Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 16

“O Tshwaye Diphatla”

“O Tshwaye Diphatla”

EZEKIELE 9:4

NTLHAKGOLO: Bahlanka ba tshepahalang ba ne ba tshwauwa jwang mehleng ya Ezekiele mme ho tshwauwa ho bolelang mehleng ee?

1-3. (a) Ke hobaneng ha Ezekiele a maketse, hona o hlokomela eng ka ho fediswa ha Jerusalema? (b) Re tlo bua ka dipotso dife?

 EZEKIELE o maketse. O sa tswa bona dintho tse nyonyehang tseo Bajuda ba fetohetseng Jehova ba di etsang tempeleng e Jerusalema. a Batho bao ba silafaditse sebaka seo Jehova a rapelwang ho sona Iseraele. Ha ba a silafatsa tempele feela. Naha ya Juda e tletse ntwa mme e ke ke ya hlola e loka. Dintho tsena tseo batho ba Jehova ba di etsang di mo utlwisa bohloko haholo ke ka hoo a reng ho Ezekiele: “Ke tla halefa.”—Ezek. 8:17, 18.

2 Taba ya hore Jerusalema le tempele ya yona eo e neng e kile ya eba sebaka se halalelang di halefisa Jehova le hore o tlo di fedisa e utlwisa Ezekiele bohloko haholo. Ezekiele o a ipotsa: ‘Ebe ho tla etsahalang ka batho ba tshepahalang ba motseng oo? Na ba tla pholoha? Haeba ho jwalo, ba tla pholoha jwang?’ Ezekiele ha a ka a ema nako e telele pele a fumana dikarabo. Hang ha a utlwa ka kahlolo e bohloko ya Jerusalema o ile a utlwa lentswe le hweletsang batho ba tlo tlisa kahlolo e tswang ho Modimo. (Ezek. 9:1) Ha pono eo e ntse e tswela pele, Ezekiele o a hlokomela hore ho ke ke ha fediswa batho kaofela empa ho tlo fediswa batho ba itseng mme ntho eo e etsa hore a kgobe matshwafo. Ho na le batho ba tla pholoha.

3 Ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela, le rona re ka nna ra ipotsa hore na ke bomang ba tla pholoha ha Modimo a fedisa lefatshe lena. Hona jwale a re bueng ka dipotso tsena: (1) Ezekiele o ile a bona eng hape ponong? (2) Pono ee e ile ya phethahala jwang mehleng ya hae? (3) Pono ee e bolelang mehleng ya rona?

“Bitsa Batho ba Tlo Tlisa Kahlolo”

4. Hlalosa hore na ke ntho efe e nngwe eo Ezekiele a ileng a e bona a ba a e utlwa ponong.

4 Ke ntho efe e nngwe eo Ezekiele a ileng a e bona a ba a e utlwa ponong? (Bala Ezekiele 9:1-11.) Ho ile ha tla banna ba supileng “ba hlahang ka lehlakoreng la keiti e ka hodimo e shebileng ka leboya,” pela setshwantsho se rapelwang se halefisang Modimo kapa moo basadi ba llelang modimo Tamuze teng. (Ezek. 8:3, 14) Banna bao ba supileng ba ile ba kena ka lebaleng le ka hare la tempele mme ba ema pela aletare ya koporo ya mahlabelo. Banna bao ha ba a tla moo ho tla etsa mahlabelo hobane Jehova o ne a se a sa amohele mahlabelo a etswang tempeleng eo. Banna ba tsheletseng ba ne ba eme mme “e mong le e mong a tshwere sebetsa sa hae sa ntwa.” Monna wa bosupa o ne a sa tshwane le ba bang. O ne a apere seaparo sa line, a sa tshwara sebetsa empa a tshwere “lenaka la enke la mongodi” kapa jwalo ka ha naletsana e bontsha, “ntho e tshelang enke ya mongodi.”

5, 6. Ho ile ha etsahalang ka batho ba neng ba tshwauwe? (Sheba setshwantsho se qalang.)

5 Monna ya tshwereng lenaka la enke o tlo etsang? Jehova o mo file mosebetsi o boima, a re ho yena: “Tsamaya hara motse wa Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba tshwenyehileng le ba utlwileng bohloko ka lebaka la dintho tsohle tse nyonyehang tse etswang motseng.” Mohlomong ntho ena e ile ya hopotsa Ezekiele nakong eo batswadi ba Baiseraele ba neng ba tshwaya karolo e ka hodimo ya menyako ya bona le dikosene e le letshwao la hore bana ba bona ba matsibolo ba ke ke ba bolawa. (Ex. 12:7, 22, 23) Ponong ya Ezekiele batho ba neng ba ena le letshwao diphatleng, letshwao leo le ne le bolela hore ba tla pholoswa. Na letshwao leo le tla nne le etse mosebetsi o tshwanang ha Jerusalema e fediswa?

