Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 16

“U Tšoaee Liphatla”

“U Tšoaee Liphatla”

EZEKIELE 9:4

NTLHA-KHOLO: Bahlanka ba tšepahalang ba ne ba tšoauoa joang mehleng ea Ezekiele ’me ho tšoauoa ho bolela’ng mehleng ee?

1-3. (a) Ke hobane’ng ha Ezekiele a maketse, hona o hlokomela eng ka ho felisoa ha Jerusalema? (b) Re tl’o bua ka lipotso life?

 EZEKIELE o maketse. O sa tsoa bona lintho tse nyonyehang tseo Bajuda ba fetohetseng Jehova ba li etsang tempeleng e Jerusalema. a Batho bao ba silafalitse sebaka seo Jehova a rapeloang ho sona Iseraele. Ha baa silafatsa tempele feela. Naha ea Juda e tletse ntoa ’me e ke ke ea hlola e loka. Lintho tsena tseo batho ba Jehova ba li etsang li mo utloisa bohloko haholo ke kahoo a reng ho Ezekiele: “Ke tla halefa.”—Ezek. 8:17, 18.

2 Taba ea hore Jerusalema le tempele ea eona eo e neng e kile ea e-ba sebaka se halalelang li halefisa Jehova le hore o tl’o li felisa e utloisa Ezekiele bohloko haholo. Ezekiele oa ipotsa: ‘Ebe ho tla etsahala’ng ka batho ba tšepahalang ba motseng oo? Na ba tla pholoha? Haeba ho joalo, ba tla pholoha joang?’ Ezekiele ha aa ka a ema nako e telele pele a fumana likarabo. Hang ha a utloa ka kahlolo e bohloko ea Jerusalema o ile a utloa lentsoe le hoeletsang batho ba tl’o tlisa kahlolo e tsoang ho Molimo. (Ezek. 9:1) Ha pono eo e ntse e tsoela pele, Ezekiele oa hlokomela hore ho ke ke ha felisoa batho kaofela empa ho tl’o felisoa batho ba itseng ’me ntho eo e etsa hore a khobe matšoafo. Ho na le batho ba tla pholoha.

3 Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, le rona re ka ’na ra ipotsa hore na ke bo-mang ba tla pholoha ha Molimo a felisa lefatše lena. Hona joale a re bueng ka lipotso tsena: (1) Ezekiele o ile a bona eng hape ponong? (2) Pono ee e ile ea phethahala joang mehleng ea hae? (3) Pono ee e bolela’ng mehleng ea rona?

“Bitsa Batho ba Tl’o Tlisa Kahlolo”

4. Hlalosa hore na ke ntho efe e ’ngoe eo Ezekiele a ileng a e bona a ba a e utloa ponong.

4 Ke ntho efe e ’ngoe eo Ezekiele a ileng a e bona a ba a e utloa ponong? (Bala Ezekiele 9:1-11.) Ho ile ha tla banna ba supileng “ba hlahang ka lehlakoreng la keiti e ka holimo e shebileng ka leboea,” pel’a setšoantšo se rapeloang se halefisang Molimo kapa moo basali ba llelang molimo Tamuze teng. (Ezek. 8:3, 14) Banna bao ba supileng ba ile ba kena ka lebaleng le ka hare la tempele ’me ba ema pel’a aletare ea koporo ea mahlabelo. Banna bao ha baa tla moo ho tla etsa mahlabelo hobane Jehova o ne a se a sa amohele mahlabelo a etsoang tempeleng eo. Banna ba tšeletseng ba ne ba eme ’me “e mong le e mong a tšoere sebetsa sa hae sa ntoa.” Monna oa bosupa o ne a sa tšoane le ba bang. O ne a apere seaparo sa line, a sa tšoara sebetsa empa a tšoere “lenaka la enke la mongoli” kapa joalokaha naletsana e bontša, “ntho e tšelang enke ea mongoli.”

5, 6. Ho ile ha etsahala’ng ka batho ba neng ba tšoauoe? (Sheba setšoantšo se qalang.)

5 Monna ea tšoereng lenaka la enke o tl’o etsa’ng? Jehova o mo file mosebetsi o boima, a re ho eena: “Tsamaea har’a motse oa Jerusalema, u tšoaee liphatla tsa batho ba tšoenyehileng le ba utloileng bohloko ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tse etsoang motseng.” Mohlomong ntho ena e ile ea hopotsa Ezekiele nakong eo batsoali ba Baiseraele ba neng ba tšoaea karolo e ka holimo ea menyako ea bona le likosene e le letšoao la hore bana ba bona ba matsibolo ba ke ke ba bolaoa. (Ex. 12:7, 22, 23) Ponong ea Ezekiele batho ba neng ba e-na le letšoao liphatleng, letšoao leo le ne le bolela hore ba tla pholosoa. Na letšoao leo le tla ’ne le etse mosebetsi o tšoanang ha Jerusalema e felisoa?

