Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 18A

Jehova o Lemosa Batho ka Ntoa e Kholo e Tlang

Jehova o Lemosa Batho ka Ntoa e Kholo e Tlang

Bibele e na le boprofeta bo bongata bo lemosang batho ka ntoa e kholo ea Jehova e tlang, e tl’o felisa batho ba mo hanyetsang le ba hanyetsang batho ba hae. Bo bong ba boprofeta boo bo hlaha mangolong ana a ka tlase. Hlokomela hore na litemana tsena li tšoana ka eng u be u hlokomele hore Jehova o entse bonnete ba hore batho bohle ba fumana monyetla oa ho utloa litemoso tseo ’me ba fetohe.

MEHLENG EA BAISERAELE

EZEKIELE: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke tla etsa hore [Gogo] a loantšoe lithabeng tsohle tsa ka.’”—Ezek. 38:18-23.

JEREMIA: “[Jehova] o tla ahlola batho bohle ka boeena. O tla nehelana ka ba khopo hore ba bolaoe ka sabole.”—Jer. 25:31-33.

DANIELE: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o . . . tla silakanya o felise mebuso ena kaofela.”—Dan. 2:44.

MEHLENG EA BAAPOSTOLA

JESU: “Ho tla ba le mahlomola a maholo. A kang ’ona ha a e-s’o be teng ho tloha ha lefatše le thehoa.”—Mat. 24:21, 22.

PAULUSE: ‘Jesu . . . le mangeloi a hae a matla . . . ba tla tlela ho iphetetsa ho batho ba sa tsebeng Molimo.’—2 Bathes. 1:6-9.

PETROSE: “Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu, . . . ’me lefatše le lintho tse ho lona li tla chesoa.”—2 Pet. 3:10.

JOHANNE: “Molomong oa [Jesu] ho tsoa sabole e telele e bohale eo a tl’o bolaea lichaba ka eona.”—Tšen. 19:11-18.

MEHLENG EA RONA

Bibele ke eona buka e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata haholo lefatšeng ebile batho ba bangata ba na le eona

BAHLANKA BA JEHOVA MEHLENG ENA . . . 

  • Ba fana ka lingoloa tse libilione tse thusang batho ho ithuta Bibele ka lipuo tse ngata

  • Selemo le selemo ba qeta lihora tse limilione ba ruta batho ka Bibele