6 Karabo ya potso ena e tla hlaka haholwanyane ha re utlwisisa hore na ke hobaneng ha batho ba ne ba tshwauwa. Ho ne ho tshwauwa diphatla tsa batho ba “tshwenyehileng le ba utlwileng bohloko” ka lebaka la dintho tse nyonyehang “tse etswang motseng.” Re ka etsa qeto efe ka ba tshwauweng? Ba ne ba sa utlwa bohloko hobane feela ho rapelwa ditshwantsho tempeleng empa ba ne ba boetse ba utlwile bohloko ka lebaka la dintwa, boitshwaro bo bobe le dintho tse mpe tse neng di etsahala Jerusalema. (Ezek. 22:9-12) Hape ba ne ba sa swabele ho ntsha maikutlo a bona ka dintho tse neng di etsahala. Batho ba nang le dipelo tse lokileng ba ne ba bontsha ka dipuo le ka diketso hore ba ne ba hloile dintho tse neng di etsahala naheng le hore ba ikemiseditse ho tshehetsa borapedi ba nnete. Ka ha Jehova o mohau o ne a tla pholosa batho bana.

7, 8. Banna ba tshwereng dibetsa tsa ntwa ba ne ba tla phetha mosebetsi wa bona jwang, hona qetellong ho ile ha etsahalang?

7 Banna ba tsheletseng ba neng ba tshwere dibetsa tsa ntwa ba ne ba tla phetha mosebetsi wa bona jwang? Ezekiele o ile a utlwa ha Jehova a ba laela a re: Latelang monna ya tshwereng lenaka la enke mme le bolaye batho bohle ntle le motho le ha e le ofe ya nang le letshwao phatleng. Jehova o ile a re: “Le qale sehalalelong sa ka.” (Ezek. 9:6) Banna bana ba ne ba lokela ho qala mosebetsi wa bona Jerusalema tempeleng, e neng e se e sa halalele ho Jehova. Batho ba pele ba neng ba lokela ho bolawa ke “baholo ba neng ba le ka pela tempele” e leng baholo ba 70 ba Iseraele ba neng ba le ka tempeleng ba tjhesetsa medimo ya bohata dibano.—Ezek. 8:11, 12; 9:6.

8 Qetellong ho ile ha etsahalang? Ha Ezekiele a ntse a shebeletse a bile a mametse, monna ya tshwereng lenaka la enke a re ho Jehova: “Ke entse sohle seo o neng o ntaetse sona.” (Ezek. 9:11) Re ka nna ra ipotsa: ‘Ho ile ha etsahalang ka baahi ba Jerusalema? Na ho na le ba tshepahalang ba ileng ba pholoha ha Jerusalema e fediswa?’

Pono ee e Ile ya Phethahala Jwang Mehleng ya Ezekiele?

9, 10. Batho ba bang ba ileng ba pholoha ha Jerusalema e fediswa ke bomang, hona re ka reng ka bona?

9 Bala 2 Dikronike 36:17-20. Boprofeta ba Ezekiele bo ile ba phethahala ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Jesu ha masole a Bababilona a fedisa Jerusalema le tempele ya yona. Jwalo ka ‘kopi letsohong la Jehova,’ Bababilona ba ne ba le jwalo ka dithulusi tseo Jehova a di sebedisang ho ahlola batho ba Jerusalema ba sa tshepahaleng. (Jer. 51:7) Na ho ile ha bolawa batho bohle? Tjhe. Pono ya Ezekiele e ile ya bolela esale pele hore Bababilona ba ne ba ke ke ba bolaya batho bohle.—Gen. 18:22-33; 2 Pet. 2:9.

10 Ho na le batho ba tshepahalang ba ileng ba pholoha ba kang Barekabe, Ebede-meleke wa Moethiopia, moprofeta Jeremia le mongodi wa hae Baruke. (Jer. 35:1-19; 39:15-18; 45:1-5) Ho latela pono ya Ezekiele re ka etsa qeto ya hore bana e ne e le batho “ba tshwenyehileng le ba utlwileng bohloko ka lebaka la dintho tsohle tse nyonyehang” tse etswang motseng wa Jerusalema. (Ezek. 9:4) Pele Jerusalema e fediswa, bana ke bona ba ileng ba bontsha hore ba hloile dintho tse mpe le hore ba tshehetsa borapedi ba nnete, ke ka hoo ba ileng ba pholoha.