6 Karabo ea potso ena e tla hlaka haholoanyane ha re utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba ne ba tšoauoa. Ho ne ho tšoauoa liphatla tsa batho ba “tšoenyehileng le ba utloileng bohloko” ka lebaka la lintho tse nyonyehang “tse etsoang motseng.” Re ka etsa qeto efe ka ba tšoauoeng? Ba ne ba sa utloa bohloko hobane feela ho rapeloa litšoantšo tempeleng empa ba ne ba boetse ba utloile bohloko ka lebaka la lintoa, boitšoaro bo bobe le lintho tse mpe tse neng li etsahala Jerusalema. (Ezek. 22:9-12) Hape ba ne ba sa soabele ho ntša maikutlo a bona ka lintho tse neng li etsahala. Batho ba nang le lipelo tse lokileng ba ne ba bontša ka lipuo le ka liketso hore ba ne ba hloile lintho tse neng li etsahala naheng le hore ba ikemiselitse ho tšehetsa borapeli ba ’nete. Kaha Jehova o mohau o ne a tla pholosa batho bana.

7, 8. Banna ba tšoereng libetsa tsa ntoa ba ne ba tla phetha mosebetsi oa bona joang, hona qetellong ho ile ha etsahala’ng?

7 Banna ba tšeletseng ba neng ba tšoere libetsa tsa ntoa ba ne ba tla phetha mosebetsi oa bona joang? Ezekiele o ile a utloa ha Jehova a ba laela a re: Latelang monna ea tšoereng lenaka la enke ’me le bolaee batho bohle ntle le motho leha e le ofe ea nang le letšoao phatleng. Jehova o ile a re: “Le qale sehalalelong sa ka.” (Ezek. 9:6) Banna bana ba ne ba lokela ho qala mosebetsi oa bona Jerusalema tempeleng, e neng e se e sa halalele ho Jehova. Batho ba pele ba neng ba lokela ho bolaoa ke “baholo ba neng ba le ka pel’a tempele” e leng baholo ba 70 ba Iseraele ba neng ba le ka tempeleng ba chesetsa melimo ea bohata libano.—Ezek. 8:11, 12; 9:6.

8 Qetellong ho ile ha etsahala’ng? Ha Ezekiele a ntse a shebeletse a bile a mametse, monna ea tšoereng lenaka la enke a re ho Jehova: “Ke entse sohle seo u neng u ntaetse sona.” (Ezek. 9:11) Re ka ’na ra ipotsa: ‘Ho ile ha etsahala’ng ka baahi ba Jerusalema? Na ho na le ba tšepahalang ba ileng ba pholoha ha Jerusalema e felisoa?’

Pono ee e Ile ea Phethahala Joang Mehleng ea Ezekiele?

9, 10. Batho ba bang ba ileng ba pholoha ha Jerusalema e felisoa ke bo-mang, hona re ka re’ng ka bona?

9 Bala 2 Likronike 36:17-20. Boprofeta ba Ezekiele bo ile ba phethahala ka selemo sa 607 pele ho mehla ea Jesu ha masole a Bababilona a felisa Jerusalema le tempele ea eona. Joaloka ‘kopi letsohong la Jehova,’ Bababilona ba ne ba le joaloka lithulusi tseo Jehova a li sebelisang ho ahlola batho ba Jerusalema ba sa tšepahaleng. (Jer. 51:7) Na ho ile ha bolaoa batho bohle? Che. Pono ea Ezekiele e ile ea bolela esale pele hore Bababilona ba ne ba ke ke ba bolaea batho bohle.—Gen. 18:22-33; 2 Pet. 2:9.

10 Ho na le batho ba tšepahalang ba ileng ba pholoha ba kang Barekabe, Ebede-meleke oa Moethiopia, moprofeta Jeremia le mongoli oa hae Baruke. (Jer. 35:1-19; 39:15-18; 45:1-5) Ho latela pono ea Ezekiele re ka etsa qeto ea hore bana e ne e le batho “ba tšoenyehileng le ba utloileng bohloko ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang” tse etsoang motseng oa Jerusalema. (Ezek. 9:4) Pele Jerusalema e felisoa, bana ke bona ba ileng ba bontša hore ba hloile lintho tse mpe le hore ba tšehetsa borapeli ba ’nete, ke kahoo ba ileng ba pholoha.

