Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 14

“Ona ke Molao wa Tempele”

“Ona ke Molao wa Tempele”

EZEKIELE 43:12

NTLHAKGOLO: Dintho tseo batho ba mehleng ya Ezekiele ba ileng ba ithuta tsona ponong ya tempele le seo re ka ithutang sona kajeno

1, 2. (a) Re ithutileng kgaolong e fetileng ka pono ya Ezekiele ya tempele? (b) Re tlo araba dipotso dife tse pedi kgaolong ee?

 EZEKIELE ha a ka a bona tempele e kgolo ya tshwantshetso eo moapostola Pauluse a ileng a bua ka yona dilemo tse ngata ha morao. Re ithutile ntlha ena kgaolong e fetileng. Hape re ile ra ithuta hore pono eo ya Ezekiele e ne e etseditswe ho ruta batho ba Modimo bohlokwa ba ho latela melao ya Modimo borapeding ba nnete. Batho ba ne ba tla boela ba be le kamano e ntle le Jehova ha feela ba latela melao eo. Re a hlokomela hore na ke hobaneng ha Jehova a ile a hatisa bohlokwa ba taba ena habedi temaneng e le nngwe a re: “Ona ke molao wa tempele.”—Bala Ezekiele 43:12.

2 Hona jwale a re hlahlobeng dipotso tsena tse pedi. Ya pele: Ke dikeletso dife tse tswang melaong ya Jehova ya borapedi bo hlwekileng tseo ho ka etsahalang hore Bajuda ba mehleng ya Ezekiele ba ile ba ithuta tsona ho tswa ponong ya tempele? Karabo ya potso eo e tla re thusa hore re kgone ho araba potso ya bobedi e reng: Rona ba phelang matsatsing a ho qetela re ithutang ponong ee?

Batho ba Mehleng ya Ezekiele ba Ile ba Ithutang Ponong ya Tempele?

3. E ka nna yaba taba ya hore pono ya Ezekiele e etsahalletse thabeng e phahameng e ile ya susumetsa batho ba dipelo di ntle ho etsang?

3 Ho araba potso ya pele, a re hlahlobeng dintho tse mmalwa tse ikgethang tse neng di hlahile ponong ya tempele. Thaba e phahameng. Taba ya hore boprofeta ba Ezekiele bo ile ba etsahala thabeng e ka nna yaba e ile ya etsa hore batho ba e bapise le boprofeta bo thabisang ba Esaia ba ho kgutlisa borapedi ba nnete. (Esa. 2:2) Ho bona ntlo ya Jehova e le thabeng e phahameng hakaalo ho ile ha ba ruta eng? Ho ile ha ba ruta hore borapedi ba nnete bo lokela ho phahamiswa, ho hlomphuwa le ho nkelwa hodimo ho feta ntho le ha e le efe. Ke nnete hore borapedi ba nnete bo se bo ntse bo phahame hobane bo hlophisitswe ke Modimo ‘ya phahameng ho feta medimo e meng yohle.’ (Pes. 97:9) Empa batho ba ne ba sa etse dintho hantle. Ka dilemo tse ngata ba ne ba sa hlomphe borapedi ba nnete, ba bo lahlile ebile ba bo silafatsa. E tlameha ebe batho ba dipelo di ntle ba ile ba swabela diketso tsa bona ha ba bona ntlo ya Modimo e halalelang e hlomphuwa, e nkelwa hodimo ebile e kgutlisetswa boemong ba yona bo phahameng.

4, 5. E ka nna yaba batho ba neng ba mametse Ezekiele ba ile ba ithutang dikeiting tse phahameng tsa tempele?

