Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 10C

Jehova o re Thusa Hore re Eme Hape

Jehova o re Thusa Hore re Eme Hape

RE KA matlafatsoa ke ho nahanisisa ka thuto eo re e fumanang ponong e lengolong la Ezekiele 37:1-14. Thuto eo re ka e sebelisa bophelong ba rona ha re e-na le mathata. Ke thuto efe?

Ka linako tse ling re ka utloa re nyahame ka lebaka la mathata ao re thulanang le ’ona ebe re utloa re sa khone ho etsa letho. Leha ho le joalo, ha re ikutloa joalo, re ka matlafatsoa ke ho nahanisisa ka tlhaloso ea pono ea Ezekiele ea ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Boprofeteng boo, rea ithuta hore Molimo ea khonang ho tsosa masapo a omeletseng, a ka re fa matla ao re a hlokang ho hlola mathata a rona ao ka botho ho ka bonahalang eka re ke ke ra a hlola.—Bala Pesaleme ea 18:29; Bafil. 4:13.

Lilemo tse ngata pele ho mehla ea Ezekiele, moprofeta Moshe o ile a re Jehova o na le matla ebile o batla ho a sebelisa molemong oa batho ba hae. Moshe o ile a re: “Haesale Molimo e le setšabelo ho tloha khale, matsoho a hae a tla lula a le tlas’a hao ka ho sa feleng.” (Deut. 33:27) Re ka kholiseha hore haeba re kopa hore Jehova a re thuse ha re e-na le mathata, o tla lula a re tšehelitse a be a re thuse hore re eme hape.—Ezek. 37:10.