanang kateng le bo ho Malakia 3:1-5 le kamoo boprofeta bo ho Ezekiele 47:1-12 bo tšoanang le bo ho Joele 3:18.

c Tempele ea tšoantšetso e bile teng ka selemo sa 29 ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me a qala mosebetsi oa ho ba Moprista ea Phahameng. Leha ho le joalo, ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba hlokahale, batho ba bangata ba ile ba qeta lilemo ba sa rapele Molimo ka tsela eo a e amohelang. Borapeli ba ’nete bo ile ba tsosolosoa ka 1919.