4 Dikeiti tse phahameng. Ha pono e qala, Ezekiele o ile a bona lengeloi le metha dikeiti. Bophahamo ba tsona e ne e le bolelele ba dimithara tse 30. (Ezek. 40:14) Ho ne ho ena le dikamore tsa balebedi dikeiting. Dintho tsena kaofela di ne di bolelang ho batho ba neng ba hlalosetswa pono ee? Jehova o ile a re ho Ezekiele: “O shebe ka hloko tsela e kenang ka tempeleng.” Hobaneng? Hobane batho ba ne ba ntse ba tlisa batho ba ‘dipelo di mpe le ba sa bollang’ ka tlung e halalelang ya Modimo ya borapedi. Qetellong ho ile ha etsahalang? Jehova o ile a re: “Ba silafatsa tempele ya ka.”—Ezek. 44:5, 7.

5 Batho ba neng “ba sa bolla” ha ba a ka ba mamela molao wa Modimo o hlakileng oo a ileng a fana ka wona ho tloha mehleng ya Abrahama. (Gen. 17:9, 10; Lev. 12:1-3) Empa “ba dipelo di mpe” ba ne ba sokodisa le ho feta. Ba ne ba sa mamele ebile ba sa latele ditaelo tsa Jehova. Batho ba jwalo ba ne ba sa lokela ho dumellwa ho kena ka tlung e halalelang ya Jehova ya borapedi. Jehova o hloile baikaketsi empa batho ba hae ba ne ba dumeletse baikaketsi hore ba ate ka tlung ya hae. Dikeiti le dikamore tsa balebedi tse hlahang ponong ya tempele di re ruta thuto ena: Batho ba ne ba ke ke ba hlola ba dumellwa ho tlola molao wa Modimo. Batho ba lokela ho hlompha melao e phahameng ya Modimo e le hore ba kene ka tlung ya hae. Ha ba etsa jwalo, Jehova o ne a tla amohela borapedi ba bona.

6, 7. (a) Jehova o sebedisitse lerako le potapotileng tempele jwang ho ruta batho ba hae? (b) Nakong e fetileng batho ba Jehova ba ne ba tshwara ntlo ya hae jwang? (Sheba naletsana.)

6 Lerako. Ntho e nngwe ya bohlokwa e neng e hlahile ponong ya tempele e ne e le lerako le potapotileng tempele. Ezekiele o ile a re lerako leo le ne le le bolelele ba dithupa tse methang tse 500 kapa bolelele ba dikhilomithara tse ka etsang 1,6 ka mahlakoreng ohle. (Ezek. 42:15-20) Le ha ho le jwalo, mehaho ya tempele le mabala a ne a nkile sebaka se senyenyane se nang le mahlakore a mane a lekanang. Lehlakore ka leng le ne le le dimithara tse ka bang 260. (Ezek. 45:2) Ho ne ho ena le sebaka se bulehileng ho potoloha tempele mme se ne se kampetswe ka lerako le ka ntle. a Hobaneng?

7 Jehova o ile a re: “Ba ke ba kgaotse ho se ntshepahalle ba be ba tlose ditopo tsa marena a bona ba di ise hole le nna mme ke tla dula hara bona ka ho sa feleng.” (Ezek. 43:9) Ho ka etsahala hore “ditopo tsa marena a bona” di tshwantshetsa ho rapela ditshwantsho. Jehova o ile a sebedisa sebaka se seholo se hlahileng ponong ya Ezekiele ya tempele ho hlakisa mantswe ana a reng: “Tlosang dintho tsena tsohle tse ditshila, ha ke batle le ho di bona mona!” Haeba ba ne ba rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang, o ne a tla ba hlohonolofatsa ka hore a be le bona.

8, 9. Ho ka etsahala hore setjhaba se ile sa ithuta eng ha Jehova a ne a kgalemela banna ba nang le boikarabelo?

8 Banna ba nang le boikarabelo ba kgalemelwa ka matla. Jehova o ile a boela a kgalemela banna ba nang le boikarabelo setjhabeng ka tsela e matla le e lerato. O ile a kgalemela Balevi ba neng ba mo fetohetse ha setjhaba se qalella ho rapela ditshwantsho empa o ile a babatsa bara ba Tsadoke ‘ba ileng ba hlokomela sehalalelo sa hae ha Baiseraele ba ne ba mo lahlile.’ O ile a bontsha toka le mohau ha a ahlola sehlopha se seng le se seng ho ya ka diketso tsa sona. (Ezek. 44:10, 12-16) Dikgosana tsa Iseraele le tsona di ile tsa kgalemelwa ka matla.—Ezek. 45:9.

