Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 21

“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”

“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”

EZEKIELE 48:35

NTLHAKGOLO: Kgaolo ena e tlo bua ka hore na motse le monehelo di bolelang

1, 2. (a) Ke karolo efe ya naha e kgethehileng e neng e lokela ho behellwa ka thoko? (Sheba setshwantsho se ka mora buka.) (b) Pono ee e kgothatsa Bajuda ba botlamuweng jwang?

 PONONG ya hae ya ho qetela, Ezekiele o bona karolo e itseng ya naha e beheletswe ka thoko bakeng sa mosebetsi o kgethehileng. Karolo eo ha e a behellwa ka thoko bakeng sa leloko le itseng la Baiseraele empa ke monehelo wa Jehova. Ezekiele o boetse o bona motse o nang le lebitso le makatsang. Karolo ena ya pono ya Ezekiele, e kgothatsa Bajuda ba botlamuweng hore Jehova o tla ba le bona ha ba kgutlela naheng ya habo bona.

2 Ezekiele o re fa dintlha tse hlakileng tse buang ka naha ena e beheletsweng ka thoko e le monehelo. A re ke re bueng ka naha ena le hore na e bolelang ho rona barapedi ba Jehova.

“Monehelo o Halalelang ha Mmoho le . . . Motse”

3. Ke dikarolo dife tse hlano tsa naha tseo Jehova a ileng a di behella ka thoko mme di ne di sebedisetswa eng? (Sheba lebokose le reng “Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko.”)

3 Sebaka se kgethehileng se ne se ena le mahlakore a mane a lekanang mme a le bolelele ba dikhilomithara tse ka bang 13. Karolo ena ya naha e ne e bitswa “sebaka sohle se fanweng e le monehelo.” Se ne se arotswe ka dikarolo tse tharo. Karolo e ka hodimo e ne e le ya Balevi mme e mahareng e le ya tempele le baprista. Dikarolo tseo tse pedi, e ne e le “monehelo o halalelang.” Karolo e nyenyane e tlase kapa “sebaka se setseng” se ne “se tla sebediswa ke batho bohle.” Sebaka seo e ne e le sa motse.—Ezek. 48:15, 20.

4. Re ithutang tlalehong e buang ka naha e ileng ya fuwa Jehova?

4 Re ithutang tlalehong e buang ka naha e ileng ya fuwa Jehova? Taba ya hore setjhaba sa Iseraele se ne se lokela ho qala pele ka ho fa Jehova karolo e itseng ya naha ebe ka mora moo ho fuwa maloko a Iseraele, e bontsha hore Jehova o ne a batla hore karolo ena ya naha e nkwe e le ya bohlokwa. (Ezek. 45:1) E tlameha ebe Bajuda ba botlamuweng ba ile ba ithuta dintho tse ngata tseleng eo naha e ileng ya ajwa ka yona. Ho sebeletsa Jehova e ne e lokela ho ba ntho ya bohlokwa bophelong ba bona. Le kajeno re nka ho ithuta Lentswe la Modimo, ho ya dibokeng le ho ruta batho Bibele e le tsona dintho tsa bohlokwa bophelong ba rona. Jehova o re behela mohlala o motle ka ho etsa dintho tsa bohlokwa pele. Le rona re ka mo etsisa ka ho etsa hore ho mo sebeletsa e be yona ntho ya bohlokwa bophelong ba rona.

“Motse o Tla ba Bohareng ba Sebaka Seo”

5, 6. (a) Motse oo e ne e le wa mang? (b) Motse oo e ne e se eng? Fana ka mabaka.

5 Bala Ezekiele 48:15. Keng e neng e etsa hore “motse” le dibaka tse haufi le wona e be tsa bohlokwa? (Ezek. 48:16-18) Ponong Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Sebaka se fuweng motse . . . e tla ba sa Baiseraele bohle.” (Ezek. 45:6, 7) Ka hoo, motse le dibaka tse haufi le wona e ne e se “monehelo o halalelang” o neng o tla ‘behellwa ka thoko hore o fuwe Jehova.’ (Ezek. 48:9) Ha re ntse re nahanne ka taba ena, a re bueng ka hore na re ka ithutang ka motse ona mehleng ena.

