Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 16A

Na Bolumeli ba Bohata bo Tšoantšetsa Jerusalema?

Na Bolumeli ba Bohata bo Tšoantšetsa Jerusalema?

Nakong e fetileng lingoloa tsa rona li ne li re Jerusalema e emela Bolumeli ba Bohata. Lintho tse neng li etsahala Jerusalema tse akareletsang borapeli ba litšoantšo le tlolo ea molao li re hopotsa lintho tse etsahalang Bolumeling ba Bohata mehleng ena. Morao tjena ha lingoloa tsa rona, ho akareletsa le ena eo u e balang li bua ka litlaleho tsa boprofeta, ha li sa re ntho e itseng boprofeteng ba Bibele e emela ntho e itseng ntle le ha Bibele e bontša ka ho hlaka hore ehlile ho joalo. Na Bibele e fana ka mabaka a hlakileng a hore Bolumeli ba Bohata bo emela Jerusalema? Che.

Nahana ka taba ena: Pele Jerusalema e ne e le sebaka seo Jehova a neng a rapeloa ho sona ka tsela eo a e amohelang empa hamorao baahi ba eona e ile ea e-ba bakoenehi. Empa likereke tsa bohata le ka mohla ha li e-s’o ka li rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Haesale bolumeli ba bohata bo ruta lithuto tsa leshano ho tloha ha bo ne bo qala lilemong tsa bo-300.

Ho ekeletsa moo, ka mor’a hore Jerusalema e felisoe ke Bababilona, Jehova o ile a tsosolosa motse ona ’me ea e-ba sebaka seo Jehova a rapeloang ho sona ka tsela eo a e amohelang. Ha ho mohla Molimo a ileng a amohela Bolumeli ba Bohata. Ha bo se bo felisitsoe ka mahlomola a maholo, bo ke ke ba hlola bo e-ba teng hape.

Re ka re re ithuta’ng linthong tsee tseo re seng re buile ka tsona? Ha re hlahloba boprofeta ba Bibele bo ileng ba phethahala ka Jerusalema, re ka ’na ra re, ‘Ntho ena e tšoana le lintho tseo re li bonang bolumeling ba bohata kajeno.’ Empa ha ho na moo Bibele e fanang ka bopaki ba hore Bolumeli ba Bohata bo emela Jerusalema.