9 Jehova o ile a bontsha ka ho hlaka hore banna ba nang le boikarabelo le balebedi ba ne ba tla ikarabella ho yena ka tsela eo ba neng ba phetha boikarabelo ba bona ka yona. Le bona ba ne ba hloka ho eletswa le ho kgalemelwa. Ho ntse ho le jwalo, ba ne ba lokela ho beha mohlala tabeng ya ho mamela melao ya Jehova.

10, 11. Ho na le bopaki bofe bo bontshang hore Bajuda ba tswang botlamuweng ba ile ba ithuta ho hong ponong ya Ezekiele?

10 Na Bajuda ba tswang botlamuweng ba ile ba sebedisa seo pono ya Ezekiele e neng e ba ruta sona? Ke nnete hore ha re tsebe hore na bahlanka ba tshepahalang ba nakong eo ba ne ba nahanang ka pono ena. Le ha ho le jwalo, Lentswe la Modimo le re bolella dintho tse ngata tseo Bajuda ba tswang botlamuweng ba ileng ba di etsa le hore na ba ile ba nka borapedi ba nnete ba Jehova jwang. Na ba ile ba sebedisa dintho tseo pono ya Ezekiele e neng e ba ruta tsona? Ba ile ba sebedisa tse ding tsa tsona, haholoholo ha ba bapiswa le tsela eo baholoholo ba bona ba neng ba fetohetse Modimo ka yona pele ba ya botlamuweng Babilona.

11 Banna ba tshepahalang ba kang moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria, moprista Esdrase eo e neng e bile e le mokopitsi le letona Nehemia, kaofela ba ile ba sebetsa ka thata ho ruta batho ditaelo tse tshwanang le tse hlahang ponong ya Ezekiele ya tempele. (Esdr. 5:1, 2) Ba ne ba ruta batho hore ba lokela ho hlompha borapedi ba nnete le hore borapedi ba nnete e lokela ho ba ba bohlokwa ho feta dintho tsa lefatshe lena kapa dintho tseo ba di batlang. (Hag. 1:3, 4) Ba ile ba etsa bonnete ba hore batho ba rapela Modimo ka tsela eo a e amohelang. Ka mohlala, Esdrase le Nehemia ba ile ba kgalemela batho ka matla hore ba tlohele basadi ba baditjhaba ba neng ba etsa hore ba se ke ba rata Modimo. (Bala Esdrase 10:10, 11; Neh. 13:23-27, 30) Ho ile ha etsahalang ka batho ba neng ba rapela ditshwantsho? Ho bonahala hore ka mora hore ba kgutle botlamuweng, batho ba ile ba hloya borapedi ba ditshwantsho e leng sebe seo ba neng ba dula ba se etsa nakong e fetileng. Ho ile ha etsahalang ka baprista le dikgosana? Jwalo ka ha ho bontshitswe ponong ya Ezekiele, le bona ba ile ba fuwa kgalemelo e tswang ho Jehova. (Neh. 13:22, 28) Ba bangata ba bona ba ile ba ikokobetsa mme ba mamela.—Esdr. 10:7-9, 12-14; Neh. 9:1-3, 38.