11. Banna ba tšeletseng ba tšoereng libetsa tsa ntoa le monna ea tšoereng lenaka la enke la mongoli ba ne ba emela’ng?

11 Na batho bao ba tšepahalang ba ne ba tšoauoe ka tsela ea sebele? Ha ho na letho le bontšang hore Ezekiele kapa moprofeta leha e le ofe o ile a tsamaea Jerusalema a ntse a tšoaea batho ba tšepahalang liphatleng. Ho hlakile hore pono ea Ezekiele e ne e bontša lintho tse etsahalang leholimong tseo batho ba sa li boneng. Monna ea tšoereng lenaka la enke la monna oa mongoli le banna ba tšeletseng ba tšoereng libetsa tsa ntoa ba ne ba emela mangeloi a Jehova a tšepahalang, ao kamehla a lulang a ikemiselitse ho etsa thato ea hae. (Pes. 103:20, 21) Jehova o ile a sebelisa mangeloi ho ahlola batho ba Jerusalema. Ha mangeloi a ne a felisa batho, ha aa ka a felisa batho bohle. Ho ile ha e-ba joalokaha eka a siea batho ba neng ba e-na le letšoao liphatleng.

Pono ea Ezekiele e Bolela’ng Mehleng Ee?

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a halefela batho ba lulang Jerusalema, hona ke hobane’ng ha re ka lebella hore le mehleng ee o tla etsa se tšoanang? (b) Na bolumeli ba bohata bo tšoantšetsa batho ba Jerusalema ba sa tšepahaleng? Hlalosa. (Sheba lebokose le reng “Na Bolumeli ba Bohata bo Tšoantšetsa Jerusalema?”)

12 Kajeno re tl’o tobana le kahlolo e tsoang ho Molimo e leng ‘mahlomola a maholo a e-s’o be teng ho tloha ha lefatše le thehoa ho fihlela joale ebile ha a sa tla ba teng.’ (Mat. 24:21) Ha nako eo e ntse e atamela re ka ’na ra ipotsa: Na ho tla felisoa batho bohle? Na barapeli ba ’nete ba Jehova ba tla tšoauoa e le hore ba pholohe? Ka mantsoe a mang, na boprofeta ba Ezekiele ba monna ea tšoereng lenaka la enke bo tla phethahala mehleng ea rona? Karabo ea lipotso tsena tse tharo ke e! Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ho fumana karabo a re bueng hape ka pono ea Ezekiele.

13 Na oa hopola hore ke hobane’ng ha Jehova a ile a halefela Jerusalema ea boholo-holo? U ka bala hape lengolo la Ezekiele 9:8, 9. (E bale.) Ha Ezekiele a ne a tšaba hore ho tl’o felisoa batho bohle “ba setseng ba Iseraele,” Jehova o ile a fana ka mabaka a mane a hore ke hobane’ng ha a fane ka kahlolo eo. Lebaka la pele ke hore sechaba se ne se entse “phoso e kholo haholo.” b Lebaka la bobeli ke hore naha ea Juda e ne “e tletse polao.” La boraro ke hore Jerusalema motse-moholo oa ’muso oa Juda e ne e “tletse tlolo ea molao.” La bone ke hore batho ba ne ba etsa lintho tse mpe ba ipolella hore Jehova ‘ha a ba bone.’ Mantsoe ao a bontša hantle hore lefatše lena le tletse boitšoaro bo bobe, lintoa, bobolu ’me batho ba bangata ha ba sa na taba le Molimo. Kaha Jehova ‘ha a fetohe,’ lintho tse neng li mo halefisa mehleng ea Ezekiele li ntse li mo halefisa le kajeno. (Jak. 1:17; Mal. 3:6) Le mehleng ena re ka lebella hore banna ba tšeletseng ba tšoereng libetsa tsa ntoa le monna ea tšoereng lenaka la enke ba na le mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa.

Haufinyane banna ba tšeletseng ba tšoereng libetsa tsa ntoa ba tla ba le mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa (Sheba Serapa sa 12 le 13)

14, 15. Ke mehlala efe e bontšang hore Jehova o lemosa batho pele a ba felisa?

