Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 21A

“Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko”

“Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko”

EZEKIELE 48:8

A re ke re boneng naha eo Jehova a e beheletseng ka thoko. E na le likarolo tse hlano. Ke likarolo life? Mosebetsi oa tsona ke ofe?

A. “Monehelo”

Sebakeng sena ho etsoa mosebetsi oa ho tataisa le ho busa.

EZEK. 48:8

B. “Sebaka Sohle se Fanoeng e le Monehelo”

Sebaka sena se beheletsoe ka thoko bakeng sa baprista, Balevi le motse. Hape batho bohle ba tsoang malokong a 12 ba kena sebakeng sena ho tla rapela Jehova le ho tšehetsa batho ba etellang pele.

EZEK. 48:20

C. “Sebaka sa Khosana”

“Karolo ena e tla ba lefa la hae naheng ea Iseraele.” “E tla ba sa khosana.”

EZEK. 45:7, 8; 48:21, 22

D. “Monehelo o Halalelang”

Sebaka sena se boetse se bitsoa “karolo e halalelang.” Karolo e ka holimo ke ea “Balevi.” Sebaka seo ‘sea halalela.’ Karolo e mahareng ke “monehelo o halalelang oa baprista.” “Ke moo matlo a bona le sebaka se halalelang sa tempele li tla ba teng” kapa tempeleng.

EZEK. 45:1-5; 48:9-14

E. “Sebaka se Setseng”

“E tla ba sa Baiseraele bohle” ’me “se tla sebelisoa ke batho bohle e le makhulo ba be ba hahe matlo ho sona.”

EZEK. 45:6; 48:15-19