6 Re lokela ho tseba hore na motse oo e ne e le eng e le hore re tle re fumane dintho tseo re ka ithutang tsona ho wona. E ne e se motse wa Jerusalema o hahilweng botjha le tempele ya wona. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ke hobane motse oo Ezekiele a ileng a o bona ponong o ne o se na tempele. Hape motse ona e ne e se o mong wa metse e neng e le teng naheng e tsosolositsweng ya Iseraele. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ke hobane Bajuda ba tswang botlamuweng kapa bana ba bona ha ba eso ka ba haha motse o nang le dintho tse hlalositsweng ponong ena. Ho ekelletsa moo, motse oo e ne e se motse o lehodimong. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ke hobane o ne o hahilwe sebakeng se “sebediswang ke batho bohle [se sa halaleleng.]” Sebaka sena se ne se fapane le sebaka se kgethetsweng borapedi.—Ezek. 42:20.

7. Ezekiele o bone motse ofe mme ho bonahala eka o ne o tshwantshetsang? (Sheba setshwantsho se qalang.)

7 Ha e le hantle, ke motse ofe oo Ezekiele a o boneng? Hopola hore o ile a bona motse ona ha a ne a bona pono ya ho arola naha. (Ezek. 40:2; 45:1, 6) Lentswe la Modimo le bontsha hore naha ena ke ya tshwantshetso, ka hoo le motse ona e tlameha ebe ke wa tshwantshetso. Ha e le hantle lentswe “motse” le bolelang? Lentswe lena le etsa hore re nahane ka batho ba dulang ha mmoho ka tsela e hlophisehileng. Ka hoo, ho bonahala eka motse o hahilweng ka makgethe oo Ezekiele a ileng a o bona, o tshwantshetsa balaodi ba hlophisehileng.

8. Balaodi ba tla be ba okametse bomang mme ke hobaneng ha re tjho jwalo?

8 Balaodi ba tla be ba okametse bomang? Pono ya Ezekiele e re thusa ho bona hore balaodi ba tla etella pele batho ba sebeletsang Modimo ka tsela eo a e amohelang. Ka hoo, kajeno balaodi ba etella pele mosebetsi o etswang ke batho ba Modimo. Taba ya hore motse ona o naheng ya batho bohle e bolelang? Taba ena e re hopotsa hore balaodi bana ha ba etelle dintho pele lehodimong empa ba di etella pele mona lefatsheng e le hore ba tle ba thuse batho ba Modimo.

9. (a) Kajeno ke bomang ba etellang pele batho ba Modimo lefatsheng? (b) Jesu o tla etsang nakong ya Dilemo Tse Sekete?

9 Ke bomang ba tla beng ba etella pele dintho mona lefatsheng? Ponong ya Ezekiele, motho ya neng a etella pele motse o ne a bitswa “kgosana.” (Ezek. 45:7) Kgosana e ne e se moprista kapa Molevi empa mosebetsi wa hae e ne e le ho etella batho pele. Kgosana ena e etsa hore re nahane ka banna ba etellang pele diphuthehong bao e seng batlotsuwa. Badisa bana ke karolo ya “dinku tse ding” ebile ba sebetsa ba ikokobeditse tlasa puso e lehodimong ya Kreste. (Joh. 10:16) Nakong ya Dilemo Tse Sekete, Jesu o tla kgetha baholo kapa “dikgosana” tse tshwanelehang “lefatsheng lohle.” (Pes. 45:16) Ba tla hlokomela batho ba Modimo nakong ya Dilemo Tse Sekete ba tataiswa ke Mmuso o lehodimong.

“Jehova o Teng Moo”

10. Motse oo o bitswang? Lebitso la wona le etsa hore re kgodisehe ka eng?

10 Bala Ezekiele 48:35. Lebitso la motse oo ke “Jehova o Teng Moo.” Lebitso leo le a re kgodisa hore Jehova o teng motseng oo. Ha Jehova a bontsha Ezekiele motse ona o bohareng ba naha, ha e le hantle o ne a re ho Bajuda ba botlamuweng: ‘Ke tla ba le lona hape!’ Ka nnete taba ena e a kgothatsa.

