Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 21

“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”

“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”

EZEKIELE 48:35

NTLHA-KHOLO: Khaolo ena e tl’o bua ka hore na motse le monehelo li bolela’ng

1, 2. (a) Ke karolo efe ea naha e khethehileng e neng e lokela ho behelloa ka thoko? (Sheba setšoantšo se ka mor’a buka.) (b) Pono ee e khothatsa Bajuda ba botlamuoeng joang?

 PONONG ea hae ea ho qetela, Ezekiele o bona karolo e itseng ea naha e beheletsoe ka thoko bakeng sa mosebetsi o khethehileng. Karolo eo ha ea behelloa ka thoko bakeng sa leloko le itseng la Baiseraele empa ke monehelo oa Jehova. Ezekiele o boetse o bona motse o nang le lebitso le makatsang. Karolo ena ea pono ea Ezekiele, e khothatsa Bajuda ba botlamuoeng hore Jehova o tla ba le bona ha ba khutlela naheng ea habo bona.

2 Ezekiele o re fa lintlha tse hlakileng tse buang ka naha ena e beheletsoeng ka thoko e le monehelo. A re ke re bueng ka naha ena le hore na e bolela’ng ho rona barapeli ba Jehova.

“Monehelo o Halalelang Hammoho le . . . Motse”

3. Ke likarolo life tse hlano tsa naha tseo Jehova a ileng a li behella ka thoko ’me li ne li sebelisetsoa eng? (Sheba lebokose le reng “Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko.”)

3 Sebaka se khethehileng se ne se e-na le mahlakore a mane a lekanang ’me a le bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13. Karolo ena ea naha e ne e bitsoa “sebaka sohle se fanoeng e le monehelo.” Se ne se arotsoe ka likarolo tse tharo. Karolo e ka holimo e ne e le ea Balevi ’me e mahareng e le ea tempele le baprista. Likarolo tseo tse peli, e ne e le “monehelo o halalelang.” Karolo e nyenyane e tlase kapa “sebaka se setseng” se ne “se tla sebelisoa ke batho bohle.” Sebaka seo e ne e le sa motse.—Ezek. 48:15, 20.

4. Re ithuta’ng tlalehong e buang ka naha e ileng ea fuoa Jehova?

4 Re ithuta’ng tlalehong e buang ka naha e ileng ea fuoa Jehova? Taba ea hore sechaba sa Iseraele se ne se lokela ho qala pele ka ho fa Jehova karolo e itseng ea naha ebe ka mor’a moo ho fuoa maloko a Iseraele, e bontša hore Jehova o ne a batla hore karolo ena ea naha e nkoe e le ea bohlokoa. (Ezek. 45:1) E tlameha ebe Bajuda ba botlamuoeng ba ile ba ithuta lintho tse ngata tseleng eo naha e ileng ea ajoa ka eona. Ho sebeletsa Jehova e ne e lokela ho ba ntho ea bohlokoa bophelong ba bona. Le kajeno re nka ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho ea libokeng le ho ruta batho Bibele e le tsona lintho tsa bohlokoa bophelong ba rona. Jehova o re behela mohlala o motle ka ho etsa lintho tsa bohlokoa pele. Le rona re ka mo etsisa ka ho etsa hore ho mo sebeletsa e be eona ntho ea bohlokoa bophelong ba rona.

“Motse o Tla ba Bohareng ba Sebaka Seo”

5, 6. (a) Motse oo e ne e le oa mang? (b) Motse oo e ne e se eng? Fana ka mabaka.

5 Bala Ezekiele 48:15. Ke’ng e neng e etsa hore “motse” le libaka tse haufi le oona e be tsa bohlokoa? (Ezek. 48:16-18) Ponong Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Sebaka se fuoeng motse . . . e tla ba sa Baiseraele bohle.” (Ezek. 45:6, 7) Kahoo, motse le libaka tse haufi le oona e ne e se “monehelo o halalelang” o neng o tla ‘behelloa ka thoko hore o fuoe Jehova.’ (Ezek. 48:9) Ha re ntse re nahanne ka taba ena, a re bueng ka hore na re ka ithuta’ng ka motse ona mehleng ena.