Nehemia o ile a ruta batho ka borapedi ba nnete ha a ntse a sebetsa le bona (Sheba serapa sa 11)

12. Jehova o ile a hlohonolofatsa Bajuda ba tswang botlamuweng ka ditsela dife?

12 Ka hoo, Jehova o ile a hlohonolofatsa setjhaba sa hae. Setjhaba se ile sa eba le kamano e ntle le Jehova, sa dula se phetse hantle sa ba sa eba le kgotso e leng dintho tseo se neng se di qetetse kgale. (Esdr. 6:19-22; Neh. 8:9-12; 12:27-30, 43) Jehova o ile a hlohonolofatsa setjhaba ka tsela ena hobane se ile sa qala ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Batho ba bangata ba ratang Modimo ba ile ba qala ho sebedisa dintho tseo ba ithutang tsona ponong ya Ezekiele ya tempele. Ka bokgutshwanyane re ka re pono ya Ezekiele ya tempele e ile ya thusa Bajuda ba tswang botlamuweng ka ditsela tsena tse pedi. (1) E ile ya ba ruta ditsela tse nepahetseng tsa ho rapela Modimo ka tsela eo a e amohelang le hore na ba ka di latela jwang. (2) E ne e ba kgodisa hore boprofeta ba Modimo bo tla fela bo phethahale. E ile ya bontsha esale pele hore borapedi ba nnete bo tla tsosoloswa, hape e ile ya bontsha le hore Jehova o ne a tla hlohonolofatsa batho ba hae ha feela ba mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Le ha ho le jwalo, kajeno re batla ho tseba hore na boprofeta ba pono ena bo a phethahala mehleng ya rona.

Pono ya Ezekiele e re Rutang Mehleng Ee?

13, 14. (a) Re tseba jwang hore boprofeta bo buang ka pono ya Ezekiele ya tempele bo a phethahala mehleng ee? (b) Boprofeta bo buang ka pono ya Ezekiele bo re tswela molemo jwang ka ditsela tse pedi? (Sheba lebokose la 13A, “Ditempele Tse sa Tshwaneng Tse re Rutang Dintho Tse sa Tshwaneng.”)

13 Re kgodisehile hore pono ya Ezekiele ya tempele e a re ama mehleng ena. Hopola dintho tse tshwanang ka pono ya Ezekiele ya ntlo ya Modimo e halalelang “e thabeng e phahameng haholo” le boprofeta ba Esaia ba hore thaba eo ntlo ya Jehova e leng ho yona e ne “e tla tiiswa ka thata ka hodima ditlhoro tsa dithaba.” Esaia o re bolella ka ho hlaka hore boprofeta ba hae bo ne bo tla phethahala “matsatsing a ho qetela.” (Ezek. 40:2; Esa. 2:2-4; sheba le Mikea 4:1-4.) Boprofeta bona bo qadile ho phethahala matsatsing a ho qetela ho tloha ka 1919 ha borapedi ba nnete bo qala ho hlomphuwa, ho tsosoloswa le ho phahamiswa jwalo ka ha eka bo behilwe thabeng e phahameng. b

14 Ho hlakile hore pono ya Ezekiele e amana le borapedi ba nnete mehleng ena. Jwalo ka ha pono ena e ile ya thusa Bajuda ba neng ba le botlamuweng mehleng ya kgale, le mehleng ena pono ena e ntse e ka re thusa ka ditsela tse pedi tse latelang. (1) E re ruta ditsela tse nepahetseng tsa ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. (2) E a re kgodisa hore boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete bo tla phethahala le hore Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba mo rapelang ka tsela eo a e amohelang.

Tsela eo Jehova a Batlang Hore re mo Rapele ka Yona Mehleng Ena

15. Re lokela ho hopolang ha re ntse re sheba hore na pono ya Ezekiele ya tempele e ka re ruta dintho dife?

15 Hona jwale a re bueng ka dintlha tse ikgethang tse hlahang ponong ya Ezekiele. Ka mohlala, a re nke hore re ne re ena le Ezekiele ha a ne a bona pono ya tempele. O hopole hore ena ha se tempele e kgolo ya tshwantshetso. Ho ena le hoo, re mpa re batla dintlha tseo re ka ithutang tsona ho yona ka borapedi ba rona mehleng ena. Re ka ithuta dintho dife ho yona?