11. Banna ba tsheletseng ba tshwereng dibetsa tsa ntwa le monna ya tshwereng lenaka la enke la mongodi ba ne ba emelang?

11 Na batho bao ba tshepahalang ba ne ba tshwauwe ka tsela ya sebele? Ha ho na letho le bontshang hore Ezekiele kapa moprofeta le ha e le ofe o ile a tsamaya Jerusalema a ntse a tshwaya batho ba tshepahalang diphatleng. Ho hlakile hore pono ya Ezekiele e ne e bontsha dintho tse etsahalang lehodimong tseo batho ba sa di boneng. Monna ya tshwereng lenaka la enke la monna wa mongodi le banna ba tsheletseng ba tshwereng dibetsa tsa ntwa ba ne ba emela mangeloi a Jehova a tshepahalang, ao ka mehla a dulang a ikemiseditse ho etsa thato ya hae. (Pes. 103:20, 21) Jehova o ile a sebedisa mangeloi ho ahlola batho ba Jerusalema. Ha mangeloi a ne a fedisa batho, ha a ka a fedisa batho bohle. Ho ile ha eba jwalo ka ha eka a siya batho ba neng ba ena le letshwao diphatleng.

Pono ya Ezekiele e Bolelang Mehleng Ee?

12, 13. (a) Ke hobaneng ha Jehova a ile a halefela batho ba dulang Jerusalema, hona ke hobaneng ha re ka lebella hore le mehleng ee o tla etsa se tshwanang? (b) Na bodumedi ba bohata bo tshwantshetsa batho ba Jerusalema ba sa tshepahaleng? Hlalosa. (Sheba lebokose le reng “Na Bodumedi ba Bohata bo Tshwantshetsa Jerusalema?”)

12 Kajeno re tlo tobana le kahlolo e tswang ho Modimo e leng ‘mahlomola a maholo a eso be teng ho tloha ha lefatshe le thehwa ho fihlela jwale ebile ha a sa tla ba teng.’ (Mat. 24:21) Ha nako eo e ntse e atamela re ka nna ra ipotsa: Na ho tla fediswa batho bohle? Na barapedi ba nnete ba Jehova ba tla tshwauwa e le hore ba pholohe? Ka mantswe a mang, na boprofeta ba Ezekiele ba monna ya tshwereng lenaka la enke bo tla phethahala mehleng ya rona? Karabo ya dipotso tsena tse tharo ke e! Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ho fumana karabo a re bueng hape ka pono ya Ezekiele.

13 Na o a hopola hore ke hobaneng ha Jehova a ile a halefela Jerusalema ya boholoholo? O ka bala hape lengolo la Ezekiele 9:8, 9. (E bale.) Ha Ezekiele a ne a tshaba hore ho tlo fediswa batho bohle “ba setseng ba Iseraele,” Jehova o ile a fana ka mabaka a mane a hore ke hobaneng ha a fane ka kahlolo eo. Lebaka la pele ke hore setjhaba se ne se entse “phoso e kgolo haholo.” b Lebaka la bobedi ke hore naha ya Juda e ne “e tletse polao.” La boraro ke hore Jerusalema motsemoholo wa mmuso wa Juda e ne e “tletse tlolo ya molao.” La bone ke hore batho ba ne ba etsa dintho tse mpe ba ipolella hore Jehova ‘ha a ba bone.’ Mantswe ao a bontsha hantle hore lefatshe lena le tletse boitshwaro bo bobe, dintwa, bobodu mme batho ba bangata ha ba sa na taba le Modimo. Ka ha Jehova ‘ha a fetohe,’ dintho tse neng di mo halefisa mehleng ya Ezekiele di ntse di mo halefisa le kajeno. (Jak. 1:17; Mal. 3:6) Le mehleng ena re ka lebella hore banna ba tsheletseng ba tshwereng dibetsa tsa ntwa le monna ya tshwereng lenaka la enke ba na le mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa.

Haufinyane banna ba tsheletseng ba tshwereng dibetsa tsa ntwa ba tla ba le mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa (Sheba serapa sa 12 le 13)

14, 15. Ke mehlala efe e bontshang hore Jehova o lemosa batho pele a ba fedisa?

