Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 4A

Ke ne ke “Shebile Mangeloi”

Ke ne ke “Shebile Mangeloi”

Ezekiele o ile a bona liemahale tsa lipoho tse kholo le litau tse nang le lihlooho tsa batho li eme li katile ka pel’a matlo a borena le litempele. Liemahale tseo li ne li fumaneha Asiria le Babilona ea mehleng ea khale. Joaloka batho ba bang, e ka ’na eaba o ne a ema a sheba liemahale tsena tse kholo tse tšosang tse bolelele ba limithara tse 6. Ho sa tsotellehe hore na liemahale tseo li ne li shebahala li le matla hakae, li ne li sa phele ebile li entsoe ka majoe.

Ho fapana le liemahale tseo tse sa pheleng, Ezekiele ponong o bone mangeloi a phelang. Phapang e kaalo! Pono eo e ile ea mo ama hoo a ileng a sebelisa lentsoe “mangeloi” kapa “libopuoa tse phelang” joalokaha naletsana e bontša, ka makhetlo a fetang 11 qalong ea boprofeta ba hae. (Ezek. 1:5-22) Ka mor’a hore Ezekiele a bone mangeloi tlas’a terone ea Molimo a ea nģa e le ’ngoe ka nako e tšoanang, e tlameha ebe o ile a utloisisa ka tsela e hlakileng hore Jehova o laola lintho tsohle tseo a li bopileng. Le rona kajeno rea hlolloa ha re nahana ka pono ea Ezekiele, re bona boholo le matla a Jehova le boholo ba puso ea hae.—1 Likron. 29:11.