Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kakaretso ya Dithuto Tse Ntlafaditsweng

Kakaretso ya Dithuto Tse Ntlafaditsweng

Ha dilemo di ntse di eya, Tora ya ho Lebela e ile ya ntlafatsa tsela eo re utlwisisang dintho tse ding tsa boprofeta ba Ezekiele ka yona. Buka ena ya Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete e na le dithuto tse ding tse ntlafaditsweng. Leka ho bona hore na o ka kgona ho araba dipotso tse latelang.

Difahleho tse nne tsa mangeloi di emelang?

Tlhaloso ya kgale: Pele ho ne ho thwe difahleho tse nne tsa dikerubime di emela makgabane a Jehova a mane.

Tlhaloso e ntjha: Sefahleho ka seng sa mangeloi ana se emela a mang a makgabane a Jehova a mane empa difahleho tsa ona kaofela di emela makgabane ohle a Jehova. Hape difahleho tsena tse nne di etsa hore re hlokomele boholo ba matla a Jehova le kganya ya hae.

Mabaka: Ka Lentsweng la Modimo nomoro nne hangata e sebediswa ha ho buuwa ka ntho e felletseng. Ka hoo, ha difahleho tsena tse nne di kopane di tshwantshetsa makgabane ohle a Jehova e leng botho ba hae bo hlollang. Mangeloi ao a mane a ne a ena le difahleho tse fapaneng. Se seng e le sa tau, poho, ntsu le sa motho, e leng dibopuwa tse hlomphehang le tse nang le matla. Dibopuwa tsena tse matla tse nne tse tshwantshetswang ke difahleho tse nne tsa dikerubime di ka tlasa terone ya Jehova. Taba ena e bontsha hore Jehova ke Mmusi ya Phahameng ka ho Fetisisa.

Monna ya tshwereng lenaka la enke la mongodi o emela mang?

Tlhaloso ya kgale: Pele ho ne ho thwe monna ya tshwereng lenaka la enke o emela batlotsuwa. Ha ho etswa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele, batlotsuwa ke ha ba tshwaya batho diphatleng bao e tla ba karolo ya “bongata bo boholo.”—Tshen. 7:9.

Tlhaloso e ntjha: Monna ya tshwereng lenaka la enke la mongodi o emela Jesu Kreste. O tla tshwaya batho ba bongata bo boholo ha a ba ahlola e le dinku nakong ya “mahlomola a maholo.”—Mat. 24:21.

Mabaka: Jehova o kgethile Mora wa hae hore e be yena ya ahlolang. (Joh. 5:22, 23) Matheu 25:31-33 e bontsha hore Jesu ke yena ya tla ahlola batho hore na ke “dinku” kapa “dipodi.”

Na matekatse ao e neng e le bana ba motho e leng Ohola le Oholiba ba tshwantshetsa kereke ya Khatholike le ya Maprostanta?

Tlhaloso ya kgale: Pele ho ne ho thwe Ohola (Samaria, motsemoholo wa Iseraele) ke moradi e moholo mme o emela kereke ya Khatholike. Oholiba (Jerusalema, motsemoholo wa Juda) ke moradi e monyenyane mme o emela kereke ya Maprostanta.

Tlhaloso e ntjha: Matekatse ana ha a tshwantshetse kereke le ha e le efe ya Bodumedi ba Bohata. Empa tlaleho ya bona e re ruta hore na Jehova o ikutlwa jwang ha batho ba hae ba neng ba mo tshepahalla ba se ba rapela medimo e meng. O ikutlwa jwalo le ka madumedi ohle a bohata.

Mabaka: Mangolo ha a bontshe hore Ohola le Oholiba ba tshwantshetsa dikereke tsa Bodumedi ba Bohata. Iseraele le Juda e kile ya eba basadi ba tshwantshetso ba tshepahalang ba Jehova empa le ka mohla Bodumedi ba Bohata ha bo eso ka bo eba le kamano e jwalo le Jehova. Taba ya hore batho ba sa tshepahalleng Modimo ba bapiswa le matekatse kgaolong ya 16 le ya 23 bukeng ya Ezekiele, e ne e fana ka tshepo ya hore ba ka fetoha. Empa ha ho na tshepo e jwalo ka Bodumedi ba Bohata e leng Babilona e Moholo.

Na Bodumedi ba Bohata bo tshwantshetsa Jerusalema?

Tlhaloso ya kgale: Pele ho ne ho thwe batho ba sa tshepahaleng ba Jerusalema ba tshwantshetsa dikereke tsa Bodumedi ba Bohata. Ke ka lebaka leo ho neng ho thwe boprofeta bo buang ka ho fediswa ha Jerusalema bo tshwantshetsa ho fediswa ha Bodumedi ba Bohata.

Tlhaloso e ntjha: Dintho tseo batho ba sa tshepahaleng ba dulang Jerusalema ba neng ba di etsa, tse kang ho rapela ditshwantsho le ho etsa tlolo ya molao di re hopotsa Bodumedi ba Bohata. Empa hona jwale ha re sa re Bodumedi ba Bohata bo tshwantshetsa Jerusalema.

Mabaka: Ha ho na Mangolo a bontshang hore Bodumedi ba Bohata bo tshwantshetsa Jerusalema. Ho fapana le batho ba Jerusalema ya boholoholo, batho ba Bodumedi ba Bohata ha ho na mohla ba kileng ba rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Jehova o ile a tshwarela batho ba Jerusalema ka nakwana empa ha ho na tshepo ya hore o tla etsa jwalo ka Bodumedi ba Bohata.

Boprofeta bo buang ka pono ya thota ya masapo a omeletseng bo ile ba phethahala jwang?