16. Re ka ithutang tabeng ya hore ho ne ho methwa dintho tse ngata ponong ya Ezekiele? (Sheba setshwantsho se qalang.)

16 Ke hobaneng ha ho ena le dintho tse ngata hakaale tse methilweng? Ha Ezekiele a ntse a shebile, lengeloi la monna le shebahalang jwalo ka koporo la metha tempele, marako, dikeiti, dikamore tsa balebedi, mabala le aletare. Dipalopalo tse fumanweng ha ho methwa di ka ferekanya mmadi. (Ezek. 40:1–42:20; 43:13, 14) Empa nahana ka dintlha tsa bohlokwa tseo re ka ithutang tsona dipalopalong tseo. Dipalopalo tsena di hatisa ntlha ya hore melao ya Jehova ke ya bohlokwa. Melao eo e behwa ke yena eseng batho. Batho ba nkang hore ha ho tsotellehe hore na motho o rapela Modimo jwang ba fositse haholo feela. Ho ekeletsa moo, dipalopalo tseo tsa ho metha tempele di a re kgodisa hore jwang kapa jwang Jehova o tla tsosolosa borapedi ba nnete. Ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala hantle jwalo ka ha a boletse feela jwalo ka ha dipalopalo tseo di methilwe hantle. Ezekiele o a re tiisetsa hore tshepiso ya hore borapedi ba nnete bo tla tsosoloswa matsatsing a ho qetela e tla fela e phethahale.

Taba ya hore tempele e ile ya methwa hantle e re rutang? (Sheba serapa sa 16)

17. Kajeno lerako la tempele le re hopotsang?

17 Lerako. Jwalo ka ha re hlalositse, Ezekiele o ile a bona lerako le potapotileng sebaka se seholo sa tempele. Lerako leo le ne le hopotsa batho ba Modimo hore ba ne ba sa lokela ho kopanya borapedi ba bohata le borapedi ba nnete, ebe ba silafatsa ntlo ya Modimo. (Bala Ezekiele 43:7-9.) Le rona kajeno re hloka kgalemelo eo. Ka mora hore batho ba Modimo ba qete dilemo tse ngata ba le Babilona e Moholo e leng bodumedi ba bohata, ba ile ba lokollwa. Ka mora moo, Kreste o ile a kgetha mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale ka selemo sa 1919. Ho tloha ka nako eo, batho ba Modimo ba ile ba sebetsa ka thata hore ba tlohele bodumedi ba bohata, dintho tse amanang le ho rapela ditshwantsho le tse amanang le bohetene. Re etsa bonnete ba hore re boloka borapedi ba nnete bo hlwekile ka hore re se ke ra bo kopanya le borapedi ba bohata. Re boetse re qoba ho etsetsa dikgwebo Diholong tsa rona tsa Mmuso hobane ha re batle ho kopanya bodumedi ba rona le dintho tsa lefatshe.—Mar. 11:15, 16.

18, 19. (a) Dikeiti tse phahameng tse hlahang ponong ya Ezekiele ya tempele di re rutang? (b) Re ka araba batho ba hanyetsang melao ya Jehova e phahameng ya boitshwaro jwang? Fana ka mohlala.

18 Dikeiti tse phahameng. Ha re nahana ka dikeiti tseo tse phahameng tseo Ezekiele a di boneng, re ka ithutang ho tsona? Re kgodisehile hore dikeiti tseo di ile tsa ruta Bajuda ba neng ba tswa botlamuweng hore melao ya Jehova ya boitshwaro e phahame haholo. Le kajeno ho ntse ho le jwalo. Re rapela Jehova tempeleng ya hae e kgolo ya tshwantshetso. Kajeno ke ha bohlokwa le ho feta hore re be le boitshwaro bo botle mme re se ke ra ba baikaketsi. (Bar. 12:9; 1 Pet. 1:14, 15) Matsatsing ana a ho qetela, haesale Jehova a ntse a tataisa batho ba hae hore ba kgomarele melao ya hae ya boitshwaro. c Ka mohlala, baetsadibe ba sa bakeng ba a tloswa ka phuthehong. (1 Bakor. 5:11-13) Dikamore tsa balebedi tse dikeiting tseo di a re hopotsa hore kajeno Jehova a ke ke a amohela motho ya sa mo kgahliseng borapeding ba hae ba nnete. Ka mohlala, motho ya itshwarang hantle ha a ena le Bakrestemmoho le yena empa a sa etse jwalo ha a ena le batho ba bang, a ka nna a kena Holong ya Mmuso empa Jehova a ke ke a mo amohela ho fihlela a fetola boitshwaro ba hae hore bo kgahlise Modimo. (Jak. 4:8) Ntho ena e thusa hore borapedi ba nnete bo dule bo hlwekile lefatsheng lena le tletseng batho ba sa hlompheng melao ya Modimo ya boitshwaro.

