Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 15A

Matekatse ao e Leng Bana ba Motho

Matekatse ao e Leng Bana ba Motho

Ho Ezekiele kgaolo ya 23, ho buuwa ka kahlolo e bohloko eo batho ba Modimo ba e fumanang ka lebaka la ho se tshepahale. Kgaolo ena e tshwana haholo le kgaolo ya 16. Le ho kgaolo ya 23 Jehova o etsa mohlala ka basadi ba matekatse bao e leng bana ba motho. Jerusalema ho thwe ke mosadi e monyenyane mme Samaria ke mosadi e moholo. Dikgaolo tseo ka bobedi di bontsha ka moo mosadi e monyenyane a ileng a latela ausi wa hae ka ho etsa botekatse a ba a etsa dintho tse mpe le boitshwaro bo bobe ho feta ausi wa hae. Kgaolong ya 23, Jehova o reha basadi bana ba babedi mabitso: Lebitso la mosadi e moholo ke Ohola e leng Samaria motsemoholo wa mmuso wa Iseraele wa maloko a leshome. Lebitso la mosadi e monyenyane ke Oholiba e leng Jerusalema motsemoholo wa Juda. aEzek. 23:1-4.

Dikgaolo tsena tse pedi di na le dintho tse ding tseo di tshwanang ka tsona. Tse ka sehloohong ke tsena: Matekatse ao a qala e le basadi ba Jehova ebe ha morao a a mo fetohela. Empa ho na le tshepo. Kgaolo ya 23 ha e bue hakaalo ka tshepo ya hore a tla fetoha empa e tshwana le kgaolo ya 16 ha Jehova a re: “Ke tla fedisa boitshwaro ba hao bo bobe le botekatse ba hao.”—Ezek. 16:16, 20, 21, 37, 38, 41, 42; 23:4, 11, 22, 23, 27, 37.

Na ba Tshwantshetsa Bodumedi ba Bohata?

Nakong e fetileng, dingolwa tsa rona di ne di re Ohola le Oholiba ba tshwantshetsa bodumedi ba bohata e leng kereke ya Khatholike le ya Maprostanta. Le ha ho le jwalo, ka mora hore re rapele le ho etsa dipatlisiso, re ile ra ipotsa dipotso tse ngata. Na bodumedi ba bohata e kile ya eba mosadi wa Jehova wa tshwantshetso? Na o kile a etsa selekane le yena? Ho hang. Bodumedi ba bohata bo ne bo eso ka bo eba teng ha Jesu a etsa “selekane se setjha” le Bakreste ba batlotsuwa ebile bodumedi ba bohata ha e eso ka e eba karolo ya batlotsuwa bao. (Jer. 31:31; Luka 22:20) Bodumedi ba bohata bo bile teng ka mora hore baapostola ba hlokahale. Bodumedi ba bohata bo bile teng dilemong tsa bo300 e le bakwenehi ba tshwantshetswang ke “mofoka” boprofeteng ba Jesu bo buang ka koro le mofoka.—Mat. 13:24-30.

Phapang e nngwe e teng pakeng tsa Ohola le Oholiba le bodumedi ba bohata ke ena: Jehova o ne a ena le tshepo ya hore batho ba Jerusalema le ba Samaria ba sa tshepahaleng ba tla fetoha. (Ezek. 16:41, 42, 53-55) Na Bibele e re Modimo o na le tshepo e tshwanang ka bodumedi ba bohata? Tjhe! Bodumedi bona ba bohata e leng Babilona e Moholo ha bo na tshepo ho hang.

Ka hoo, Ohola le Oholiba ha ba tshwantshetse bodumedi ba bohata. Le ha ho le jwalo, basadi bana ba re thusa ho utlwisisa ntho e nngwe ya bohlokwa: E leng hore na Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba senyang lebitso la hae le halalelang le ba sa mo rapeleng ka tsela eo a e amohelang. Bodumedi ba bohata bo na le molato o moholo tabeng ena hobane dikereke tsa bona tse ngata di re di emela Modimo wa nnete. Hape di re Jesu Kreste Mora wa Jehova eo a mo ratang ke moetapele wa tsona. Empa batho ba dikereke ba a bontsha hore taba eo ha se nnete ka hore ba re Jesu ke karolo ya boraro bo teroneng le ka ho se mamele taelo ya hae e hlakileng ya hore ba se ke ba eba “ba lefatshe.” (Joh. 15:19) Ka ha bodumedi ba bohata bo tswela pele ho rapela ditshwantsho le ho kenella dipolotiking bo a bontsha hore ke karolo ya “letekatse le leholo.” (Tshen. 17:1) Jwang kapa jwang bodumedi ba bohata bo lokela ho fediswa.

a Mabitso ana ke a bohlokwa. Ohola e bolela “Tente ya Hae [ya Borapedi].” Ho hlakile hore mona ho buuwa ka tsela eo Iseraele e ileng ya iketsetsa dibaka tsa yona tsa borapedi ho ena le ho sebedisa tempele ya Jehova e Jerusalema. Oholiba yona e bolela “Tente ya ka [ya Borapedi] e ho Yena.” Tempele ya Jehova e ne e le Jerusalema.