6 Re lokela ho tseba hore na motse oo e ne e le eng e le hore re tle re fumane lintho tseo re ka ithutang tsona ho oona. E ne e se motse oa Jerusalema o hahiloeng bocha le tempele ea oona. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane motse oo Ezekiele a ileng a o bona ponong o ne o se na tempele. Hape motse ona e ne e se o mong oa metse e neng e le teng naheng e tsosolositsoeng ea Iseraele. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane Bajuda ba tsoang botlamuoeng kapa bana ba bona ha ba e-s’o ka ba haha motse o nang le lintho tse hlalositsoeng ponong ena. Ho ekelletsa moo, motse oo e ne e se motse o leholimong. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane o ne o hahiloe sebakeng se “sebelisoang ke batho bohle [se sa halaleleng.]” Sebaka sena se ne se fapane le sebaka se khethetsoeng borapeli.—Ezek. 42:20.

7. Ezekiele o bone motse ofe ’me ho bonahala eka o ne o tšoantšetsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalang.)

7 Ha e le hantle, ke motse ofe oo Ezekiele a o boneng? Hopola hore o ile a bona motse ona ha a ne a bona pono ea ho arola naha. (Ezek. 40:2; 45:1, 6) Lentsoe la Molimo le bontša hore naha ena ke ea tšoantšetso, kahoo le motse ona e tlameha ebe ke oa tšoantšetso. Ha e le hantle lentsoe “motse” le bolela’ng? Lentsoe lena le etsa hore re nahane ka batho ba lulang hammoho ka tsela e hlophisehileng. Kahoo, ho bonahala eka motse o hahiloeng ka makhethe oo Ezekiele a ileng a o bona, o tšoantšetsa balaoli ba hlophisehileng.

8. Balaoli ba tla be ba okametse bo-mang ’me ke hobane’ng ha re cho joalo?

8 Balaoli ba tla be ba okametse bo-mang? Pono ea Ezekiele e re thusa ho bona hore balaoli ba tla etella pele batho ba sebeletsang Molimo ka tsela eo a e amohelang. Kahoo, kajeno balaoli ba etella pele mosebetsi o etsoang ke batho ba Molimo. Taba ea hore motse ona o naheng ea batho bohle e bolela’ng? Taba ena e re hopotsa hore balaoli bana ha ba etelle lintho pele leholimong empa ba li etella pele mona lefatšeng e le hore ba tle ba thuse batho ba Molimo.

9. (a) Kajeno ke bo-mang ba etellang pele batho ba Molimo lefatšeng? (b) Jesu o tla etsa’ng nakong ea Lilemo Tse Sekete?

9 Ke bo-mang ba tla beng ba etella pele lintho mona lefatšeng? Ponong ea Ezekiele, motho ea neng a etella pele motse o ne a bitsoa “khosana.” (Ezek. 45:7) Khosana e ne e se moprista kapa Molevi empa mosebetsi oa hae e ne e le ho etella batho pele. Khosana ena e etsa hore re nahane ka banna ba etellang pele liphuthehong bao e seng batlotsuoa. Balisa bana ke karolo ea “linku tse ling” ebile ba sebetsa ba ikokobelitse tlas’a puso e leholimong ea Kreste. (Joh. 10:16) Nakong ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla khetha baholo kapa “likhosana” tse tšoanelehang “lefatšeng lohle.” (Pes. 45:16) Ba tla hlokomela batho ba Molimo nakong ea Lilemo Tse Sekete ba tataisoa ke ’Muso o leholimong.

“Jehova o Teng Moo”

10. Motse oo o bitsoa’ng? Lebitso la oona le etsa hore re kholisehe ka eng?

10 Bala Ezekiele 48:35. Lebitso la motse oo ke “Jehova o Teng Moo.” Lebitso leo lea re kholisa hore Jehova o teng motseng oo. Ha Jehova a bontša Ezekiele motse ona o bohareng ba naha, ha e le hantle o ne a re ho Bajuda ba botlamuoeng: ‘Ke tla ba le lona hape!’ Kannete taba ena ea khothatsa.

