Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 1B

Kakaretso ya Ezekiele

Kakaretso ya Ezekiele

Buka ya Ezekiele e arotswe tjena:

KGAOLO YA 1 HO YA HO YA 3

Ka selemo sa 613 pele ho mehla ya Jesu ha Ezekiele a ntse a le botlamuweng Babilona le Bajuda, o ile a bontshwa dipono ke Jehova a ba a rongwa hore a yo profetela Bajuda ba dulang pela noka ya Kebare.

KGAOLO YA 4 HO YA HO YA 24

Pakeng tsa selemo sa 613 le sa 609 pele ho mehla ya Jesu, Ezekiele o fetisa boprofeta bo buang haholo ka dikotlo tse tla tlela Jerusalema ka lebaka la baahi ba yona ba marabele ba rapelang ditshwantsho.

KGAOLO YA 25 HO YA HO YA 32

Maqalong a selemo sa 609 pele ho mehla ya Jesu, e leng selemo sa ho qetela ha Babilona e thibetse Jerusalema, Ezekiele o ile a emisa ho fetisa molaetsa wa kahlolo o yang Jerusalema empa a o lebisa ho Ammone, Edomo, Egepeta, Moabe, Filistia, Sidone le Tire.

KGAOLO YA 33 HO YA HO YA 48

Ka selemo sa 606 pele ho mehla ya Jesu ha Jerusalema le tempele ya yona e ntse e le dithako, Ezekiele o bua haholo ka molaetsa o fanang ka tshepo wa hore borapedi ba nnete ba Jehova Modimo bo tla tsosoloswa.

Buka ya Ezekiele e ngotswe ho latela hore na dintho di etsahetse neng le hore na ho buuwa ka eng. Boprofeta bo bongata bo buang ka ho timetswa ha Jerusalema le tempele ya yona bo hlaha pele ho boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete. Taba ena e a utlwahala hobane boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete bo supa hore borapedi ba nnete bo ne bo se bo le siyo.

Ho ekelletsa moo, boprofeta ba Ezekiele bo buang ka ditjhaba tse neng di hloile batho ba Modimo (bo hlahang kgaolong ya 25 ho ya ho ya 32) bo hlaha pakeng tsa melaetsa ya kahlolo e yang Jerusalema le boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete. Ha moithuti e mong wa Bibele a bua ka melaetsa ya kahlolo ya Ezekiele e yang ditjhabeng tse ding, o ile a re: “Melaetsa ena e latellana ka tsela e hlakileng hobane boprofeta bona bo bua ka nako eo Modimo a neng a halefetse setjhaba sa hae ho fihlela a se hauhela. Le taba ya hore Jehova o ile a otla dira tsa Baiseraele e bontsha hore o ile a ba hauhela hobane o ne a etsa jwalo ho ba lopolla.”

Kgutlela kgaolong ya 1, serapeng sa 18