Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 16A

Na Bodumedi ba Bohata bo Tshwantshetsa Jerusalema?

Na Bodumedi ba Bohata bo Tshwantshetsa Jerusalema?

Nakong e fetileng dingolwa tsa rona di ne di re Jerusalema e emela Bodumedi ba Bohata. Dintho tse neng di etsahala Jerusalema tse akareletsang borapedi ba ditshwantsho le tlolo ya molao di re hopotsa dintho tse etsahalang Bodumeding ba Bohata mehleng ena. Morao tjena ha dingolwa tsa rona, ho akareletsa le ena eo o e balang di bua ka ditlaleho tsa boprofeta, ha di sa re ntho e itseng boprofeteng ba Bibele e emela ntho e itseng ntle le ha Bibele e bontsha ka ho hlaka hore ehlile ho jwalo. Na Bibele e fana ka mabaka a hlakileng a hore Bodumedi ba Bohata bo emela Jerusalema? Tjhe.

Nahana ka taba ena: Pele Jerusalema e ne e le sebaka seo Jehova a neng a rapelwa ho sona ka tsela eo a e amohelang empa ha morao baahi ba yona e ile ya eba bakwenehi. Empa dikereke tsa bohata le ka mohla ha di eso ka di rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Haesale bodumedi ba bohata bo ruta dithuto tsa leshano ho tloha ha bo ne bo qala dilemong tsa bo300.

Ho ekeletsa moo, ka mora hore Jerusalema e fediswe ke Bababilona, Jehova o ile a tsosolosa motse ona mme ya eba sebaka seo Jehova a rapelwang ho sona ka tsela eo a e amohelang. Ha ho mohla Modimo a ileng a amohela Bodumedi ba Bohata. Ha bo se bo fedisitswe ka mahlomola a maholo, bo ke ke ba hlola bo eba teng hape.

Re ka re re ithutang dinthong tsee tseo re seng re buile ka tsona? Ha re hlahloba boprofeta ba Bibele bo ileng ba phethahala ka Jerusalema, re ka nna ra re, ‘Ntho ena e tshwana le dintho tseo re di bonang bodumeding ba bohata kajeno.’ Empa ha ho na moo Bibele e fanang ka bopaki ba hore Bodumedi ba Bohata bo emela Jerusalema.