19 Bibele e ile ya bolela esale pele hore mehleng ya bofelo boitshwaro ba batho bo ne bo tla ba bobe le ho feta. E re: “Batho ba kgopo le ba ikgakanyang, bobe ba bona bo tla eketseha bo be bo fetelle. Ba tla kgelosa ba bang ba be ba kgeloswe.” (2 Tim. 3:13) Batho ba bangata kajeno ba kgelositswe mme ba nahana hore melao ya Jehova ya boitshwaro e thata haholo, e siilwe ke nako ebile e fosahetse. Na le wena o tla nahana ka tsela eo? Ka mohlala, haeba motho a leka ho o kgodisa hore melao ya Modimo e reng batho ba bong bo tshwanang ha ba a lokela ho ratana e fosahetse, na o tla dumellana le yena? Kapa na o tla tshehetsa Jehova mme o dumellane le Bibele ha e re batho ba etsang dintho tse jwalo “ba etsa dintho tse nyonyehang”? Modimo o a re lemosa hore re se ke ra tshehetsa boitshwaro bo bobe. (Bar. 1:24-27, 32) Ha re kopane le maemo a jwalo, re ka thuswa ke ho nahana ka pono ya Ezekiele ya tempele e nang le dikeiti tse phahameng mme ra hopola hore Jehova ha a fetole melao ya hae ya boitshwaro hore e dumellane le maikutlo a batho ho sa tsotellehe hore na batho ba lefatshe lena ba itshwereng hampe ba reng. Na re tshehetsa Ntate wa rona ya lehodimong ka hore re buelle melao ya hae e phahameng?

Re fana ka mahlabelo a rorisang Modimo ha re nka karolo borapeding ba nnete

20. Pono ya Ezekiele e kgothatsa batho ba “bongata bo boholo” jwang?

20 Mabala. E tlameha ebe Ezekiele o ile a thaba haholo ha a bona lebala le leholo le ka ntle la tempele mme a nahana hore na ke batho ba bangata hakae ba ka rapelang Jehova moo. Kajeno Bakreste ba rapela Modimo sebakeng se halalelang ho feta seo. Batho ba “bongata bo boholo” ba rapelang Jehova lebaleng le ka ntle la tempele ya hae ya tshwantshetso ba kgothatswa ke pono ya Ezekiele. (Tshen. 7:9, 10, 14, 15) Ezekiele o ile a hlokomela hore mabaleng ho ne ho ena le dikamore tseo ho jellwang ho tsona moo barapedi ba Modimo ba neng ba ka ja ha mmoho mahlabelo a kopanetsweng ao ba tlileng le ona. (Ezek. 40:17) Ka tsela e itseng ba ne ba eba le monyetla wa ho ja le Jehova Modimo e leng ntho e bontshang hore ke metswalle ya hae. Kajeno ha re nehele mahlabelo jwalo ka ha Bajuda ba ne ba etsa ha ba latela Molao wa Moshe. Ho ena le hoo, re etsetsa Modimo sehlabelo ka ho mo rorisa borapeding ba nnete, ha re arabela dibokeng le ha re etsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. (Baheb. 13:15) Re boetse re matlafatswa ke dingolwa le divideo tseo Jehova a re fang tsona. Re ikutlwa jwalo ka bara ba Kora ba ileng ba binela Jehova ba re: “Ho qeta letsatsi le le leng mabaleng a hao ho molemo ho feta ho qeta a sekete sebakeng se seng.”—Pes. 84:10.