14 Pono ea Ezekiele e phethahala joang mehleng ee? Haeba re hlahloba hore na e ile ea phethahala joang nakong e fetileng, re tla tseba hore na re ka lebella’ng hona joale le nakong e tlang. Hona joale a re hlahlobeng lintho tseo re seng re li bone kapa tseo re tla li bona ha ho phethahala boprofeta ba Ezekiele.

15 Jehova o lemosa batho pele a ba felisa. Joalokaha re bone Khaolong ea 11 ea buka ena, Jehova o ile a khetha Ezekiele hore e be “molebeli oa Baiseraele.” (Ezek. 3:17-19) Haesale ho tloha ka selemo sa 613 pele ho mehla ea Jesu, Ezekiele a ntse a lemosa Baiseraele hore ba tl’o felisoa. Baprofeta ba bang ho akareletsa Esaia le Jeremia, le bona ba ile ba lemosa batho hore Jerusalema e tl’o felisoa. (Esa. 39:6, 7; Jer. 25:8, 9, 11) Mehleng ea rona, Jehova a sebelisa Kreste, o ile a khetha sehlopha se senyenyane sa batlotsuoa eseng feela hore se thuse barapeli ba hae hore ba mo rapele ka tsela e nepahetseng empa le hore se lemose batho ka mahlomola a maholo a tlang a potlakile.—Mat. 24:45.

16. Na batho ba Jehova ke bona ba tla tšoaea batho ba tla pholoha? Hlalosa.

16 Batho ba Jehova ha se bona ba tšoaeang batho ba tla pholoha. Hopola hore Ezekiele o ne a sa bolelloa hore a tsamaee Jerusalema a ntse a tšoaea batho ba tla pholoha. Le mehleng ena, batho ba Jehova ha baa fuoa mosebetsi oa hore ba tšoaee batho ba tla pholoha. Ho e-na le hoo, re fuoe mosebetsi oa ho ruta batho ka Molimo. Re nka mosebetsi ona e le oa bohlokoa ka hore re bolelle batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ka mafolo-folo le ho ba lemosa hore lefatše lena le khopo le haufi le ho felisoa. (Mat. 24:14; 28:18-20) Kahoo, re na le mosebetsi oa bohlokoa oa ho thusa batho ba lipelo li ntle hore ba tle borapeling ba ’nete.—1 Tim. 4:16.

17. Batho ba lokela ho etsa’ng hona joale e le hore ba tle ba tšoauoe nakong e tlang?

17 E le hore batho ba se ke ba felisoa ba tla lokela hore ba bontše hore ba na le tumelo hona joale. Joalokaha re bone lirapeng tse fetileng, batho ba ileng ba pholoha ha Jerusalema e ne e felisoa ka selemo sa 607 pele ho mehla ea Jesu, ke ba ileng ba bontša esale pele hore ba hloile lintho tse mpe tse neng li etsahala le hore ba ne ba ikemiselitse ho tšehetsa borapeli ba ’nete. Hoa tšoana le kajeno. Pele bofelo bo fihla, batho ba lokela ho ‘tšoenyeha le ho utloa bohloko’ ka lebaka la lintho tse mpe tse etsahalang lefatšeng. Ho e-na le hore ba pate tsela eo ba ikutloang ka eona, ba lokela ho bontša ka liketso le ka lintho tseo ba li buang hore ba ikemiselitse ho tšehetsa borapeli ba ’nete. Ba ka etsa seo joang? Ka hore ba amohele molaetsa oa Bibele o rutoang mehleng ena, ba be le makhabane a tšoanang le a Kreste, ba bontše hore ba inehetse ho Jehova ka hore ba kolobetsoe le ho tšehetsa bara ba bo Kreste ka botšepehi. (Ezek. 9:4; Mat. 25:34-40; Baef. 4:22-24; 1 Pet. 3:21) Batho ba tla tšoauoa hore ba pholohe ke ba etsang lintho tsena hona joale le ba tla beng ba sebeletsa Jehova ka tsela eo a e amohelang ha mahlomola a maholo a qala.

18. (a) Jesu Kreste o tla tšoaea batho ba lokileng neng, hona joang? (b) Na batlotsuoa ba tšepahalang ba lokela ho tšoauoa? Hlalosa.