11. Re ithuta’ng ponong ea Ezekiele e buang ka motse le lebitso la oona?

11 Re ithuta’ng boprofeteng boo ba Ezekiele? Lebitso la motse ona le etsa hore le rona bahlanka ba Molimo kajeno re kholisehe hore Jehova o lula a e-na le bahlanka ba hae ba tšepahalang mona lefatšeng ebile o tla lula a e-na le bona. Lebitso lena le hatisa ntlha ena ea bohlokoa: Motse oo ha oa etsetsoa ho fa balaoli matla empa o etselitsoe ho thusa batho ba Jehova hore ba phele ka melao ea hae e lokileng. Ka mohlala, re ka re Jehova ha aa ka a fa balaoli bao matla a ho arola naha. Empa Jehova o lebeletse hore balaoli ba hlomphe litaelo tsa hae tsa ho arola naha eo a e fileng bahlanka ba hae, ho akareletsa le ‘bafutsana.’—Liprov. 19:17; Ezek. 46:18; 48:29.

12. (a) Ke ntho efe e ikhethang ka motse oo ’me ntho eo e bontša’ng? (b) Pono eo e hopotsa baholo ntlha efe ea bohlokoa?

12 Ke ntho efe e ikhethang ka motse oo o bitsoang “Jehova o Teng Moo”? Metse ea mehleng ea khale e ne e e-na le marako a e sireletsang ebile e e-na le likeiti tse ’maloa feela empa motse ona oona o na le likeiti tse 12. (Ezek. 48:30-34) Likeiti tsena tse ngata (ho ne ho e-na le tse tharo ka mahlakoreng ’ohle a mane a motse) li bontša hore balaoli ba motse oo ke batho ba atamelehang ebile ba lula ba ikemiselitse ho thusa bahlanka bohle ba Molimo. Taba ea hore motse ona o ne o e-na le likeiti tse 12 e ne e bontša hore “Baiseraele bohle” ba ne ba ka kena ho oona. (Ezek. 45:6) Batho ba ne ba ka kena habonolo motseng ona hobane o ne o e-na le likeiti tse ngata. Ntlha ena e ka hopotsa baholo ba Bakreste hore Jehova o batla hore e be batho bao ho leng bonolo ho bua le bona le ba lulang ba ikemiselitse ho thusa bahlanka bohle ba Jehova.

Baholo ke batho bao ho leng bonolo ho buisana le bona ebile ba lula ba ikemiselitse ho thusa batho ba bang (Sheba serapa sa 12)

Batho ba Molimo “ba Tlileng ho Tla mo Rapela” le “ba Sebetsang Motseng”

13. Jehova o re’ng ka mesebetsi e fapaneng eo batho ba neng ba tla e etsa?

13 A re ke re khutleleng mehleng ea Ezekiele ’me re bone lintlha tse ling tseo a li ngotseng ka pono ea ho arola naha. Jehova o bua ka batho ba etsang mesebetsi e fapaneng. Baprista “ba sebeletsang sehalalelong” ba ne ba fana ka mahlabelo ba bile ba sebeletsa Jehova. Balevi e leng “batho ba sebetsang tempeleng” ba ne “ba tla hlokomela mesebetsi eohle e lokelang ho etsoa ho eona.” (Ezek. 44:14-16; 45:4, 5) Pel’a motse ho ne ho tl’o ba le basebetsi. Basebetsi bao ke bo-mang?

14. Batho ba sebetsang pel’a motse ba re hopotsa eng?

14 Basebetsi bao ba tsoa “malokong ’ohle a Iseraele” pel’a motse. Mosebetsi oa bona e ne e le ho tšehetsa batho ba sebetsang motseng. Ba ne ba jala ’me “batho ba sebetsang motseng ba je lihlahisoa” tseo. (Ezek. 48:18, 19) Na taba ee e re hopotsa monyetla oo re nang le oona kajeno? Ho joalo. Kajeno, bahlanka bohle ba lulang naheng ea batho ba Molimo ba na le monyetla oa ho tšehetsa bana ba bo Kreste, e leng batlotsuoa le ho tšehetsa ba bang ba “bongata bo boholo” bao Jehova a ba khethileng hore ba etelle pele. (Tšen. 7:9, 10) Tsela ea bohlokoa eo re ka bontšang hore re tšehetsa ba re etellang pele ka eona ke ka ho mamela litaelo tseo re li fuoang ke mohlanka ea tšepahalang.

15, 16. (a) Re ka ithuta eng hape ponong ea Ezekiele? (b) Ke mesebetsi efe eo re ka e etsang kajeno?