21. Bakreste ba tlotsitsweng ba ka ithutang ho baprista bao ho buuwang ka bona ponong ya Ezekiele?

21 Baprista. Ezekiele o ile a hlokomela hore dikeiti tseo baprista le Balevi ba kenang ho tsona ha ba ya lebaleng le ka hare di tswana le tseo batho ba tswang malokong ao eseng a baprista ba di sebedisang ha ba kena lebaleng le ka ntle. Dikeiti tseo di ne di hopotsa baprista hore ka ha le bona ba borapeding ba nnete ba ne ba lokela ho hlompha melao ya Jehova ya boitshwaro. Taba ee e ama bomang kajeno? Kajeno ha ho sa na batho ba tswang lelapeng la baprista hara bahlanka ba Modimo empa ha Bibele e bua le Bakreste ba tlotsitsweng e re: “Le ‘moloko o kgethilweng, baprista bao e leng marena.’” (1 Pet. 2:9) Mehleng ya Baiseraele, baprista ba ne ba rapela Modimo lebaleng la bona ba le bang. Kajeno, Bakreste ba tlotsitsweng ba rapela Modimo ba kopane le badumedimmoho le bona, le hoja Jehova a ba nka e le bana ba hae ba haufi haholo le yena. (Bagal. 4:4-6) Batlotsuwa le bona ba ka ithuta dintho tsa bohlokwa ponong ya Ezekiele. Ka mohlala, ba a hlokomela hore baprista le bona ba ne ba kgalemelwa. Bakreste bohle ba lokela ho hopola hore re ‘mohlape o le mong’ o sebeletsang ‘modisa a le mong.’—Bala Johanne 10:16.

22, 23. (a) Baholo ba Bakreste ba ithutang ho kgosana eo ho buuwang ka yona ponong ya Ezekiele? (b) Ho ka nna ha etsahalang nakong e tlang?

22 Kgosana. Ponong ya Ezekiele kgosana ke motho ya hlomphuwang. Empa o ne a sa tswe lelokong la baprista, ka hoo ha a le tempeleng o ne a mamela ditaelo tsa baprista. Le ha ho le jwalo, e ne e le mookamedi wa setjhaba a bile a fana ka mahlabelo molemong wa sona. (Ezek. 44:2, 3; 45:16, 17; 46:2) Ke mohlala o motle ho banna ba Bakreste kajeno ba nang le boikarabelo bo itseng ka phuthehong. Baholo ba Bakreste le balebedi ba potoloho le bona ba lokela ho latela ditaelo tsa mohlanka ya tshepahalang. (Baheb. 13:17) Baholo ba sebetsa ka thata ho thusa batho ba Modimo hore ba mo etsetse mahlabelo ka ho mo rorisa ha ba le dibokeng le ha ba le tshimong. (Baef. 4:11, 12) Baholo ba ka boela ba hlokomela ka moo Jehova a ileng a kgalemela dikgosana tsa Iseraele ka teng ha di ne di hatella setjhaba sa hae. (Ezek. 45:9) Hape, baholo ha ba nke hore ha ba hloke ho kgalemelwa. Ho ena le hoo, ba a thaba ha Jehova a ba kgalemela hobane seo se ba thusa hore e be balebedi le badisa ba molemo.—Bala 1 Petrose 5:1-3.

23 Jehova o ntse a tla re fa balebedi ba re ratang Paradeiseng. Baholo ba bangata ba se ba ntse ba kwetliswa kajeno hore e be badisa ba tla thusa batho ba Modimo Paradeiseng. (Pes. 45:16) Ho a thabisa ho tseba hore Modimo o tlo re hlohonolofatsa ka ho re fa banna bao lefatsheng le letjha. Tsela eo re utlwisisang pono ya Ezekiele ka yona ha mmoho le boprofeta bo bong bo buang ka ho tsosolosa borapedi ba nnete, e tla hlaka haholwanyane ka nako eo Jehova a e behileng. Mohlomong tsela eo dintho tse ding tse hlahang ponong eo di tla etsahala ka yona nakong e tlang e tla re makatsa, e leng ntho eo ho leng thata hore re e utlwisise hona jwale. Ho se ho tla bonahala ka nako eo.