14 Pono ya Ezekiele e phethahala jwang mehleng ee? Haeba re hlahloba hore na e ile ya phethahala jwang nakong e fetileng, re tla tseba hore na re ka lebellang hona jwale le nakong e tlang. Hona jwale a re hlahlobeng dintho tseo re seng re di bone kapa tseo re tla di bona ha ho phethahala boprofeta ba Ezekiele.

15 Jehova o lemosa batho pele a ba fedisa. Jwalo ka ha re bone Kgaolong ya 11 ya buka ena, Jehova o ile a kgetha Ezekiele hore e be “molebedi wa Baiseraele.” (Ezek. 3:17-19) Haesale ho tloha ka selemo sa 613 pele ho mehla ya Jesu, Ezekiele a ntse a lemosa Baiseraele hore ba tlo fediswa. Baprofeta ba bang ho akareletsa Esaia le Jeremia, le bona ba ile ba lemosa batho hore Jerusalema e tlo fediswa. (Esa. 39:6, 7; Jer. 25:8, 9, 11) Mehleng ya rona, Jehova a sebedisa Kreste, o ile a kgetha sehlopha se senyenyane sa batlotsuwa eseng feela hore se thuse barapedi ba hae hore ba mo rapele ka tsela e nepahetseng empa le hore se lemose batho ka mahlomola a maholo a tlang a potlakile.—Mat. 24:45.

16. Na batho ba Jehova ke bona ba tla tshwaya batho ba tla pholoha? Hlalosa.

16 Batho ba Jehova ha se bona ba tshwayang batho ba tla pholoha. Hopola hore Ezekiele o ne a sa bolellwa hore a tsamaye Jerusalema a ntse a tshwaya batho ba tla pholoha. Le mehleng ena, batho ba Jehova ha ba a fuwa mosebetsi wa hore ba tshwaye batho ba tla pholoha. Ho ena le hoo, re fuwe mosebetsi wa ho ruta batho ka Modimo. Re nka mosebetsi ona e le wa bohlokwa ka hore re bolelle batho ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo ka mafolofolo le ho ba lemosa hore lefatshe lena le kgopo le haufi le ho fediswa. (Mat. 24:14; 28:18-20) Ka hoo, re na le mosebetsi wa bohlokwa wa ho thusa batho ba dipelo di ntle hore ba tle borapeding ba nnete.—1 Tim. 4:16.

17. Batho ba lokela ho etsang hona jwale e le hore ba tle ba tshwauwe nakong e tlang?

17 E le hore batho ba se ke ba fediswa ba tla lokela hore ba bontshe hore ba na le tumelo hona jwale. Jwalo ka ha re bone dirapeng tse fetileng, batho ba ileng ba pholoha ha Jerusalema e ne e fediswa ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Jesu, ke ba ileng ba bontsha esale pele hore ba hloile dintho tse mpe tse neng di etsahala le hore ba ne ba ikemiseditse ho tshehetsa borapedi ba nnete. Ho a tshwana le kajeno. Pele bofelo bo fihla, batho ba lokela ho ‘tshwenyeha le ho utlwa bohloko’ ka lebaka la dintho tse mpe tse etsahalang lefatsheng. Ho ena le hore ba pate tsela eo ba ikutlwang ka yona, ba lokela ho bontsha ka diketso le ka dintho tseo ba di buang hore ba ikemiseditse ho tshehetsa borapedi ba nnete. Ba ka etsa seo jwang? Ka hore ba amohele molaetsa wa Bibele o rutwang mehleng ena, ba be le makgabane a tshwanang le a Kreste, ba bontshe hore ba inehetse ho Jehova ka hore ba kolobetswe le ho tshehetsa bara ba bo Kreste ka botshepehi. (Ezek. 9:4; Mat. 25:34-40; Baef. 4:22-24; 1 Pet. 3:21) Batho ba tla tshwauwa hore ba pholohe ke ba etsang dintho tsena hona jwale le ba tla beng ba sebeletsa Jehova ka tsela eo a e amohelang ha mahlomola a maholo a qala.

18. (a) Jesu Kreste o tla tshwaya batho ba lokileng neng, hona jwang? (b) Na batlotsuwa ba tshepahalang ba lokela ho tshwauwa? Hlalosa.