15 Ho na le ntho e ’ngoe ponong ea Ezekiele e ka re thusang ha re ntse re etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. Ke ntho efe? Jehova o re batho ba Iseraele ba sa tsoeng lelokong la Levi ba ne ba tla sebetsa libakeng tse peli: lebaleng la tempele le lekhulong la motse. Ba ne ba etsa’ng libakeng tseo? Lebaleng la tempele maloko ’ohle a ne a tla ‘ho tla rapela’ Jehova le ho mo etsetsa mahlabelo. (Ezek. 46:9, 24) Naheng ea motse maloko ’ohle a ne a tla hore a tl’o tšehetsa motse ka hore a leme naha. Re ka ithuta’ng ho basebetsi baa?

16 Kajeno batho ba bongata bo boholo ba na le monyetla oa ho etsa mosebetsi o tšoanang le o neng o etsoa ponong ea Ezekiele. Ba rapela Jehova “tempeleng ea hae” ha ba mo etsetsa mahlabelo ka ho mo rorisa. (Tšen. 7:9-15) Ba mo rorisa hape ha ba ruta batho Bibele le ha ba nka karolo libokeng tsa Bokreste. Ho sebeletsa Jehova ka tsela ena ke ntho ea bohlokoa bophelong ba bona. (1 Likron. 16:29) Batho ba bang ba tšehetsa mokhatlo oa Molimo ka litsela tse ling tse ngata. Ka mohlala, ba bang ba thusa ka ho haha le ho hlokomela Liholo tsa ’Muso le mehaho ea makala ebile ba thusa ka liprojeke tse ling tse ngata tsa mokhatlo oa Jehova. Ba bang bona ba tšehetsa liprojeke tsena ka menehelo. Ba etsa mesebetsi ena kaofela, e tšoantšoang le ho lema naha e le hore “Molimo a rorisoe.” (1 Bakor. 10:31) Ba etsa mosebetsi oa bona ka mafolo-folo ba bile ba thabile hobane baa tseba hore Jehova “o thabisoa ke mahlabelo a joalo.” (Baheb. 13:16) Uena u tšehetsa mokhatlo oa Jehova ka litsela life?

Re ka ithuta’ng tseleng eo Ezekiele a ileng a hlalosa mesebetsi e neng e etsoa pel’a likeiti tsa motse? (Sheba serapa sa 14 ho ea ho 16)

“Re Lebeletse Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”

17. (a) Boprofeta ba Ezekiele bo tl’o phethahala kaofela joang nakong e tlang? (b) Nakong ea Lilemo Tse Sekete balaoli ba motse ba tla be ba tataisa bo-mang?

17 Na nakong e tlang re tla bona ha boprofeta ba Ezekiele bo buang ka monehelo bo phethahala kaofela? Ho joalo! Nahana ka taba ena: Ezekiele o ile a bona hore sebaka se bitsoang “monehelo o halalelang” se ne se le bohareng ba naha. (Ezek. 48:10) Ka tsela e tšoanang ka mor’a Armagedone, Jehova o tla lula le rona ho sa tsotellehe hore na re hokae lefatšeng. (Tšen. 21:3) Nakong ea Lilemo Tse Sekete, batho ba tšoantšoang le motse oa balaoli, e leng balisa ba tla khethoa hore ba hlokomele batho ba Molimo mona lefatšeng, ba tla etsa mosebetsi o moholo lefatšeng lohle oa ho tataisa batho ba tla beng ba phela ‘lefatšeng le lecha.’—2 Pet. 3:13.

18. (a) Ke hobane’ng ha re kholisehile hore balaoli ba tšoantšoang le motse ba tla etsa liqeto tse thabisang Molimo? (b) Lebitso la motse le etsa hore re kholisehe ka eng?

18 Ke hobane’ng ha re kholisehile hore balaoli ba motse ba tla etsa lintho ka tsela e thabisang Molimo? Ke hobane Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlaka hore motse o lefatšeng o nang le likeiti tse 12 o tšoana le o leholimong o nang le likeiti tse 12, e leng Jerusalema e Ncha e nang le batlotsuoa ba 144 000 ba tla busa le Kreste. (Tšen. 21:2, 12, 21-27) Taba ena e bontša hore balaoli ba mona lefatšeng ba tla phethahatsa liqeto tse entsoeng ke ’Muso oa Molimo o leholimong. Lebitso la motse le reng “Jehova o Teng Moo” lea re kholisa hore borapeli ba ’nete bo tla lula bo le teng Paradeiseng. Kannete ho tla ba monate nakong e tlang!