Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 4A

Ke ne ke “Shebile Mangeloi

Ke ne ke “Shebile Mangeloi

Ezekiele o ile a bona diemahale tsa dipoho tse kgolo le ditau tse nang le dihlooho tsa batho di eme di katile ka pela matlo a borena le ditempele. Diemahale tseo di ne di fumaneha Asiria le Babilona ya mehleng ya kgale. Jwalo ka batho ba bang, e ka nna yaba o ne a ema a sheba diemahale tsena tse kgolo tse tshosang tse bolelele ba dimithara tse 6. Ho sa tsotellehe hore na diemahale tseo di ne di shebahala di le matla hakae, di ne di sa phele ebile di entswe ka majwe.

Ho fapana le diemahale tseo tse sa pheleng, Ezekiele ponong o bone mangeloi a phelang. Phapang e kaalo! Pono eo e ile ya mo ama hoo a ileng a sebedisa lentswe “mangeloi” kapa “dibopuwa tse phelang” jwalo ka ha naletsana e bontsha, ka makgetlo a fetang 11 qalong ya boprofeta ba hae. (Ezek. 1:5-22) Ka mora hore Ezekiele a bone mangeloi tlasa terone ya Modimo a ya nqa e le nngwe ka nako e tshwanang, e tlameha ebe o ile a utlwisisa ka tsela e hlakileng hore Jehova o laola dintho tsohle tseo a di bopileng. Le rona kajeno re a hlollwa ha re nahana ka pono ya Ezekiele, re bona boholo le matla a Jehova le boholo ba puso ya hae.—1 Dikron. 29:11.