Tlhaloso ya kgale: Pele ho ne ho thwe ka 1918 batlotsuwa ba neng ba hloriswa ba ileng ba iswa botlamuweng Babilona e Moholo, ba ile ba shwa ka tsela ya tshwantshetso hobane ho ne ho le thata hore ba sebeletse Jehova. Nako eo ya botlamuwa e nkile nako e kgutshwanyane mme ya fela ka 1919 ha Jehova a ne a ba etsa baboledi ba Mmuso.

Tlhaloso e ntjha: Botlamuwa boo ba tshwantshetso bo nkile nako e telele hobane bo qadile kgale le pele ho 1918. Bo qadile dilemong tsa bo100, ba fella ka selemo sa 1919 mme nako ena e tshwana le nako eo Jesu a ileng a bua ka yona papisong ya koro le mofoka.

Mabaka: Baiseraele ba ile ba ba botlamuweng nako e telele, ho tloha ka selemo sa 740 ho fihlela qetellong ya selemo sa 537 pele ho mehla ya Jesu. Boprofeta ba Ezekiele bo hlalosa masapo ao e le a “omeletseng” kapa a “omeletseng haholo” e leng se bontshang hore e ne e se e le nako e telele haholo beng ba masapo ana ba hlokahetse. Masapo ao a ne a tla boela a phele empa ntho eo e ne e tla etsahala butlebutle.

Ho kopanngwa ha dithupa tse pedi ho bolelang?

Tlhaloso ya kgale: Pele ho ne ho thwe ka mora hore ho be le diqabang ka nako e kgutshwanyane nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe, batlotsuwa ba tshepahalang ba ile ba boela ba sebeletsa Modimo ha mmoho ka 1919.

Tlhaloso e ntjha: Boprofeta bona bo bontsha hore Jehova o tla etsa hore barapedi ba hae ba mo sebeletse ha mmoho. Ka mora 1919, ha nako e ntse e eya batlotsuwa ba ile ba kopana le batho ba bangata ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng. Dihlopha tsena tse pedi di sebeletsa Jehova ha mmoho.

Mabaka: Boprofeta bona ha bo bue ka thupa e le nngwe e ileng ya rojwa hore e be dikoto tse pedi ebe ha morao di a kopanngwa hore e be thupa e le nngwe. Ka hoo, boprofeta bona ha bo bue ka sehlopha se le seng se ileng sa arohana yaba ha morao se a kopanngwa. Ho ena le hoo, ho buuwa ka dihlopha tse pedi tse fapaneng tse ileng tsa kopanngwa hore e be ntho e le nngwe.

Gogo wa Magogo ke mang?

Tlhaloso ya kgale: Pele ho ne ho thwe Gogo wa Magogo ke lebitso le ileng la fuwa Satane ka mora hore a lelekwe lehodimong.

Tlhaloso e ntjha: Gogo wa Magogo ke ditjhaba tse ikopantseng tse tla hlasela barapedi ba nnete nakong ya mahlomola a maholo.

Mabaka: Tsela eo Gogo a hlaloswang ka yona ha ho thwe o tla fuwa dinonyana tse jang nama le hore o tla ba le sebaka sa lepato mona lefatsheng, e bontsha hore Gogo ha se lengeloi. Boprofeta bo buang ka hore Gogo ke ditjhaba tse tlo hlasela batho ba Modimo, bo tshwana le bo hlahang bukeng ya Daniele le ya Tshenolo bo buang ka ho hlaselwa ha batho ba Modimo.—Dan. 11:40, 44, 45; Tshen. 17:14; 19:19.

Na Ezekiele o bone tempele e kgolo ya tshwantshetso eo moapostola Pauluse a ileng a e hlalosa ha morao?

Tlhaloso ya kgale: Pele ho ne ho thwe tempele eo Ezekiele a e boneng e tshwana le tempele ya tshwantshetso eo moapostola Pauluse a ileng a e hlalosa.

Tlhaloso e ntjha: Ezekiele ha a bona tempele ya tshwantshetso e bileng teng ka selemo sa 29 mehleng ya Jesu empa o bone feela pono ya hore na borapedi ba nnete bo hlalositsweng Molaong wa Moshe bo ne bo tla tsosoloswa jwang ka mora hore Bajuda ba kgutle botlamuweng. Ha Pauluse a hlalosa tempele ya tshwantshetso o bua haholo ka mosebetsi oo Jesu a ileng a o etsa e le Moprista ya Phahameng, ho tloha ka selemo sa 29 ho ya ho sa 33. Pono ya Ezekiele ya tempele, ha e bue ka moprista ya phahameng empa e bua ka borapedi ba nnete bo ileng ba tsosoloswa ho tloha ka selemo sa 1919. Ka hoo, ponong ena ya Ezekiele ha re batlane le hore na ntho e itseng e emelang kapa e tshwantshetsang. Ho ena le hoo, re batla ho sheba dintho tseo re ka ithutang tsona tseleng eo Jehova a batlang ho rapelwa ka yona.

Mabaka: Tempele eo Ezekiele a e boneng ponong e fapane le tempele ya tshwantshetso. Ka mohlala, tempeleng eo Ezekiele a e boneng ho etswa mahlabelo a mangata a diphoofolo empa tempeleng ya tshwantshetso, ho fanwe ka sehlabelo se le seng “hanngwe ebile e le la ho qetela.” (Baheb. 9:11, 12) Dilemo tse ngata pele Kreste a tla lefatsheng, e ne e eso be nako ya hore Jehova a hlalose tempele ya hae ya tshwantshetso.