18 Mosebetsi oa ho tšoaea batho o tl’o etsoa leholimong. Mehleng ea Ezekiele, mangeloi a ne a fuoe mosebetsi oa ho tšoaea batho ba tšepahalang ba tla pholoha. Mehleng ea rona, monna ea tšoereng lenaka la enke la mongoli o tšoantšetsa Jesu Kreste ha a “fihla ka khanya ea hae” e le Moahloli oa lichaba tsohle. (Mat. 25:31-33) Jesu o tla tla ka nako ea mahlomola a maholo ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe. c Ka nako eo, pele Armagedone e qala, Jesu o tla ahlola batho e le linku kapa lipoli. Batho ba “bongata bo boholo” ba tla ahloloa kapa ba tšoauoe e le linku e leng se bontšang hore “ba tla phela ka ho sa feleng.” (Tšen. 7:9-14; Mat. 25:34-40, 46) Ho tla etsahala’ng ka batlotsuoa ba tšepahalang? Ha ba hloke hore ba tšoauoe e le hore ba pholohe Armagedone. Ho e-na le hoo, bona ba tla tšoauoa pele ba hlokahala kapa pele mahlomola a maholo a qala. Ka mor’a moo, pele Armagedone e qala ba tla nyolohela leholimong.—Tšen. 7:1-3.

19. Jesu o tla be a e-na le bo-mang ha a felisa lefatše lee? (Sheba lebokose le reng “Ho Tšoenyeha le ho Utloa Bohloko, ho Tšoauoa le ho Loana ho Tla Etsahala Neng Hona Joang?”)

19 Morena oa leholimo e leng Jesu Kreste le mabotho a hae a leholimo ke bona ba tla ahlola lefatše lena. Ponong ea Ezekiele, banna ba tšoereng libetsa tsa ntoa ha baa ka ba qala ho bolaea batho ho fihlela monna ea apereng seaparo sa line a qeta mosebetsi oa hae oa ho tšoaea batho. (Ezek. 9:4-7) Le mehleng ena, bofelo ba lefatše bo tla qala ka mor’a hore Jesu a qete ho ahlola batho ba lichaba tsohle ’me a tšoaile ba tšoanang le linku hore ba tle ba pholohe. Ka mor’a moo, nakong ea ntoa ea Armagedone, Jesu o tla etella pele lebotho la hae le akareletsang mangeloi a halalelang le babusi-’moho le eena ba 144 000. Ba tla ahlola batho ba lefatše lena le khopo, ba ba felise ka ho feletseng ’me ba pholose batho ba rapelang Molimo ka tsela e nepahetseng hore ba e’o phela lefatšeng le lecha.—Tšen. 16:14-16; 19:11-21.

20. Ke lintho life tse khothatsang tseo re ithutileng tsona ponong ea Ezekiele tse buang ka monna ea tšoereng lenaka la enke la mongoli?

20 Lintho tseo re ithutileng tsona ponong ea Ezekiele ka monna ea tšoereng lenaka la enke la mongoli li re thabisa haholo. Kahoo, re kholisehile hore ha Jehova a felisa batho ba khopo a ke ke a felisa le ba lokileng. (Pes. 97:10) Rea tseba hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re tle re tšoauoe nakong e tlang hore re tle re pholohe. Kaha re bahlanka ba Jehova, re ikemiselitse ho etsa mosebetsi oa ho bolella batho litaba tse monate ka mafolo-folo le ho lemosa batho ba tšoenyehileng le ba utloisoang bohloko ke lintho tse mpe tse etsahalang lefatšeng lena la Satane. Re fuoe mosebetsi oa bohlokoa oa ho thusa batho bao lipelo tsa bona li ba susumetsang hore ba amohele lentsoe le ‘fanang ka bophelo bo sa feleng’ hore ba tle borapeling ba ’nete. Ha batho bana ba amohela molaetsa ba tla fumana monyetla oa hore ba tšoauoe e le hore ba pholohe ’me ba phele lefatšeng le lecha la Molimo.—Lik. 13:48.

a Khaolo ea 5 ea buka ena e bua ka pono ea Ezekiele ea lintho tse nyonyehang tse etsahalang tempeleng.

b Buka e ’ngoe e ka tšeptjoang e fetoletse lentsoe la Seheberu “phoso” e le ho etsa “ntho e mpe haholo.” Buka e ’ngoe e re lentsoe lena “le sebelisoa haholo ke batho ba bolumeli ho hlalosa ho ba molato kapa ho etsa ntho e mpe ka boomo ka pel’a Molimo.”

c Ho bonahala eka ha ho felisoa Babilona e Moholo ho ke ke ha felisoa batho bohle ba tšehetsang bolumeli ba bohata. Ka nako eo, baruti ba bang ba tla re le ka mohla ha ba e-s’o ka ba e-ba karolo ea bolumeli ba bohata.—Zak. 13:3-6.