11. Re ithutang ponong ya Ezekiele e buang ka motse le lebitso la wona?

11 Re ithutang boprofeteng boo ba Ezekiele? Lebitso la motse ona le etsa hore le rona bahlanka ba Modimo kajeno re kgodisehe hore Jehova o dula a ena le bahlanka ba hae ba tshepahalang mona lefatsheng ebile o tla dula a ena le bona. Lebitso lena le hatisa ntlha ena ya bohlokwa: Motse oo ha o a etsetswa ho fa balaodi matla empa o etseditswe ho thusa batho ba Jehova hore ba phele ka melao ya hae e lokileng. Ka mohlala, re ka re Jehova ha a ka a fa balaodi bao matla a ho arola naha. Empa Jehova o lebeletse hore balaodi ba hlomphe ditaelo tsa hae tsa ho arola naha eo a e fileng bahlanka ba hae, ho akareletsa le ‘bafutsana.’—Diprov. 19:17; Ezek. 46:18; 48:29.

12. (a) Ke ntho efe e ikgethang ka motse oo mme ntho eo e bontshang? (b) Pono eo e hopotsa baholo ntlha efe ya bohlokwa?

12 Ke ntho efe e ikgethang ka motse oo o bitswang “Jehova o Teng Moo”? Metse ya mehleng ya kgale e ne e ena le marako a e sireletsang ebile e ena le dikeiti tse mmalwa feela empa motse ona wona o na le dikeiti tse 12. (Ezek. 48:30-34) Dikeiti tsena tse ngata (ho ne ho ena le tse tharo ka mahlakoreng ohle a mane a motse) di bontsha hore balaodi ba motse oo ke batho ba atamelehang ebile ba dula ba ikemiseditse ho thusa bahlanka bohle ba Modimo. Taba ya hore motse ona o ne o ena le dikeiti tse 12 e ne e bontsha hore “Baiseraele bohle” ba ne ba ka kena ho wona. (Ezek. 45:6) Batho ba ne ba ka kena ha bonolo motseng ona hobane o ne o ena le dikeiti tse ngata. Ntlha ena e ka hopotsa baholo ba Bakreste hore Jehova o batla hore ebe batho bao ho leng bonolo ho bua le bona le ba dulang ba ikemiseditse ho thusa bahlanka bohle ba Jehova.

Baholo ke batho bao ho leng bonolo ho buisana le bona ebile ba dula ba ikemiseditse ho thusa batho ba bang (Sheba serapa sa 12)

Batho ba Modimo “ba Tlileng ho Tla mo Rapela” le “ba Sebetsang Motseng”

13. Jehova o reng ka mesebetsi e fapaneng eo batho ba neng ba tla e etsa?

13 A re ke re kgutleleng mehleng ya Ezekiele mme re bone dintlha tse ding tseo a di ngotseng ka pono ya ho arola naha. Jehova o bua ka batho ba etsang mesebetsi e fapaneng. Baprista “ba sebeletsang sehalalelong” ba ne ba fana ka mahlabelo ba bile ba sebeletsa Jehova. Balevi e leng “batho ba sebetsang tempeleng” ba ne “ba tla hlokomela mesebetsi yohle e lokelang ho etswa ho yona.” (Ezek. 44:14-16; 45:4, 5) Pela motse ho ne ho tlo ba le basebetsi. Basebetsi bao ke bomang?

14. Batho ba sebetsang pela motse ba re hopotsa eng?

14 Basebetsi bao ba tswa “malokong ohle a Iseraele” pela motse. Mosebetsi wa bona e ne e le ho tshehetsa batho ba sebetsang motseng. Ba ne ba jala mme “batho ba sebetsang motseng ba je dihlahiswa” tseo. (Ezek. 48:18, 19) Na taba ee e re hopotsa monyetla oo re nang le wona kajeno? Ho jwalo. Kajeno, bahlanka bohle ba dulang naheng ya batho ba Modimo ba na le monyetla wa ho tshehetsa bana ba bo Kreste, e leng batlotsuwa le ho tshehetsa ba bang ba “bongata bo boholo” bao Jehova a ba kgethileng hore ba etelle pele. (Tshen. 7:9, 10) Tsela ya bohlokwa eo re ka bontshang hore re tshehetsa ba re etellang pele ka yona ke ka ho mamela ditaelo tseo re di fuwang ke mohlanka ya tshepahalang.

15, 16. (a) Re ka ithuta eng hape ponong ya Ezekiele? (b) Ke mesebetsi efe eo re ka e etsang kajeno?