Dikeiti tse phahameng le mabala di re rutang ka borapedi ba rona? (Sheba serapa sa 18-21)

Jehova o Hlohonolofatsa Borapedi ba Nnete

24, 25. Pono ya Ezekiele e bua ka ditlhohonolofatso dife tseo Jehova a tlo di fa batho ba hae ba tshehetsang borapedi ba nnete?

24 A re phetheleng ka ho nahana ka ntho e kgolo e etsahetseng ponong ya Ezekiele. Jehova o tla tempeleng eo Ezekiele a e boneng mme o tshepisa batho ba hae hore o tla dula a le moo ha feela ba mamela ditaelo tsa hae ba bile ba mo rapela ka tsela eo a e amohelang. (Ezek. 43:4-9) Ha Jehova a le tempeleng eo, seo se ne se tla thusa batho ba hae le naha ya bona jwang?

25 Pono ena ya Ezekiele e hlalosa ditsela tse pedi tseo Modimo a tla hlohonolofatsa batho ba hae ka tsona: (1) Ho na le noka e tswang sehalalelong sa tempele e fanang ka bophelo le e etsang hore naha e be le mobu o nonneng. (2) Naha e arotswe ka makgethe mme tempele le mabala a yona di bohareng ba naha. Dintho tsee di bolelang ho rona kajeno? Mehleng ena, Jehova o kene tempeleng e kgolo ya tshwantshetso, a e hlwekisa a ba a bontsha hore o amohela tsela eo a rapelwang ka yona. (Mal. 3:1-4) Re tla ithuta haholwanyane ka dintlha tseo tse pedi Kgaolong ya 19 ho ya ho 21 ya buka ena.

a Jehova o ile a bontsha phapang e kgolo tseleng eo batho ba hae ba neng ba tshwara ntlo ya hae e halalelang ka yona nakong e fetileng. O ile a re: “Ba ile ba beha monyako wa bona pela monyako wa ka le kosene ya monyako wa bona pela kosene ya monyako wa ka e le hore ho be le lebota feela dipakeng tsa ka le bona. Ba ile ba silafatsa lebitso la ka le halalelang ka dintho tse nyonyehang tseo ba neng ba di etsa.” (Ezek. 43:8) Mehleng ya kgale Jerusalema, tempele ya Jehova le matlo a batho di ne di arolwa ke lebota feela. Ha batho ba ntse ba tswela pele ho se mamele melao e lokileng ya Jehova, ba ne ba silafatsa ntlo ya Jehova ba bile ba rapela ditshwantsho ho yona. Modimo o ne a ke ke a mamella boemo boo.

b Pono ya Ezekiele ya tempele e dumellana le boprofeta bo bong bo hlahang ka Bibeleng bo buang ka ho tsosolosa borapedi ba nnete bo phethahalang matsatsing a ho qetela. Ka mohlala, hlokomela ka moo boprofeta bo ho Ezekiele 43:1-9 bo tshwanang ka teng le bo ho Malakia 3:1-5 le ka moo boprofeta bo ho Ezekiele 47:1-12 bo tshwanang le bo ho Joele 3:18.

c Tempele ya tshwantshetso e bile teng ka selemo sa 29 ha Jesu a ne a kolobetswa mme a qala mosebetsi wa ho ba Moprista ya Phahameng. Le ha ho le jwalo, ka mora hore baapostola ba Jesu ba hlokahale, batho ba bangata ba ile ba qeta dilemo ba sa rapele Modimo ka tsela eo a e amohelang. Borapedi ba nnete bo ile ba tsosoloswa ka 1919.