Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 2A

Utlwisisa Boprofeta ba Ezekiele

Utlwisisa Boprofeta ba Ezekiele

BOPROFETA KE ENG?

Ka Bibeleng, lentswe la Seheberu na·vaʼʹ, le bolelang “ho profeta” le sebediswa haholo ha ho buuwa ka molaetsa, kahlolo, thuto kapa taelo e tswang ho Modimo. Le ka boela la bolela ho phatlalatsa ntho eo e leng hona e tla etsahala. Boprofeta ba Ezekiele bo akareleditse dintho tsohle tse hlalositsweng ka hodimo.—Ezek. 3:10, 11; 11:4-8; 14:6, 7; 37:9, 10; 38:1-4.

MEKGWA YA HO FETISA BOPROFETA

  • DIPONO

  • MEHLALA

  • DITSHWANTSHISO

Ka bukeng ya Ezekiele ho na le dipono, mehlala, dipapiso le ditshwantshiso tsa melaetsa ya boprofeta.

PHETHAHATSO

Ka dinako tse ding boprofeta ba Ezekiele ha bo phethahale hanngwe feela. Ka mohlala, boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete bo ile ba phethahala ha batho ba Modimo ba kgutlela Naheng e Tshepisitsweng. Empa Kgaolong ya 9 ya buka ena, re tla ithuta hore boprofeta boo bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete bo a phethahala mehleng ena ebile bo tla boela bo phethahale hape le ka moso.

Nakong e fetileng, re ne re nka hore dikarolo tse mmalwa tsa boprofeta ba Ezekiele di emela ntho e nngwe e kgolwanyane e tla phethahala le ka moso. Le ha ho le jwalo, bukeng ena ha ho na moo ho thweng motho, ntho, sebaka kapa ketsahalo e hlahang boprofeteng e emela ntho e itseng e etsahalang hona jwale kapa e tla etsahala ka tsela e kgolwanyane nakong e tlang ntle le haeba ho ena le lebaka le utlwahalang le hlahang ka Mangolong la hore re dumele seo. a Ho ena le hoo, buka ena e tlo bua haholo ka ho phethahala ha ditaba tse ngata tse hlahang boprofeteng ba Ezekiele. Hape e tlo bua ka hore na re ithutang melaetseng ya Ezekiele le hore na re ithutang ka batho, dibaka le diketsahalo tseo a buileng ka tsona.

a Bala Molula-Qhooa wa March 15, 2015, leq. 9-10, ser. 7-12 le “Dipotso Tse Tswang ho Babadi,” leq. 17-18 la Molula-Qhooa o tshwanang e le hore o ithute ka boprofeta bo tla phethahala ka tsela e kgolwanyane.