Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 21A

“Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko”

“Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko”

EZEKIELE 48:8

A re ke re boneng naha eo Jehova a e beheletseng ka thoko. E na le dikarolo tse hlano. Ke dikarolo dife? Mosebetsi wa tsona ke ofe?

A. “Monehelo”

Sebakeng sena ho etswa mosebetsi wa ho tataisa le ho busa.

EZEK. 48:8

B. “Sebaka Sohle se Fanweng e le Monehelo”

Sebaka sena se beheletswe ka thoko bakeng sa baprista, Balevi le motse. Hape batho bohle ba tswang malokong a 12 ba kena sebakeng sena ho tla rapela Jehova le ho tshehetsa batho ba etellang pele.

EZEK. 48:20

C. “Sebaka sa Kgosana”

“Karolo ena e tla ba lefa la hae naheng ya Iseraele.” “E tla ba sa kgosana.”

EZEK. 45:7, 8; 48:21, 22

D. “Monehelo o Halalelang”

Sebaka sena se boetse se bitswa “karolo e halalelang.” Karolo e ka hodimo ke ya “Balevi.” Sebaka seo ‘se a halalela.’ Karolo e mahareng ke “monehelo o halalelang wa baprista.” “Ke moo matlo a bona le sebaka se halalelang sa tempele di tla ba teng” kapa tempeleng.

EZEK. 45:1-5; 48:9-14

E. “Sebaka se Setseng”

“E tla ba sa Baiseraele bohle” mme “se tla sebediswa ke batho bohle e le makgulo ba be ba hahe matlo ho sona.”

EZEK. 45:6; 48:15-19