Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 18A

Jehova o Lemosa Batho ka Ntwa e Kgolo e Tlang

Jehova o Lemosa Batho ka Ntwa e Kgolo e Tlang

Bibele e na le boprofeta bo bongata bo lemosang batho ka ntwa e kgolo ya Jehova e tlang, e tlo fedisa batho ba mo hanyetsang le ba hanyetsang batho ba hae. Bo bong ba boprofeta boo bo hlaha mangolong ana a ka tlase. Hlokomela hore na ditemana tsena di tshwana ka eng o be o hlokomele hore Jehova o entse bonnete ba hore batho bohle ba fumana monyetla wa ho utlwa ditemoso tseo mme ba fetohe.

MEHLENG YA BAISERAELE

EZEKIELE: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke tla etsa hore [Gogo] a lwantshwe dithabeng tsohle tsa ka.’”—Ezek. 38:18-23.

JEREMIA: “[Jehova] o tla ahlola batho bohle ka boyena. O tla nehelana ka ba kgopo hore ba bolawe ka sabole.”—Jer. 25:31-33.

DANIELE: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o . . . tla silakanya o fedise mebuso ena kaofela.”—Dan. 2:44.

MEHLENG YA BAAPOSTOLA

JESU: “Ho tla ba le mahlomola a maholo. A kang ona ha a eso be teng ho tloha ha lefatshe le thehwa.”—Mat. 24:21, 22.

PAULUSE: ‘Jesu . . . le mangeloi a hae a matla . . . ba tla tlela ho iphetetsa ho batho ba sa tsebeng Modimo.’—2 Bathes. 1:6-9.

PETROSE: “Letsatsi la Jehova le tla tla jwalo ka leshodu, . . . mme lefatshe le dintho tse ho lona di tla tjheswa.”—2 Pet. 3:10.

JOHANNE: “Molomong wa [Jesu] ho tswa sabole e telele e bohale eo a tlo bolaya ditjhaba ka yona.”—Tshen. 19:11-18.

MEHLENG YA RONA

Bibele ke yona buka e fetoletsweng ka dipuo tse ngata haholo lefatsheng ebile batho ba bangata ba na le yona

BAHLANKA BA JEHOVA MEHLENG ENA . . .

  • Ba fana ka dingolwa tse dibilione tse thusang batho ho ithuta Bibele ka dipuo tse ngata

  • Selemo le selemo ba qeta dihora tse dimilione ba ruta batho ka Bibele