18 Mosebetsi wa ho tshwaya batho o tlo etswa lehodimong. Mehleng ya Ezekiele, mangeloi a ne a fuwe mosebetsi wa ho tshwaya batho ba tshepahalang ba tla pholoha. Mehleng ya rona, monna ya tshwereng lenaka la enke la mongodi o tshwantshetsa Jesu Kreste ha a “fihla ka kganya ya hae” e le Moahlodi wa ditjhaba tsohle. (Mat. 25:31-33) Jesu o tla tla ka nako ya mahlomola a maholo ka mora hore bodumedi ba bohata bo fediswe. c Ka nako eo, pele Armagedone e qala, Jesu o tla ahlola batho e le dinku kapa dipodi. Batho ba “bongata bo boholo” ba tla ahlolwa kapa ba tshwauwe e le dinku e leng se bontshang hore “ba tla phela ka ho sa feleng.” (Tshen. 7:9-14; Mat. 25:34-40, 46) Ho tla etsahalang ka batlotsuwa ba tshepahalang? Ha ba hloke hore ba tshwauwe e le hore ba pholohe Armagedone. Ho ena le hoo, bona ba tla tshwauwa pele ba hlokahala kapa pele mahlomola a maholo a qala. Ka mora moo, pele Armagedone e qala ba tla nyolohela lehodimong.—Tshen. 7:1-3.

19. Jesu o tla be a ena le bomang ha a fedisa lefatshe lee? (Sheba lebokose le reng “Ho Tshwenyeha le ho Utlwa Bohloko, ho Tshwauwa le ho Lwana ho Tla Etsahala Neng Hona Jwang?”)

19 Morena wa lehodimo e leng Jesu Kreste le mabotho a hae a lehodimo ke bona ba tla ahlola lefatshe lena. Ponong ya Ezekiele, banna ba tshwereng dibetsa tsa ntwa ha ba a ka ba qala ho bolaya batho ho fihlela monna ya apereng seaparo sa line a qeta mosebetsi wa hae wa ho tshwaya batho. (Ezek. 9:4-7) Le mehleng ena, bofelo ba lefatshe bo tla qala ka mora hore Jesu a qete ho ahlola batho ba ditjhaba tsohle mme a tshwaile ba tshwanang le dinku hore ba tle ba pholohe. Ka mora moo, nakong ya ntwa ya Armagedone, Jesu o tla etella pele lebotho la hae le akareletsang mangeloi a halalelang le babusimmoho le yena ba 144 000. Ba tla ahlola batho ba lefatshe lena le kgopo, ba ba fedise ka ho feletseng mme ba pholose batho ba rapelang Modimo ka tsela e nepahetseng hore ba yo phela lefatsheng le letjha.—Tshen. 16:14-16; 19:11-21.

20. Ke dintho dife tse kgothatsang tseo re ithutileng tsona ponong ya Ezekiele tse buang ka monna ya tshwereng lenaka la enke la mongodi?

20 Dintho tseo re ithutileng tsona ponong ya Ezekiele ka monna ya tshwereng lenaka la enke la mongodi di re thabisa haholo. Ka hoo, re kgodisehile hore ha Jehova a fedisa batho ba kgopo a ke ke a fedisa le ba lokileng. (Pes. 97:10) Re a tseba hore na re lokela ho etsang e le hore re tle re tshwauwe nakong e tlang hore re tle re pholohe. Ka ha re bahlanka ba Jehova, re ikemiseditse ho etsa mosebetsi wa ho bolella batho ditaba tse monate ka mafolofolo le ho lemosa batho ba tshwenyehileng le ba utlwiswang bohloko ke dintho tse mpe tse etsahalang lefatsheng lena la Satane. Re fuwe mosebetsi wa bohlokwa wa ho thusa batho bao dipelo tsa bona di ba susumetsang hore ba amohele lentswe le ‘fanang ka bophelo bo sa feleng’ hore ba tle borapeding ba nnete. Ha batho bana ba amohela molaetsa ba tla fumana monyetla wa hore ba tshwauwe e le hore ba pholohe mme ba phele lefatsheng le letjha la Modimo.—Dik. 13:48.

a Kgaolo ya 5 ya buka ena e bua ka pono ya Ezekiele ya dintho tse nyonyehang tse etsahalang tempeleng.

b Buka e nngwe e ka tsheptjwang e fetoletse lentswe la Seheberu “phoso” e le ho etsa “ntho e mpe haholo.” Buka e nngwe e re lentswe lena “le sebediswa haholo ke batho ba bodumedi ho hlalosa ho ba molato kapa ho etsa ntho e mpe ka boomo ka pela Modimo.”

c Ho bonahala eka ha ho fediswa Babilona e Moholo ho ke ke ha fediswa batho bohle ba tshehetsang bodumedi ba bohata. Ka nako eo, baruti ba bang ba tla re le ka mohla ha ba eso ka ba eba karolo ya bodumedi ba bohata.—Zak. 13:3-6.