15 Ho na le ntho e nngwe ponong ya Ezekiele e ka re thusang ha re ntse re etsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. Ke ntho efe? Jehova o re batho ba Iseraele ba sa tsweng lelokong la Levi ba ne ba tla sebetsa dibakeng tse pedi: lebaleng la tempele le lekgulong la motse. Ba ne ba etsang dibakeng tseo? Lebaleng la tempele maloko ohle a ne a tla ‘ho tla rapela’ Jehova le ho mo etsetsa mahlabelo. (Ezek. 46:9, 24) Naheng ya motse maloko ohle a ne a tla hore a tlo tshehetsa motse ka hore a leme naha. Re ka ithutang ho basebetsi baa?

16 Kajeno batho ba bongata bo boholo ba na le monyetla wa ho etsa mosebetsi o tshwanang le o neng o etswa ponong ya Ezekiele. Ba rapela Jehova “tempeleng ya hae” ha ba mo etsetsa mahlabelo ka ho mo rorisa. (Tshen. 7:9-15) Ba mo rorisa hape ha ba ruta batho Bibele le ha ba nka karolo dibokeng tsa Bokreste. Ho sebeletsa Jehova ka tsela ena ke ntho ya bohlokwa bophelong ba bona. (1 Dikron. 16:29) Batho ba bang ba tshehetsa mokgatlo wa Modimo ka ditsela tse ding tse ngata. Ka mohlala, ba bang ba thusa ka ho haha le ho hlokomela Diholo tsa Mmuso le mehaho ya makala ebile ba thusa ka diprojeke tse ding tse ngata tsa mokgatlo wa Jehova. Ba bang bona ba tshehetsa diprojeke tsena ka menehelo. Ba etsa mesebetsi ena kaofela, e tshwantshwang le ho lema naha e le hore “Modimo a roriswe.” (1 Bakor. 10:31) Ba etsa mosebetsi wa bona ka mafolofolo ba bile ba thabile hobane ba a tseba hore Jehova “o thabiswa ke mahlabelo a jwalo.” (Baheb. 13:16) Wena o tshehetsa mokgatlo wa Jehova ka ditsela dife?

Re ka ithutang tseleng eo Ezekiele a ileng a hlalosa mesebetsi e neng e etswa pela dikeiti tsa motse?(Sheba serapa sa 14 ho ya ho 16)

“Re Lebelletse Mahodimo a Matjha le Lefatshe le Letjha”

17. (a) Boprofeta ba Ezekiele bo tlo phethahala kaofela jwang nakong e tlang? (b) Nakong ya Dilemo Tse Sekete balaodi ba motse ba tla be ba tataisa bomang?

17 Na nakong e tlang re tla bona ha boprofeta ba Ezekiele bo buang ka monehelo bo phethahala kaofela? Ho jwalo! Nahana ka taba ena: Ezekiele o ile a bona hore sebaka se bitswang “monehelo o halalelang” se ne se le bohareng ba naha. (Ezek. 48:10) Ka tsela e tshwanang ka mora Armagedone, Jehova o tla dula le rona ho sa tsotellehe hore na re hokae lefatsheng. (Tshen. 21:3) Nakong ya Dilemo Tse Sekete, batho ba tshwantshwang le motse wa balaodi, e leng badisa ba tla kgethwa hore ba hlokomele batho ba Modimo mona lefatsheng, ba tla etsa mosebetsi o moholo lefatsheng lohle wa ho tataisa batho ba tla beng ba phela ‘lefatsheng le letjha.’—2 Pet. 3:13.

18. (a) Ke hobaneng ha re kgodisehile hore balaodi ba tshwantshwang le motse ba tla etsa diqeto tse thabisang Modimo? (b) Lebitso la motse le etsa hore re kgodisehe ka eng?

18 Ke hobaneng ha re kgodisehile hore balaodi ba motse ba tla etsa dintho ka tsela e thabisang Modimo? Ke hobane Lentswe la Modimo le bontsha ka ho hlaka hore motse o lefatsheng o nang le dikeiti tse 12 o tshwana le o lehodimong o nang le dikeiti tse 12, e leng Jerusalema e Ntjha e nang le batlotsuwa ba 144 000 ba tla busa le Kreste. (Tshen. 21:2, 12, 21-27) Taba ena e bontsha hore balaodi ba mona lefatsheng ba tla phethahatsa diqeto tse entsweng ke Mmuso wa Modimo o lehodimong. Lebitso la motse le reng “Jehova o Teng Moo” le a re kgodisa hore borapedi ba nnete bo tla dula bo le teng Paradeiseng. Ka nnete ho tla ba monate nakong e tlang!