Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 19A

Dinoka Tse Tlisang Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Jehova

Dinoka Tse Tlisang Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Jehova

A re bueng ka ditemana tsa Bibele tse sebedisang mantswe “noka” le “metsi” ha di bua ka ditlhohonolofatso tse tswang ho Jehova. Ha re bala ditemana tsena kaofela, re a kgothala ha re hlokomela ka moo Jehova a re hlohonolofatsang ka teng. Jwang?

JOELE 3:18 Boprofeta bona bo re ho tla ba le sediba tempeleng. Se tla nosetsa “Kgohlo ya Difate Tsa Leoka” e omeletseng. Ka hoo, Joele le Ezekiele ka bobedi ba bona noka e tlisang bophelo sebakeng se omeletseng. Boprofeteng ba Joele le ba Ezekiele, noka e hlaha e tswa ntlong ya Jehova kapa tempeleng.

ZAKARIA 14:8 Moprofeta Zakaria o bona “metsi a phedisang” a phallang a tswa motseng wa Jerusalema. Halofo e nngwe ya metsi e ya lewatleng le ka botjhabela kapa Lewatleng le Shweleng mme halofo e nngwe e ya lewatleng le ka bophirimela kapa Lewatleng la Mediterranean. Jerusalema e ne e le “motse wa Morena e moholo” e leng Jehova Modimo. (Mat. 5:35) Ha Zakaria a bua ka motse oo o re hopotsa hore Jehova ke yena ya tlo busa lefatshe lohle nakong e tlang. Pele re ne re utlwisisa hore metsi ao ho buuwang ka wona boprofeteng bona a bolela hore Jehova o tla hlohonolofatsa dihlopha tse pedi tsa batho ba tshepahalang Paradeiseng, e leng batho ba tla pholoha mahlomola a maholo le ba tla tsoswa ka mora moo.

TSHENOLO 22:1, 2 Moapostola Johanne o bona noka ya tshwantshetso e batlileng e tshwana le eo Ezekiele a e boneng. Empa yona e tswa teroneng ya Jehova eseng tempeleng. Jwalo ka ponong ya Zakaria, pono ena le yona e hatisa ntlha ya hore Jehova o tlo hlohonolofatsa batho ha Mmuso wa hae o se o busa nakong ya Dilemo Tse Sekete.

Ho na le phapang e nyenyane pakeng tsa ditlhohonolofatso tse tliswang ke puso ya Jehova le tse tshwantshetswang ke noka eo Ezekiele a e boneng ponong. Ditlhohonolofatso tsena kaofela di tswa ho Jehova mme o di fa batho bohle ba tshepahalang.

PESALEME YA 46:4 Hlokomela hore temana ena e bua ka dintho tse pedi e leng borapedi le puso. Mona ho buuwa ka noka e thabisang “motse wa Modimo” e bolelang Mmuso le puso ha mmoho le “tabernakele e kgolo e halalelang ya ya Phahameng ka ho Fetisisa,” e leng borapedi ba nnete.

Mangolo ana kaofela a etsa hore re kgodisehe hore Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba tshepahalang ka ditsela tse pedi. Mmuso wa Modimo le dintho tseo a re etseditseng tsona tse re thusang hore re mo rapele ka tsela eo a e amohelang di tla re tswela molemo ka ho sa feleng. A re ikemisetseng ho dula re batla “metsi a bophelo” e leng dintho tseo Jehova Modimo le Mora wa hae ba re fang tsona, tse re thusang hore re tle re fumane bophelo bo sa feleng.—Jer. 2:13; Joh. 4:10.